Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwfq sehlooho 62
  • Ho Etsahala’ng Lenyalong la Lipaki Tsa Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala’ng Lenyalong la Lipaki Tsa Jehova?
  • Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho etsahala’ng moketeng oa lenyalo?
  • Manyalo a Lipaki Tsa Jehova a tšoareloa hokae?
  • Ke bo mang ba ka eang lenyalong?
  • Na ho na le tsela eo batho ba lokelang ho apara ka eona?
  • Na ho tla fanoa ka limpho?
  • Na ho otlangoa likhalase?
  • Na ho tla akheloa raese kapa confetti ho monyali le monyaluoa?
  • Na ho tla ba le lijo le se nooang?
  • Na ho tla ba le ’mino le tantše?
  • Na Lipaki Tsa Jehova li etsa mokete oa ho ikhopotsa lenyalo la bona?
  • Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Machato a Thabisang a Hlomphang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Machato a Tlotlisang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
ijwfq sehlooho 62
Monyali le monyaluoa ba nyalana sebakeng se ka ntle. Monyali o kenya monyaluoa reng.

Ho Etsahala’ng Manyalong a Lipaki Tsa Jehova?

Hangata manyalong a Lipaki Tsa Jehova ho ba le mokete o seng moholo, o hlomphehang ’me ho ba le puo e khutšoanyane e thehiloeng Bibeleng. Ka mor’a puo, banyalani ba ka ’na ba khetha sebaka seo ba tla ea ho sona e le lelapa le metsoalle ho tsoellisa mokete oa bona pele ’me ba tla ja hammoho.a Jesu le eena o ile a ea moketeng o joalo o neng o le motseng o bitsoang Kana.​—Johanne 2:​1-11.

  • Ho etsahala’ng moketeng oa lenyalo?

  • Manyalo a Lipaki Tsa Jehova a tšoareloa hokae?

  • Ke bo mang ba ka eang lenyalong?

  • Na ho na le tsela eo batho ba lokelang ho apara ka eona?

  • Na ho tla fanoa ka limpho?

  • Na ho otlangoa likhalase?

  • Na ho tla akheloa raese kapa confetti ho monyali le monyaluoa?

  • Na ho tla ba le lijo le se nooang?

  • Na ho tla ba le ’mino le tantše?

  • Na Lipaki Tsa Jehova li etsa mokete oa ho ikhopotsa lenyalo la bona?

Ho etsahala’ng moketeng oa lenyalo?

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa moketeng oa lenyalo ke puo ea lenyalo e nkang metsotso e ka bang 30 ’me e fanoa ke e mong oa baholo ba phutheho ea Lipaki Tsa Jehova. Puo eo e hlakisa hantle hore na Bibele e ka thusa banyalani bao joang hore ba be le lenyalo le tšoarellang, ba lule ba ratana le hore ba lule ba thabile.​—Baefese 5:33.

Linaheng tse ngata, ’muso o lumella baholo ba Lipaki Tsa Jehova hore ba nyalise batho ka molao. Kahoo ha puo e se e ntse e tl’o fela, banyalani baa ikana. Ba ka boela ba kenyana lireng. Joale moholo ea khethiloeng hore a nyalise ka molao o tla phatlalatsa hore e se e le monna le mosali.

Linaheng tse ling, molao o laela hore ba boholong pusong ke bona ba lokelang ho nyalisa ’me ba etsetsa seo ofising ea ’muso. Baratani ba tla ea ofising ea ’muso pele, ebe ba fumana puo ea lenyalo hamorao. Haeba monyali le monyaluoa ba sa ka ba ikana ha ba nyalana ka molao, ba ka etsa seo ha puo ea lenyalo e se e ntse e tl’o fela ’me haeba ba ile ba ikana ofising ea ’muso ba ka bua likano tsa bona ka tsela e bontšang hore ba ikana lekhetlo la bobeli. Puo e tla qetella ka thapelo moo ho tla kopuoa Molimo hore a hlohonolofatse banyalani bana ba bacha.

Manyalo a Lipaki Tsa Jehova a tšoareloa hokae?

Lipaki Tsa Jehova tse ngata li khetha ho tšoarela lenyalo la tsona Holong ea Lipaki Tsa Jehova haeba ho na le e fumanehang.b Haeba banyalani ba khetha ho ba le mokete ka mor’a moo, ba tla khetha sebaka se seng moo ba tla o tšoarela teng.

Monyali le monyaluoa ba nyalana Holong ea Lipaki Tsa Jehova. Moholo oa Lipaki Tsa Jehova o fana ka puo ea lenyalo e thehiloeng Bibeleng.

Ke bo mang ba ka eang lenyalong?

Haeba lenyalo le tla tšoareloa Holong ea Lipaki Tsa Jehova, hangata ho tla motho e mong le e mong ho sa tsotellehe hore na ke Paki kapa ha se Paki. Haeba ho tla ba le mokete, banyalani ba tla khetha hore na ke bo mang ba tla ea moketeng.

Na ho na le tsela eo batho ba lokelang ho apara ka eona?

Le hoja ho sena tsela e tobileng ea hore na ho tla aparoa joang Holong ea Lipaki Tsa Jehova, Lipaki Tsa Jehova li leka ho latela tataiso ea Bibele ea hore li apare ka tsela e hlomphehang. Li ananela ha motho e mong le e mong a etsa se tšoanang. (1 Timothea 2:9) Le ha e-ba banyalani ba khetha ho ba le mokete sebakeng se seng ba ntse ba lokela ho apara ka tsela eo e hlomphehang.

Na ho tla fanoa ka limpho?

Bibele e re khothalletsa hore re be batho ba fanang ka ho rata. (Pesaleme ea 37:​21) Lipaki Tsa Jehova li thabela ho fana le ho fuoa limpho tsa lenyalo. (Luka 6:​38) Leha ho le joalo, ha li ikopele limpho tsa lenyalo kapa hona ho bitsa mabitso a batho ba faneng ka tsona. (Matheu 6:​3, 4; 2 Bakorinthe 9:7; 1 Petrose 3:8) Ho etsa joalo ho tla be ho sa lumellane le seo Bibele e se buang ebile le batho ba tlileng lenyalong ba tla ikutloa ba sa phutholoha.

Na ho otlangoa likhalase?

Bibele ha e thibele ho phahamisa kapa ho otlanya likhalase empa banyalani ba bang ba ka kopa hore ho se ke ha otlangoa likhalase lechatong la bona ho qoba ho khopisa ba bang.—Baroma 14:21.

Na ho tla akheloa raese kapa confetti ho monyali le monyaluoa?

Che. Libakeng tse ling batho ba akhela raese, confetti kapa ntho e ’ngoe ho monyali le monyaluoa. Ba lumela hore sena se tla tlisetsa banyalani mahlohonolo, thabo le bophelo bo bolelele. Empa Lipaki Tsa Jehova li qoba ho etsa lintho tse sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele. Sena se akarelletsa ho lakalletsa batho ba bang mahlohonolo hobane seo ha se lumellane le melao-motheo ea Bibele.​—Esaia 65:11.

Na ho tla ba le lijo le se nooang?

Ha lenyalo le le Holong ea Lipaki Tsa Jehova ho ke ke ha ba le lijo kapa se nooang. Banyalani ba bang ba khetha ho ba le mokete ka mor’a moo, moo ho tla bang le lijo le lintho tse nooang. (Moeklesia 9:7) Ha banyalani ba khetha hore ho be le joala lenyalong la bona ba etsa bonnete ba hore ha ho be le bo bongata le hore bo tla nooa ke batho ba lilemong tse lumelloang ke molao feela.​—Luka 21:​34; Baroma 13:​1, 13.

Na ho tla ba le ’mino le tantše?

Haeba banyalani ba tla ba le mokete, ba tla ikhethela hore na ho tla ba le tantše le ’mino. (Moeklesia 3:4) Ba tla khetha ’mino oo ba o ratang le oo batho ba setso sa bona ba ka o thabelang ’me ba etsa bonnete ba hore ke ’mino o monate le o ke keng oa khopisa baeti ba bona. Ha lenyalo le le Holong ea Lipaki Tsa Jehova, hangata ho ba le ’mino o thehiloeng Bibeleng.

Monyali le monyaluoa baa tantša moketeng oa bona oa lenyalo hammoho le baeti ba bona.

Na Lipaki Tsa Jehova li etsa mokete oa ho ikhopotsa lenyalo la bona?

Kaha melao-motheo ea Bibele ha e khothalletse kapa hona ho hanela hore batho ba iketsetse mokete oa ho ikhopotsa letsatsi la bona la lenyalo, banyalani ba Lipaki ba tla iketsetsa qeto ea hore na ba tla ikhopotsa kapa ba ke ke ba ikhopotsa letsatsi la bona la lenyalo. Haeba ba khetha ho ikhopotsa letsatsi leo, ba ka le keteka ba le bang kapa ba ka le keteka le metsoalle le ba lelapa.

a Mekhoa, litloaelo le melao li ka fapana ho ea ka sebaka.

b Moholo ea fanang ka puo ea lenyalo haa batle chelete bakeng sa ho etsa seo ebile le Holo ea Lipaki Tsa Jehova ha e lefelloe bakeng sa ho tšoarela lenyalo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela