Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Laboraro, la 26 November

A re thabeng hobane re na le tšepo ea hore re tla tlotlisoa ke Molimo.—Bar. 5:2.

Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Roma mantsoe ao. Bara le barali ba bo rona ba Roma ba ile ba ithuta ka Jehova le Jesu, ba ba le tumelo eaba e e-ba Bakreste. Ka lebaka leo, Molimo o ile a ba ‘nka ba lokile ka lebaka la tumelo’ eaba o ba tlotsa ka moea o halalelang. (Bar. 5:1) Ba ile ba e-ba le tšepo e tiileng ea hore ba tla fumana moputso o thabisang oo ba neng ba tla o fuoa. Hamorao Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Efese ka tšepo eo Molimo a ba khethetseng eona. Ba ne ba tla fumana “litlhohonolofatso . . . tseo [Molimo] a li tšepisitseng balumeli.” (Baef. 1:18) Pauluse o ile a boela a bolella Bakolose hore na ba tla fumana litlhohonolofatso tseo ba le hokae. O ile a re litlhohonolofatso tseo ke “moputso oo le o behetsoeng leholimong.” (Bakol. 1:​4, 5) Ka hona, batlotsuoa ba na le tšepo ea hore ba tla tsosoa ’me ba e’o phela ka ho sa feleng leholimong moo ba tla busa le Kreste.—1 Bathes. 4:​13-17; Tšen. 20:6. w23.12 9 ¶4-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 27 November

Molimo o tla lebela lipelo tsa lona le menahano ea lona ka ho le fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.—Bafil. 4:7.

Ka Segerike, lentsoe “lebela” e ne e le lentsoe le sebelisoang litabeng tsa sesole ha ho ne ho buuoa ka masole a neng a lebela motse e le hore o se ke oa hlaseloa. Baahi ba motse o neng o e-na le masole a katileng motse ba ne ba robala ka khotso joaloka masea hobane ba tseba hore masole a ba sirelelitse. Ka tsela e tšoanang, ha khotso eo Molimo a re fang eona e lebela lipelo le menahano ea rona, re khoba matšoafo hobane re tseba hore re sireletsehile. (Pes. 4:8) Joaloka Anna, re ka ikutloa re e-na le khotso le haeba maemo a rona a sa fetohe hang-hang. (1 Sam. 1:​16-18) Ha re khobile matšoafo, hangata ho ba bonolo hore re nahane hantle le ho etsa liqeto tse nepahetseng. Re ka etsa’ng? Ha u e-na le mathata, balehela ho molebeli oa rona. Joang? Ka hore u rapele ho fihlela u utloa Molimo a u fa khotso. (Luka 11:9; 1 Bathes. 5:17) Ha u e-na le bothata, u se ke oa khaotsa ho rapela ’me u tla utloa ha Jehova a u fa khotso e tla lebela pelo le kelello ea hao.—Bar. 12:12. w24.01 21 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 28 November

Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.—Mat. 6:9.

Jesu o ile a mamella ho hlokofatsoa, ho rohakoa le ho senngoa lebitso e le hore a halaletse lebitso la Ntate oa hae. O ne a tseba hore o ne a mametse Ntate oa hae linthong tsohle ’me ho se na letho le neng le ka mo hlabisa lihlong. (Baheb. 12:2) O ne a bile a tseba hore Satane o ne a mo hlasela ka ho toba nakong eo e thata. (Luka 22:​2-4; 23:​33, 34) Satane o ne a nahanne hore o tla etsa hore Jesu a se ke a tšepahala empa o ile a hloleha ka ho feletseng. Jesu o ile a paka ka ho feletseng hore Satane ke raleshano ea sehloho le hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba mo tšepahallang le tlas’a liteko tse boima ka ho fetisisa. Na u batla ho thabisa Morena oa hao ea busang? Lula u rorisa lebitso la Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe hore na ke Molimo ea joang. Ha u etsa joalo, u tla be u etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Joaloka Jesu, u thabisa Jehova ’me u paka hore sera sa hae Satane ke raleshano ea se nang lihlong. w24.02 11-12 ¶11-13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela