Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Mantaha, la 24 November

Iphapanyets[e] phoso.—Liprov. 19:11.

A re re u na le bana beno moketeng ’me ho monate. ebile le nka foto le le sehlopha. Ka mor’a moo, le nka lifoto tse ling tse peli e le hore le be le tse ling haeba ea pele e sa tsoa hantle. U qetella u se u e-na le lifoto tse tharo empa ha u sheba e ’ngoe oa bona hore mor’abo rona e mong o sosobantse sefahleho. U tl’o e hlakola hobane u ntse u e-na le lifoto tse ling tse peli moo batho bohle ba bososetseng hammoho le mor’abo rona eo. Hangata re hopola linako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e ’ngoe Mokreste-’moho le uena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ea u utloisa bohloko. Re lokela ho etsa’ng haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela joalokaha re ne re tla hlakola foto e seng hantle. (Baef. 4:32) Re ka khona hobane re hopola linako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le eena. Ke tsona lintho tseo re lokelang ho li hopola le ho li ananela. w23.11 12-13 ¶16-17

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 25 November

Basali le bona ba ikhabise ka ho apara hantle, . . . ba ikhabise ka liketso tse lokileng e leng eona tsela ea ho ikhabisa e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.—1 Tim. 2:​9, 10.

Mantsoe a Segerike a sebelisitsoeng litemaneng tsena a bontša hore basali ba Bakreste ba lokela ho apara ka tsela e hlomphehang le e bontšang hore ba nahanela maikutlo a batho ba bang. Kannete re motlotlo ka barali ba bo rona ba aparang ka tsela e hlomphehang. Barali ba bo rona kaofela ba boetse ba lokela ho bontša hore ba na le tumelo e matla ka hore ba be le temoho. Temoho ke’ng? Ke bokhoni ba ho tseba hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe ebe u khetha ho etsa ntho e nepahetseng. Nahana ka mohlala oa Abigaile. Monna oa hae o ile a etsa qeto e fosahetseng e neng e tla tlisetsa eena le ba lelapa la hae mathata. Ho na le ntho eo Abigaile a ileng a e etsa hang-hang ho lokisa boemo boo. Kaha o ne a e-na le temoho, o ile a etsa ntho e nepahetseng eaba o pholosa ba lelapa la hae. (1 Sam. 25:​14-23, 32-35) Temoho e ka boela ea re thusa ho tseba nako e loketseng ea ho bua le ea ho thola. E re thusa ho bontša hore re khathalla batho ba bang ntle le ho etsa hore ba se ke ba phutholoha.—1 Bathes. 4:11. w23.12 20 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 26 November

A re thabeng hobane re na le tšepo ea hore re tla tlotlisoa ke Molimo.—Bar. 5:2.

Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Roma mantsoe ao. Bara le barali ba bo rona ba Roma ba ile ba ithuta ka Jehova le Jesu, ba ba le tumelo eaba e e-ba Bakreste. Ka lebaka leo, Molimo o ile a ba ‘nka ba lokile ka lebaka la tumelo’ eaba o ba tlotsa ka moea o halalelang. (Bar. 5:1) Ba ile ba e-ba le tšepo e tiileng ea hore ba tla fumana moputso o thabisang oo ba neng ba tla o fuoa. Hamorao Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Efese ka tšepo eo Molimo a ba khethetseng eona. Ba ne ba tla fumana “litlhohonolofatso . . . tseo [Molimo] a li tšepisitseng balumeli.” (Baef. 1:18) Pauluse o ile a boela a bolella Bakolose hore na ba tla fumana litlhohonolofatso tseo ba le hokae. O ile a re litlhohonolofatso tseo ke “moputso oo le o behetsoeng leholimong.” (Bakol. 1:​4, 5) Ka hona, batlotsuoa ba na le tšepo ea hore ba tla tsosoa ’me ba e’o phela ka ho sa feleng leholimong moo ba tla busa le Kreste.—1 Bathes. 4:​13-17; Tšen. 20:6. w23.12 9 ¶4-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela