Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Aug. 15
“Batho ba bangata ba boulella botumo ba bona bo botle. Ebile ba bang ba ipotsa hore na ba tla hopoloa joang mohla ba shoang. Na u kile ua nahana ka seo? [Emela karabo. Ebe u bala Moeklesia 7:1.] Molula-Qhooa ona o tšohla kamoo re ka iketsetsang lebitso le letle ho batho le ho Molimo.”
Molula-Qhooa Sept. 1
“Batho ba bangata ba nahana hore malumeli a sa tšoaneng a batho e mpa e le litsela tse fapaneng tse lebisang pakaneng e le ’ngoe. Ba bang ba lumela hore ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete. Na u kile ua nahana ka see? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla papiso ea boholo-holo e hlakisang potso ena.” Totobatsa Matheu 13:24-30.
Tsoha! Sept. 8
“Lifeshene li na le tšusumetso e matla bophelong ba batho ba bangata kajeno. Ba bangata ba lumela hore batho ba khathatsehile haholo ka seo ba se aparang le kamoo ba shebahalang kateng. U ikutloa joang? [Emela karabo.] Tsoha! ena e tšohla pono e leka-lekaneng mabapi le feshene.” Bala Bakolose 3:12.
Nehelano e ’ngoe: “Haeba setho sa lelapa leno kapa uena u kile ua hlorisoa ke ’mampoli, ua tseba hore na ke ntho e bohloko hakae. [Emela karabelo.] Tsoha! ena e fana ka litlhahiso tse sebetsang bakeng sa batho ba hlorisoang ke bo-’mampoli. E boetse e tšohla tšepiso ea Molimo ea nako eo ka eona bophelo bo ke keng ba hlola bo e-ba le mathata a joalo.” Bala Mikea 4:4.