Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labohlano, la 21 November

Taba ena e lumellana le morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng oo a ileng a o etsa, o amanang le Kreste Jesu Morena oa rona.—Baef. 3:11.

Jehova o senotse “morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng” ka Bibeleng hanyane ka hanyane. Kamehla merero ea Molimo ea phethahala hobane “o etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethe morero oa hae.” (Liprov. 16:4) Lintho tseo Jehova a li etsang li tla lula li le teng ka ho sa feleng. Morero oa Jehova ke ofe ’me o ile a etsa liphetoho life hore a o phethahatse? Molimo o ile a bolella Adama le Eva morero oa hae. O ile a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, le laole . . . liphoofolo” tse lefatšeng. (Gen. 1:28) Ha Adama le Eva ba fetohela Molimo ’me ba etsa hore batho e be baetsalibe, morero oa Jehova ha oa ka oa sitiseha. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero oa hae ka eona. Hang-hang o ile a rera hore ho be le ’Muso o leholimong o tla phethahatsa morero oa hae bakeng sa batho le lefatše.—Mat. 25:34. w23.10 20 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 22 November

Haeba Jehova a ne a sa nthusa, nkabe ke shoele.—Pes. 94:17.

Jehova a ka re thusa hore re tsoele pele re mo sebeletsa. Ho ka ba thata hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova, haholo haeba re lula re etsa phoso e tšoanang. Ka linako tse ling bothata boo re nang le bona bo ka bonahala bo le boima ho feta boo moapostola Petrose a neng a e-na le bona. Empa Jehova a ka re thusa hore re se ke ra lula re nyahame. (Pes. 94:​18, 19) Ka mohlala, mor’abo rona e mong o ne a ratana le banna ba bang ka lilemo tse ngata pele e e-ba Paki ea Jehova. Ka mor’a hore a hlokomele hore tsela eo a phelang ka eona e fosahetse, o ile a etsa qeto ea ho fetoha. Leha ho le joalo, o ntse a loantšana le litakatso tseo tse fosahetseng. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a se ke a nyahama? O re: “Jehova ke eena ea re thusang. O sebelisa moea oa hae o halalelang ho nthusa hore ke phele ka tsela eo a e batlang. Jehova o ntse a mpha monyetla oa hore ke sebelisoe ka phuthehong ebile o mpha matla a hore ke tsoele pele ke mo sebeletsa ho sa tsotellehe bothata bona boo ke ntseng ke loantšana le bona.” w23.09 23 ¶12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Sontaha, la 23 November

Motho ea ikokobelitseng a bile a tšaba Jehova o tla fumana maruo, tlhompho le bophelo.—Liprov. 22:4.

Bara ba bo rona ba bacha, le tla lokela ho sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. Le lokela ho khetha mehlala e metle eo le ka e etsisang, le be batho ba nang le kelello, ba ka tšeptjoang, le ithute ho etsa mesebetsi e itseng le be le itokisetse boikarabelo boo le tla ba le bona nakong e tlang. Ha le nahana ka lintho tsena le ka utloa eka le na le mosebetsi o mongata empa le ka atleha. Hopolang hore Jehova o ikemiselitse ho le thusa. (Esa. 41:​10, 13) Hape Bakreste-’moho le lona ba ikemiselitse ho le thusa. Ha u se u le monna oa Mokreste ea nang le tumelo e matla u tla thabela bophelo le Jehova o tla u hlohonolofatsa. Re le rata haholo lona bara ba bo rona ba bacha. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa ha le ntse le sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. w23.12 29 ¶19-20

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela