Labohlano, la 28 November
Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Jesu o ile a mamella ho hlokofatsoa, ho rohakoa le ho senngoa lebitso e le hore a halaletse lebitso la Ntate oa hae. O ne a tseba hore o ne a mametse Ntate oa hae linthong tsohle ’me ho se na letho le neng le ka mo hlabisa lihlong. (Baheb. 12:2) O ne a bile a tseba hore Satane o ne a mo hlasela ka ho toba nakong eo e thata. (Luka 22:2-4; 23:33, 34) Satane o ne a nahanne hore o tla etsa hore Jesu a se ke a tšepahala empa o ile a hloleha ka ho feletseng. Jesu o ile a paka ka ho feletseng hore Satane ke raleshano ea sehloho le hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba mo tšepahallang le tlas’a liteko tse boima ka ho fetisisa. Na u batla ho thabisa Morena oa hao ea busang? Lula u rorisa lebitso la Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe hore na ke Molimo ea joang. Ha u etsa joalo, u tla be u etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Joaloka Jesu, u thabisa Jehova ’me u paka hore sera sa hae Satane ke raleshano ea se nang lihlong. w24.02 11-12 ¶11-13
Moqebelo, la 29 November
Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona?—Pes. 116:12.
Lilemong tse hlano tse fetileng, batho ba ka holimo ho milione ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ha u inehela ho Jehova, u khetha ho ba e mong oa barutuoa ba Jesu Kreste ebile u khetha hore ho etsa thato ea Molimo e be ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. U lokela ho etsa’ng ha u se u inehetse ho Jehova? Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela.” (Mat. 16:24) Ha u se u inehetse ho Jehova, u lokela ho qoba ntho leha e le efe e sa lumellaneng le thato ea hae. (2 Bakor. 5:14, 15) Seo se akareletsa ho qoba ho etsa “liketso tse mpe” joaloka “boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.” (Bagal. 5:19-21; 1 Bakor. 6:18) Na ho mamela melao ea Jehova ho tla etsa hore u phele ka thata? Haeba u rata Jehova ebile u mamela melao ea hae, u tla hlokomela hore e u tsoela molemo.—Pes. 119:97; Esa. 48:17, 18. w24.03 2 ¶1; 3 ¶4
Sontaha, la 30 November
U Mora . . . ea nkhahlisang.—Luka 3:22.
Jehova o fana ka moea o halalelang oa hae ho batho ba mo thabisang. (Mat. 12:18) Re ka ipotsa: ‘Na ke khona ho bontša tse ling tsa litholoana tse behoang ke moea o halalelang bophelong ba ka?’ Na u bona eka u se u e-na le mamello haholoanyane ha u sebetsana le batho ba bang ho feta pele u ithuta ka Jehova? Ha u ntse u bontša litholoana tse behoang ke moea o halalelang haholoanyane, u lokela ho kholiseha le ho feta hore Jehova oa u amohela. Batho bao Jehova a ba amohelang ba fumana melemo ea sehlabelo sa Jesu seo Jehova a faneng ka sona. (1 Tim. 2:5, 6) Empa ho thoe’ng haeba re ntse re utloa eka Jehova ha a re amohele le hoja re lumela sehlabelong sa Jesu re bile re kolobelitsoe? Re lokela ho hopola hore ha se kamehla re lokelang ho tšepa tsela eo re ikutloang ka eona empa re ka tšepa Jehova. O nka batho ba nang le tumelo sehlabelong sa Jesu ba lokile ebile o tšepisa ho ba hlohonolofatsa.—Pes. 5:12; Bar. 3:26. w24.03 30 ¶15; 31 ¶17