Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Aug. 1
“Na ua lumela hore ho phetha taelo ee ea Jesu ho ka tlatsetsa thabong ea lelapa? [Bala Johanne 13:34. Emela karabo.] Sehlooho sena se bontša kamoo lithuto tsa Jesu le mohlala oa hae li sebetsang kateng sethong se seng le se seng sa lelapa.” Buella sehlooho se leqepheng la 16 le la 17.
Tsoha! Aug.
“Na u bona eka mebuso ea batho e tla khona ho rarolla bothata ba ho futhumala ha lefatše? [Emela karabo. Ebe u bala Jeremia 10:23.] U tla thabela ho bala sehlooho sena. Se bontša kamoo Molimo a tla rarolla mathata a tjametseng lefatše lena.”
Molula-Qhooa Sept. 1
“Batho ba bangata ba tseba mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:9. [E bale.] Empa, ba bangata ba thatafalloa ke ho atamela ho Molimo joaloka Ntate. Ebe u bona eka re ka atamela ho Molimo joang? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa Ntate oa rōna ea leholimong le hore na re ka hla ra mo tseba joang.”
Tsoha! Sept.
“Ka lilemo tse makholo, batho ba ’nile ba phehisana mabapi le hore na ho etsahala’ng ka batho ba shoeleng. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Hlokomela tšepo eo Jobo a ileng a bua ka eona. [Bala Jobo 14:14, 15.] Lihlooho tsena li bontša hore na Bibele e reng ka batho ba shoeleng.”