Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tsamaea Hang-hang?
Ha re le sebokeng sa tšimo, re ba har’a barab’abo rōna ’me ka tloaelo re rata ho qoqa. Leha ho le joalo, hang ha seboka se fela, re lokela ho tsamaea re ee tšimong hang-hang. Mosebetsi oa rōna oa boboleli o potlakile. (2 Tim. 4:2) Ha re lieha ho tsamaea re tla sebetsa nako e fokolang tšimong. Re tla ba le nako e ngata ea ho buisana ka lintho tse hahang le bahoeletsi ba bang ha re ntse re sebetsa hammoho tšimong. Ha re tsamaea kapele ka mor’a seboka sa tšimo, seo se tla be se bontša hore re batho ba mafolofolo ha re ntse re sebeletsa Jehova le mora oa hae joaloka makhoba.—Bar. 12:11.