Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 125
  • Ho Ratana—Karolo ea 3: Na re Lokela ho Tlohela ho Ratana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ratana—Karolo ea 3: Na re Lokela ho Tlohela ho Ratana?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho sebetsana le lipelaelo
  • Ho etsa qeto e nepahetseng
  • Haeba u etsa qeto ea hore le arohane
  • Nka Qala ho Laetsana Neng?
    Tsoha!—2007
  • Ho Intša ka Sekhukhu—Ho Kotsi Hakae?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na Motho eo o Ntoketse?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na Lipaki Tsa Jehova li na le Melao eo li Lokelang ho e Latela ha li Ratana?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 125
Ngoanana o shebile senepe sa hae le mohlankana oa hae fonong.

BACHA BAA BOTSA

Ho Ratana—Karolo ea 3: Na re Lokela ho Tlohela ho Ratana?

E se e le nako joale le ratana empa u se u qala ho ba le lipelaelo. Na le lokela ho tsoela pele le ratana kapa le lokela ho arohana? Sehlooho sena se ka u thusa hore u etse qeto e nepahetseng.

Seo re tl’o ithuta sona sehloohong sena

  • Ho sebetsana le lipelaelo

  • Ho etsa qeto e nepahetseng

  • Haeba u etsa qeto ea hore le arohane

Ho sebetsana le lipelaelo

Ka mor’a ho ratana ka nakoana, mohlankana le moroetsana ba ka ’na ba hlokomela hore ha ba tšoane joalokaha ba ne ba nahana. Ka mohlala:

  • E mong o rata ho ea maoatleng ha e mong eena a rata ho hloa lithaba.

  • E mong ke motho oa batho ha e mong eena a thabela ho ba mong.

  • E mong boholo ba nako ha a tšepahale ha e mong eena a lula a tšepahala.

Hlokomela hore maemo ana kaofela a fapane. Boemo ba pele bo akaretsa lithahasello tse fapaneng, boemo ba bobeli bo akaretsa mekhoa e fapaneng, ha boemo ba boraro bona bo akaretsa ho se nke melao ea Bibele ea boitšoaro ka tsela e tšoanang.

Seo u ka nahanang ka sona: Har’a maemo aa a mararo, ke boemo bofe boo u bonang eka ho ka ba thata ho bo mamella ha le ne le ka nyalana? Hona ke bofe boo le neng le ka tenyetseha ho bona?

Monna le mosali ba ntse ba ka thaba lenyalong leha ba e-na le lithahasello kapa mekhoa e fapaneng. Ho bua ’nete feela, hore le tšoanelehe ho nyalana ha ho bolele hore le lokela ho tšoana ka lintho tsohle. Maemong a mang, monna le mosali ba ka thabela lintho tseo e mong a li thabelang le ho rua molemo tseleng eo e mong a etsang lintho ka eona.a

Ka lehlakoreng le leng, ke habohlokoa hore motho eo u tla nyalana le eena a nke melao ea Bibele ea boitšoaro ka ho teba joaloka uena. Haeba a sa etse joalo, seo ke letšoao la hore le lokela ho arohana.

Ka mohlala, nahana haeba le le bolumeling bo fapaneng. Buka ea Fighting for Your Marriage e re: “Lipatlisiso li bontša hore hangata ha monna le mosali ba le bolumeling bo fapaneng ba qetella ba hlalane.”

Molao-motheo oa Bibele: ‘Le se ke la kena jokong le batho bao e seng balumeli. Ha se ntho e ka etsahalang kapa leseli le lefifi li kopana hokae?’—2 Bakorinthe 6:14.

Ho etsa qeto e nepahetseng

Bibele e re batho ba kenang lenyalong “ba tla ba le mathata a mangata.” (1 Bakorinthe 7:28) Ka hona u se ke oa makala haeba le e-na le mathata hona joale leferehong la lona.

U se ke oa nahana hore liqabang tse nyenyane tseo le bang le tsona li bolela hore le lokela ho arohana. Taba ea bohlokoa ke hore na le tla khona ho li rarolla. Le tla lokela ho ba le bokhoni ba ho rarolla liqabang ha le se le nyalane.

Molao-motheo oa Bibele: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo le be le tšoarelane ka bolokolohi.”—Baefese 4:32.

Ka lehlakoreng le leng, haeba le lula le e-ba le liqabang tse kholo sena se ka bontša hore ehlile ha le tšoanelane. Haeba ho joalo, ho ka ba molemo hore le bone pele le nyalana hore na lea tšoanelana kapa che.

Litšoantšo: Ngoanana ea hlahileng setšoantšong se ka holimo, o nahana ka liqabang tseo ba bileng le tsona le mohlankana oa hae. 1. Mohlankana oa hae o shebile fono ’me o iphapanyelitse eena. 2. Mohlankana oa hae o ngangisana le eena ha ba ntse ba reka liaparo. 3. Ngoanana o mo bontša nako eo a fihlileng ka eona.

Haeba le lula le e-ba le liqabang tse kholo sena se ka bontša hore ehlile ha le tšoanelane

Ntlha ea bohlokoa: Haeba u e-na le lipelaelo ka motho eo u ratanang le eena kapa u sa kholiseha hore na u se u loketse ho kena lenyalong, u se ke oa iphapanyetsa taba eo.

Molao-motheo oa Bibele: “ Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata empa ba se nang kelello ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.”—Liproverbia 22:3.

A light bulb.

Keletso: Haeba u e-na le lipelaelo kapa u sa kholiseha ka lefereho la hao, kopa keletso ho motho ea holileng tsebong ea seng a nyetse. Ke ’nete hore motho eo a ke ke a u etsetsa liqeto empa o tla u fa likeletso tse ka u thusang kaha eena o se a fetile boemong bo tšoanang le ba hao.—Liproverbia 11:14.

Haeba u etsa qeto ea hore le arohane

Ho arohana le motho eo u ratanang le eena ho ka ’na ha u utloisa bohloko. Leha ho le joalo, haeba e mong oa lona kapa le le babeli le lula le e-na le lipelaelo ka lefereho la lona, ho ka ba molemo hore le arohane.

Le ka etsa’ng haeba le nka qeto ea ho arohana? Ntle le haeba ho e-na le lebaka le utloahalang, ho ka ba molemo hore le se ke la arohana ka ho romela melaetsa kapa le letsetsana. Ho e-na le hoo, khethang nako le sebaka se nepahetseng hore le buisane ka taba ena.

Ngoanana o ntse a bua le mohlankana oa hae ’me ba lutse ka ntle reschurenteng.
A light bulb.

Keletso: Ha le ntse le buisana ka taba eo, u se ke oa hlaba e mong ka mantsoe empa ka nako e tšoanang u bue ka kholiseho. Ha ho hlokahale hore u bue ka liphoso tseo e mong a li entseng empa u bue ka hore na ke hobane’ng ha uena u bona hore lefereho la lona le lokela ho fela.

Molao-motheo oa Bibele: “Le bolellane ’nete.”—Zakaria 8:16.

Na ho arohana le motho eo u ratanang le eena ho bolela hore u ke ke oa hlola u fumana motho e mong? Ha ho joalo. Hopola hore lefereho ke lona le u thusang ho bona hore na u ka nyalana le motho eo u ratanang le eena kapa che. Ka hona le haeba lefereho la lona le ka fela, u ntse u ka ithuta lintho tsa bohlokoa ho se etsahetseng.

Ipotse: ‘Ke ne ke le motho ea joang ha ke ntse ke le leferehong leo? Na ho na le lintho tseo ke lokelang ho ntlafatsa ho tsona pele nka kena lenyalong? Nka etsa lintho ha molemo joang haeba ke etsa qeto ea ho ratana hape?’

a Ho ithuta ka ho eketsehileng ka hore na ho se utloisisane ho ama monna le mosali joang, bala sehlooho se re’ng: “Se ka Thusang Lelapa—Ho Sebetsana le ho se Tšoane” le se re’ng: “Se ka Thusang Lelapa—U ka Etsa’ng Hore u Tlohele Bohale?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela