Laboraro, la 17 September
Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng. Ho thaba motho eo Jehova a ke keng a hopola sebe sa hae ho hang.—Bar. 4:7.
Molimo o tšoarela libe tsa batho ba lumelang ho eena kapa re ka re oa li koahela. O ba tšoarela ka ho feletseng ebile a ke ke a hopola libe tsa bona ho hang. (Pes. 32:1, 2) O nka batho ba joalo ba se na molato ebile ba lokile hobane ba e-na le tumelo. Le hoja Abrahama, Davida le bahlanka ba bang ba Molimo ba ne ba nkoa ba lokile, e ne e ntse e le baetsalibe. Empa ka lebaka la tumelo ea bona, Molimo o ile a ba nka ba se na molato, haholo-holo ha ba bapisoa le batho ba sa mo sebeletseng. (Baef. 2:12) Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o re re lokela ho ba le tumelo e le hore re be metsoalle ea Molimo. Joalokaha Abrahama le Davida e ne e le metsoalle ea Molimo hobane ba ne ba e-na le tumelo, le rona re tla ba metsoalle ea Molimo ha re e-na le tumelo. w23.12 3 ¶6-7
Labone, la 18 September
Re lokela ho lula re rorisa Molimo. Ho etsa joalo ho tšoana le ho mo etsetsa sehlabelo. Re bolela lebitso la hae phatlalatsa ka melomo ea rona.—Baheb. 13:15.
Mehleng ena Bakreste bohle ba na le monyetla oa ho sebelisa nako ea bona, matla le lintho tseo ba nang le tsona ho sebeletsa Molimo. Re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tseo re sa lokelang ho khaotsa ho li etsa. (Baheb. 10:22-25) Lintho tsena li akareletsa ho rapela Jehova, ho bolela litaba tse monate tsa Bibele, ho ea libokeng le ho khothatsana. Re lokela ho etsa “lintho tsena le ho feta hobane rea bona hore letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.” Likhaolong tsa ho qetela tsa lengolo la Tšenolo, ka makhetlo a mabeli lengeloi la Jehova le ile la re: “Rapela Molimo” ho bontša hore ke habohlokoa hore re rapele Jehova. (Tšen. 19:10; 22:9) E se eka re ka lula re hopola lintho tse tebileng tseo re ithutileng tsona ka tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso ’me re lule re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho rapela Molimo oa rona ea matla. w23.10 29 ¶17-18
Labohlano, la 19 September
A re luleng re ratana.—1 Joh. 4:7.
Kaofela re batla ho ‘lula re ratana.’ Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore Jesu o ile a re lemosa hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Mat. 24:12) Jesu o ne a sa re bongata ba barutuoa ba hae ha bo sa tla ratana. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho lula re le hlokolosi hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena eaba le rona ha re sa ratana. Re sa le tabeng eo, a re hlahlobeng potso ena ea bohlokoa: Ke’ng e tla re thusa ho bona hore na re rata bana ba bo rona haholo? Ntho e ’ngoe e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae, ke ho sheba hore na re itšoara joang ha ho hlaha maemo a itseng bophelong. (2 Bakor. 8:8) Boemo bo bong ke bo boletsoeng ke moapostola Petrose ha a re: “Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” (1 Pet. 4:8) Kahoo, tsela eo re itšoarang ka eona ha bana ba bo rona ba etsa liphoso kapa ba re utloisa bohloko e tla re thusa ho bona hore na re ba rata hakae. w23.11 10-11 ¶12-13