“Etsa Lintho Tsohle ka Lebaka la Litaba Tse Molemo”
1. ’Moleli oa ’Muso o ikemiselitse ho etsetsa ba bang eng, hona hobane’ng?
1 Moapostola Pauluse o ne a lumela hore o na le boikarabelo ba ho bolella ba bang litaba tse molemo. (1 Bakor. 9:16, 19, 23) Ka tsela e tšoanang, kaha re amehile ka hore batho ba rue molemo ka ho sa feleng, re batla ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho ba bolella litaba tse molemo.
2. Ha re bolela litaba tse molemo, re ikemiselitse ho etsa liphetoho life, hona hobane’ng?
2 Bolela Litaba Tse Molemo Moo Batho ba Leng Teng le ka Nako eo ba Fumanehang ka Eona: Motšoasi ea hloahloa oa litlhapi ha a lahlele lesika kapa letlooa la hae moo a ratang kapa ka nako eo a e ratang, empa o le lahlela moo ho ka etsahalang hore a fumane litlhapi teng le ka nako e loketseng. Kaha le rōna re “batšoasi ba batho,” ho ka ’na ha hlokahala hore re fetole maoa e le hore re ka fumana batho tšimong ’me re thabele ho bokella “litlhapi tsa mofuta o mong le o mong.” (Mat. 4:19; 13:47) Na re ka etela batho malapeng mantsiboea kapa ra paka seterateng esale hoseng? Pauluse o ne a ikemiselitse “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo,” ’me a sebelisa monyetla o mong le o mong ho etsa joalo.—Lik. 17:17; 20:20, 24.
3, 4. Ha re le tšebeletsong, re ka fetola maoa joang, ’me liphello e ka ba life?
3 Nyalanya Molaetsa oa Hao le Maemo a Batho: Hangata batšoasi ba litlhapi ba fetola maoa e le hore ba ka tšoasa litlhapi tse itseng. Re ka bolela litaba tse molemo tsa ’Muso joang ka mokhoa o tla etsa hore batho ba tšimong ea habo rōna ba o thahaselle? Re tlameha ho kenyelletsa taba eo batho ka kakaretso ba tšoenyehileng ka eona re sa ba khopise ebe re mamelisisa seo ba se buang. (Jak. 1:19) Mohlomong re ka botsa hore na ba ikutloa joang ka taba eo. (Liprov. 20:5) Ka tsela ena re tla khona ho fetola seo re se buang e le hore se ba ame ka ho toba. Pauluse o ile a fetoha “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” (1 Bakor. 9:22) Ho hlokahala hore re ikamahanye le maemo a batho e le hore re ka ba finyella lipelo.
4 Ruri hoa thabisa ho bolella batho “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” (Esa. 52:7) E se eka re ka “etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo” e le hore re ka li bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng.—1 Bakor. 9:23.