Buella Sehlooho se le Seng, Empa U Siee Limakasine Tse Peli
Makasine ka ’ngoe ea rōna e na le lihlooho tse ’maloa tse thahasellisang. Ho e-na le ho buella lihlooho tse ngata ntlong ka ’ngoe ho ka ba molemo ho buella sehlooho se le seng. Haeba re le batho ba falimehetseng maemo re bile re tseba limakasine tsa rōna hantle re tla khetha lihlooho tseo beng ba matlo ba ka li thahasellang limakasineng tsa rōna tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka mohlala, haeba re bona lintho tsa bana tsa ho bapala, re ka ’na ra khetha ho bua ka sehlooho se buang ka lelapa. Haeba re buleloa monyako ke monna re ka ’na re khetha ho bua le eena ka lintho tseo banna ba li ratang, tse kang puso e molemo. Le hoja re ka buella sehlooho se le seng re lokela ho itloaetsa ho siela mong’a ntlo limakasine tse peli haeba a thahasella.