Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/13 maq. 3-4
  • Mamela ’me U Ithute

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamela ’me U Ithute
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U se U Itokiselitse Mokete oa Lijo Tsa Moea?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • ‘Mamela ’me U Amohele Taeo e Eketsehileng’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • ‘Bokella Sechaba’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 4/13 maq. 3-4

Mamela ’me U Ithute

1. Ke hobane’ng ha ho ka hlokahala boikitlaetso hore re mamele ’me re ithute likopanong tsa setereke?

1 Kaha likopano tsa setereke tsa 2013 li tla tloha li qala, ho entsoe boikitlaetso bo boholo ba ho lokisetsa lenaneo leo ho lona ho tla tšohloa litlhoko tse teng tšimong ea lefatše lohle. Na u entse litokisetso tsa ho ba teng ka matsatsi ʼohle a mararo a kopano? Likopanong tse khōlō ho ba le litšitiso tse ngata. Ka lebaka lena, ho hlokahala boiteko bo eketsehileng ba hore motho a mamele lenaneo ka hloko. Kaha lenaneo le nka nako e telele ho feta liboka tsa phutheho, ho hlokahala hore motho a lule a tsepamisitse mohopolo ka nako e telele. Ho phaella moo, leeto la ho ea kopanong le mabaka a mang li ka baka mokhathala. Ke eng e tla re thusa hore re lule re falimehile e le hore re ka mamela ’me ra ithuta?—Deut. 31:12.

2. Re ka lokisa lipelo tsa rōna joang bakeng sa lenaneo la kopano?

2 Pele Kopano e Qala: Websaete ea rōna e molaong ea www.pr2711.com/st, e hlahisa lenaneo la machaba la likopano (linako tsa lenaneo la rōna li bontšitsoe ka tlaase), ʼme le akarelletsa lihlooho tsa lipuo tsohle le lengolo kapa a mabeli a sehlooho bakeng sa puo ka ʼngoe. Haeba re khona ho kena Inthaneteng, re tla rua molemo haeba re hlahloba boitsebiso bona esale pele e le hore re lokise lipelo tsa rōna bakeng sa lipuo tse tla fanoa. (Esdr. 7:10) Mohlomong mantsiboeeng a borapeli ba lelapa, le ka ipha nako ea ho tsosa tjantjello bakeng sa lenaneo la kopano.

3. Ke eng e tla re thusa hore re mamele ka hloko?

3 Nakong ea Lenaneo: Ha ho khoneha, ho ka ba molemo ho ea matloaneng pele lenaneo le qala. Haeba maemo a lumela, tima selefouno ea hao e le hore nakong ea lenaneo ho se ke ha e-ba le batho ba u letsetsang kapa ba u romellang melaetsa kapa hore le uena u se ke ua romella ba bang melaetsa. Haeba u tlameha hore u se ke ua tima founo ea hao, e sete ka tsela e ke keng ea ferekanya ba bang haeba ho e-na le motho ea u letsetsang. Haeba u sebelisa tablet nakong ea lenaneo, e sebelise ka tsela e ke keng ea sitisa ba bang ho mamela. Qoba ho ja kapa ho noa nakong ea lenaneo. (Moek. 3:1) Tsepamisa mahlo ho sebui. Ha ho baloa lengolo, bala hammoho le sebui Bibeleng ea hao. Ngola lintlha tse khutšoanyane.

4. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba mamele ’me ba ithute?

4 Re boetse re rata hore bana ba rōna ba mamele ka hloko ’me ba ithute. Liproverbia 29:15 e re: “Moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.” Kahoo, ke hantle hore lelapa le lule hammoho e le hore batsoali ba ka etsa bonnete ba hore bana ba bona ba mametse lenaneo ka hloko ho e-na le hore ebe baa bua, ba romellana melaetsa, kapa ba tletsetletse hohle. Esita le haeba bana ba le banyenyane haholo hore ba utloisise ntho e ʼngoe le e ʼngoe, ba ka koetlisetsoa hore ba se ke ba robala ’me ba lule ba thotse.

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore le tšohle lenaneo, hona see le ka se etsa joang?

5 Ka Mor’a Hore Lenaneo le Fele Letsatsi ka Leng: Fihlang hae ka nako. Robalang ka nako e le hore le phomole ka ho lekaneng. Ho tšohla lintlha tseo le ithutileng tsona kopanong, ho tla etsa hore le lule le li hopola. Ka lebaka leo, ho ka ba molemo hore le iphe nako ea ho tšohla lenaneo le le lelapa mantsiboea a mang le a mang. Haeba le e-ea reschorenteng le metsoalle, mohlomong le ka nka libuka tseo le ngotseng lintlha ho tsona e le hore le e’o qoqa ka lintlha tse seng kae tseo le li thabetseng haholo. Ha le khutlela lapeng ka mor’a kopano, le ka ipha nako mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa hore le buisane ka hore na le ka sebelisa boitsebiso boo le ithutileng bona joang. Hape le ka ipha nako beke e ʼngoe le e ʼngoe ho hlahloba karolo e itseng ea likhatiso leha e le life tse lokolotsoeng kopanong.

6. Na ho lekane ho ba teng feela kopanong? Hlalosa.

6 Haeba motho a e-ea moketeng ’me a sa je, seo ha se mo thuse ka letho. Re ka bolela se tšoanang ka lijo tsa moea tse tla tekoa kopanong ea setereke. E se eka re ka rua molemo ka ho feletseng ka hore re be teng lenaneong lohle la kopano, re mamele ka hloko ’me re sebelise seo re ithutang sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela