Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwfq sehlooho 15
  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova
  • Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho etsahala’ng lenaneong la ho ithuta Bibele?
  • Na ke lokela ho patalla ho ithuta Bibele?
  • Motho o qeta nako e kae a ithuta?
  • Nka qala ho ithuta Bibele Joang?
  • Na nka leka ho ithuta ka makhetlo a itseng e le hore ke bone na ke tla thabela?
  • Haeba ke amohela ho ithuta Bibele, na ke lokela ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova?
  • Na nka sebelisa Bibele ea ka?
  • Na nka mema ba bang hore ba tl’o ithuta Bibele le ’na?
  • Haeba nkile ka ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, na nka ithuta hape?
  • Na nka ithuta Bibele ke sebelisa buka ee ke le mong?
  • Lenaneo la ho Ithuta Bibele la Batho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na u thabetse seo u ithutileng sona?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
  • Kamoo U ka Sebelisang Livideo Tsa ho Ithuta Bibele le Batho
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
    Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
Bala Tse Ling
Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
ijwfq sehlooho 15
E mong oa Lipaki Tsa Jehova o sebelisa bukana ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!”  ho ithuta Bibele le ntate.

Lenaneo la ho Ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova

Lipaki Tsa Jehova li na le lenaneo la ho ithuta Bibele le batho. Lenaneo le na le ka u thusa hore:

  • U be le bophelo bo thabisang

  • U be motsoalle oa Molimo

  • U ithute seo Bibele e se tšepisang ka bokamoso

Sehloohong sena

  • Ho etsahala’ng lenaneong la ho ithuta Bibele?

  • Na ke lokela ho patalla ho ithuta Bibele?

  • Motho o qeta nako e kae a ithuta?

  • Nka qala ho ithuta Bibele Joang?

  • Na nka leka ho ithuta ka makhetlo a itseng ke bone hore na ke tla thabela?

  • Haeba ke amohela ho ithuta Bibele, na ke lokela ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova?

  • Na nka sebelisa Bibele ea ka?

  • Na nka mema ba bang hore ba tl’o ithuta Bibele le ’na?

  • Haeba nkile ka ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, na nka ithuta hape?

  • Na nka ithuta Bibele ke sebelisa buka ee ke le mong?

Ho etsahala’ng lenaneong la ho ithuta Bibele?

E mong oa Lipaki Tsa Jehova o tla u thusa hore u tloaele ho bala Bibele. Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e tla u thusa ho utloisisa hore na Bibele e ruta’ng le hore na e ka u thusa joang. E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng, shebella video ena.

Na ke lokela ho patalla ho ithuta Bibele?

Che. Re latela tataiso eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Lipaki Tsa Jehova ha li pataloe hore li ithute le Bibele uena, hape ha ho hlokahale hore u patale e le hore u fumane Bibele kapa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

Motho o qeta nako e kae a ithuta?

Buka ena e na le likhaolo tse 60. Ho tsoa ho uena hore na ka beke u batla ho bala likhaolo tse kae, empa baithuti ba bangata ba bone ho le molemo hore ba bale Khaolo kapa tse peli ka beke.

Nka qala ho ithuta Bibele Joang?

  1. 1. Tlatsa foromo Inthaneteng. Re tla sebelisa boitsebiso boo u faneng ka bona e le hore motho ea tla ithuta le uena a khone ho buisana le uena.

  2. 2. Motho eo u tla ithuta Bibele le eena o tla buisana le uena. O tla u hlalosetsa hore na u ka lebella eng lenaneong la ho ithuta Bibele ’me o tla araba lipotso tsa hao.

  3. 3. Uena le motho eo u tla ithuta Bibele le eena le tla buisana hore na le tla bala neng. Thuto e ka tšoareloa moo u lulang teng, ka founo, video call, ka ho ngollana mangolo, kapa le sebelisa email. Ka tloaelo thuto e nka hora, empa e ka nka nako e fetang eo kapa e khutšoanyane ho itšetlehile ka maemo a hao.

Na nka leka ho ithuta ka makhetlo a itseng e le hore ke bone na ke tla thabela?

Ee. E le hore u etse joalo, tlatsa foromo e Inthaneteng. Ha e mong oa Lipaki Tsa Jehova a buisana le uena, mo bolelle hore u batla ho bona hore na u ka thabela ho ithuta. U tla sebelisa bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng e nang le likhaolo tse tharo. Bukana ena e tla u thusa hore u bone hore na u batla ho tsoela pele ho ithuta kapa che.

Lintho tseo u ka li sebelisang ha u ithuta li akarelletsa “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” le “Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.”

Haeba ke amohela ho ithuta Bibele, na ke lokela ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova?

Che. Lipaki Tsa Jehova li rata ho ruta batho Bibele, empa ha li qobelle motho leha e le ofe hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ho e-na le hoo, ka tlhompho li bolella motho seo Bibele e se buang, lia elelloa hore motho ka mong o na le tokelo ea ho ikhethela seo a se lumelang.​—1 Petrose 3:15.

Na nka sebelisa Bibele ea ka?

Ee, u ka sebelisa Bibele e ’ngoe le e ’ngoe eo o nang le eona. Le hoja rona re sebelisa Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, re hlokometse hore batho ba thabela ho sebelisa Libibele tseo ba li tloaetseng tseo ba seng ba ntse ba e-na le tsona.

Na nka mema ba bang hore ba tl’o ithuta Bibele le ’na?

Ee. U ka mema metsoalle kapa ba lelapa.

Haeba nkile ka ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, na nka ithuta hape?

Ee. U ka thabela ho ithuta buka ena ho feta tseo u neng u ithuta ka tsona pele hobane ena e bua ka mathata a hona joale ao re tobaneng le ’ona. E na le litšoantšo ebile u khona ho ntša maikutlo a hao haholoanyane.

Na nka ithuta Bibele ke sebelisa buka ee ke le mong?

Ee. Le hoja ba bang ba thabela ho ithuta le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ba bang bona ba thabela ho ithuta ba le bang qalong. Leqephe la Lithulusi Tsa ho Ithuta Bibele le na le lintho tse ka u thusang ha u ithuta Bibele. Tse ling tsa lithulusi tse ka u thusang ke tsena:

  • Livideo Tsa Bibele. Livideo tsena tse khutšoanyane li arabela lipotso tsa bohlokoa.

  • Lipotso Tsa Bibele lia Arajoa. Lihlooho tsena li fana ka likarabo tsa lipotso tsa Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela