Sontaha, la 23 November
Motho ea ikokobelitseng a bile a tšaba Jehova o tla fumana maruo, tlhompho le bophelo.—Liprov. 22:4.
Bara ba bo rona ba bacha, le tla lokela ho sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. Le lokela ho khetha mehlala e metle eo le ka e etsisang, le be batho ba nang le kelello, ba ka tšeptjoang, le ithute ho etsa mesebetsi e itseng le be le itokisetse boikarabelo boo le tla ba le bona nakong e tlang. Ha le nahana ka lintho tsena le ka utloa eka le na le mosebetsi o mongata empa le ka atleha. Hopolang hore Jehova o ikemiselitse ho le thusa. (Esa. 41:10, 13) Hape Bakreste-’moho le lona ba ikemiselitse ho le thusa. Ha u se u le monna oa Mokreste ea nang le tumelo e matla u tla thabela bophelo le Jehova o tla u hlohonolofatsa. Re le rata haholo lona bara ba bo rona ba bacha. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa ha le ntse le sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. w23.12 29 ¶19-20
Mantaha, la 24 November
Iphapanyets[e] phoso.—Liprov. 19:11.
A re re u na le bana beno moketeng ’me ho monate. ebile le nka foto le le sehlopha. Ka mor’a moo, le nka lifoto tse ling tse peli e le hore le be le tse ling haeba ea pele e sa tsoa hantle. U qetella u se u e-na le lifoto tse tharo empa ha u sheba e ’ngoe oa bona hore mor’abo rona e mong o sosobantse sefahleho. U tl’o e hlakola hobane u ntse u e-na le lifoto tse ling tse peli moo batho bohle ba bososetseng hammoho le mor’abo rona eo. Hangata re hopola linako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e ’ngoe Mokreste-’moho le uena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ea u utloisa bohloko. Re lokela ho etsa’ng haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela joalokaha re ne re tla hlakola foto e seng hantle. (Baef. 4:32) Re ka khona hobane re hopola linako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le eena. Ke tsona lintho tseo re lokelang ho li hopola le ho li ananela. w23.11 12-13 ¶16-17
Labobeli, la 25 November
Basali le bona ba ikhabise ka ho apara hantle, . . . ba ikhabise ka liketso tse lokileng e leng eona tsela ea ho ikhabisa e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.—1 Tim. 2:9, 10.
Mantsoe a Segerike a sebelisitsoeng litemaneng tsena a bontša hore basali ba Bakreste ba lokela ho apara ka tsela e hlomphehang le e bontšang hore ba nahanela maikutlo a batho ba bang. Kannete re motlotlo ka barali ba bo rona ba aparang ka tsela e hlomphehang. Barali ba bo rona kaofela ba boetse ba lokela ho bontša hore ba na le tumelo e matla ka hore ba be le temoho. Temoho ke’ng? Ke bokhoni ba ho tseba hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe ebe u khetha ho etsa ntho e nepahetseng. Nahana ka mohlala oa Abigaile. Monna oa hae o ile a etsa qeto e fosahetseng e neng e tla tlisetsa eena le ba lelapa la hae mathata. Ho na le ntho eo Abigaile a ileng a e etsa hang-hang ho lokisa boemo boo. Kaha o ne a e-na le temoho, o ile a etsa ntho e nepahetseng eaba o pholosa ba lelapa la hae. (1 Sam. 25:14-23, 32-35) Temoho e ka boela ea re thusa ho tseba nako e loketseng ea ho bua le ea ho thola. E re thusa ho bontša hore re khathalla batho ba bang ntle le ho etsa hore ba se ke ba phutholoha.—1 Bathes. 4:11. w23.12 20 ¶8-9