Labone, la 27 November
Molimo o tla lebela lipelo tsa lona le menahano ea lona ka ho le fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.—Bafil. 4:7.
Ka Segerike, lentsoe “lebela” e ne e le lentsoe le sebelisoang litabeng tsa sesole ha ho ne ho buuoa ka masole a neng a lebela motse e le hore o se ke oa hlaseloa. Baahi ba motse o neng o e-na le masole a katileng motse ba ne ba robala ka khotso joaloka masea hobane ba tseba hore masole a ba sirelelitse. Ka tsela e tšoanang, ha khotso eo Molimo a re fang eona e lebela lipelo le menahano ea rona, re khoba matšoafo hobane re tseba hore re sireletsehile. (Pes. 4:8) Joaloka Anna, re ka ikutloa re e-na le khotso le haeba maemo a rona a sa fetohe hang-hang. (1 Sam. 1:16-18) Ha re khobile matšoafo, hangata ho ba bonolo hore re nahane hantle le ho etsa liqeto tse nepahetseng. Re ka etsa’ng? Ha u e-na le mathata, balehela ho molebeli oa rona. Joang? Ka hore u rapele ho fihlela u utloa Molimo a u fa khotso. (Luka 11:9; 1 Bathes. 5:17) Ha u e-na le bothata, u se ke oa khaotsa ho rapela ’me u tla utloa ha Jehova a u fa khotso e tla lebela pelo le kelello ea hao.—Bar. 12:12. w24.01 21 ¶5-6
Labohlano, la 28 November
Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Jesu o ile a mamella ho hlokofatsoa, ho rohakoa le ho senngoa lebitso e le hore a halaletse lebitso la Ntate oa hae. O ne a tseba hore o ne a mametse Ntate oa hae linthong tsohle ’me ho se na letho le neng le ka mo hlabisa lihlong. (Baheb. 12:2) O ne a bile a tseba hore Satane o ne a mo hlasela ka ho toba nakong eo e thata. (Luka 22:2-4; 23:33, 34) Satane o ne a nahanne hore o tla etsa hore Jesu a se ke a tšepahala empa o ile a hloleha ka ho feletseng. Jesu o ile a paka ka ho feletseng hore Satane ke raleshano ea sehloho le hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba mo tšepahallang le tlas’a liteko tse boima ka ho fetisisa. Na u batla ho thabisa Morena oa hao ea busang? Lula u rorisa lebitso la Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe hore na ke Molimo ea joang. Ha u etsa joalo, u tla be u etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Joaloka Jesu, u thabisa Jehova ’me u paka hore sera sa hae Satane ke raleshano ea se nang lihlong. w24.02 11-12 ¶11-13
Moqebelo, la 29 November
Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona?—Pes. 116:12.
Lilemong tse hlano tse fetileng, batho ba ka holimo ho milione ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ha u inehela ho Jehova, u khetha ho ba e mong oa barutuoa ba Jesu Kreste ebile u khetha hore ho etsa thato ea Molimo e be ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. U lokela ho etsa’ng ha u se u inehetse ho Jehova? Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela.” (Mat. 16:24) Ha u se u inehetse ho Jehova, u lokela ho qoba ntho leha e le efe e sa lumellaneng le thato ea hae. (2 Bakor. 5:14, 15) Seo se akareletsa ho qoba ho etsa “liketso tse mpe” joaloka “boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.” (Bagal. 5:19-21; 1 Bakor. 6:18) Na ho mamela melao ea Jehova ho tla etsa hore u phele ka thata? Haeba u rata Jehova ebile u mamela melao ea hae, u tla hlokomela hore e u tsoela molemo.—Pes. 119:97; Esa. 48:17, 18. w24.03 2 ¶1; 3 ¶4