Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 6/1 maq. 28-31
  • Ho Tšehetsoa Litekong Tse Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšehetsoa Litekong Tse Matla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Semelo sa Bojuda
  • Qaleho ea Liteko
  • Teko ea Ka e Bileng Mpe ka ho Fetisisa
  • Nako ea Khatholoho
  • Ho Pholoha Auschwitz
  • Ho Pholoha Likampong Tse Ling
  • Ho Lokolloa le Bophelo ba ka Morao ho Moo
  • Ho Tšepa Molimo ho Ile ha Ntšehetsa
    Tsoha!—2002
  • Jehova o Ile a re Pholosa Mebusong ea Khatello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • “Li Hlahleloa Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea Tsona”
    Tsoha!—2006
  • Seo ke Amehileng ka Sona ka ho Fetisisa—Ho Lula ke Tšepahala
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 6/1 maq. 28-31

Ho Tšehetsoa Litekong Tse Matla

JOALOKAHA HO BOLETSE ÉVA JOSEFSSON

Sehlotšoana sa rōna se ne se bokane hammoho Újpest, seterekeng sa Budapest, Hungary, bakeng sa seboka se sekhutšoanyane pele re e-ea tšebeletsong ea Bokreste. E ne e le ka 1939, nakoana pele Ntoa ea II ea Lefatše e qala, ’me mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe Hungary. Hangata, ba neng ba kopanela ho ruteng Bibele phatlalatsa ba ne ba tšoaroa mehleng eo.

KAHA e ne e le lekhetlo la ka la pele ke kopanela mosebetsing ona, e tlameha ebe ke ne ke shebahala ke tšoenyehile ke bile ke pulufetse. Mora e mong oabo rōna oa Mokreste ea neng a hōlile o ile a re ho ’na: “Éva, ha ho hlokahale hore u tšohe. Ho sebeletsa Jehova ke tokelo e khōlōhali eo motho a ka bang le eona.” Mantsoe ao a nahanelang le a matlafatsang a ile a nthusa hore ke mamelle tlas’a liteko tse ngata tse matla.

Semelo sa Bojuda

Ke ne ke le ngoana e moholo baneng ba bahlano lelapeng leso la Bajuda. ’Mè o ne a sa khotsofala ke Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, ’me o ile a qala ho hlahloba malumeli a mang. Ke kamoo a ileng a kopana le Erzsébet Slézinger, mosali e mong oa Mojuda eo le eena a neng a batla ’nete ea Bibele. Erzsébet o ile a kopanya ’Mè le Lipaki tsa Jehova, ’me ka lebaka leo, le ’na ke ile ka thahasella lithuto tsa Bibele haholo. Ka potlako, ke ile ka qala ho arolelana le ba bang seo ke ithutileng sona.

Lehlabuleng la 1941 ha ke e-ba lilemo li 18, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka ho kolobetsoa Nōkeng ea Danube. ’Mè le eena o ile a kolobetsoa nakong eo, empa Ntate o ne a sa kopanele tumelong ea rōna e ncha ea Bokreste. Hang ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka rera ho bula maliboho, e leng ho kopanela mosebetsing oa nako e tletseng. Ke ne ke batla ho ba le baesekele, kahoo, ke ile ka qala ho sebetsa laboratoring ea fektheri e ’ngoe e khōlō ea masela.

Qaleho ea Liteko

Manazi a ne a hapile Hungary, ’me fektheri eo ke neng ke e sebeletsa e ne e le tlas’a tsamaiso ea Jeremane. Ka letsatsi le leng basebetsi bohle ba ile ba bitsoa hore ba hlahe ka pel’a baokameli ho ea hlapanya hore ba tla tšepahala ho Manazi. Re ile ra bolelloa hore ho hlōleha ho etsa sena ho ne ho tla ba le liphello tse bohloko. Nakong ea tšebeletso eo ka eona re neng re tlameha ho thoholetsa Hitler, ke ile ka ema ka tlhompho empa ka se ke ka etsa se neng se batloa. Ke ile ka bitsetsoa ofising letsatsing lona leo, ka fuoa moputso oa ka ’me ka lelekoa. Kaha mosebetsi o ne o fumanoa pakeng tsa majoe, ke ile ka ipotsa hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka morero oa ka oa ho bula maliboho. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana mosebetsi o mocha letsatsing le hlahlamang, ebile o lefa hantle haholoanyane.

Joale ke ne nka phetha takatso ea ka ea ho bula maliboho. Ke bile le batho ba ’maloa bao ke neng ke bula maliboho le bona, ’me oa ho qetela e bile Juliska Asztalos. Re ne re sebelisa Bibele feela tšebeletsong, ho se lingoliloeng tseo re fanang ka tsona. Ha re ne re fumana batho ba thahasellang, re ne re ba etela hape ’me re ba alima lingoliloeng.

’Na le Juliska re ne re tlameha ho fetola tšimo eo re e sebetsang nako le nako. Sena se ne se bakoa ke moprista, eo ha a ne a tseba hore re ne re etela ‘linku tsa hae,’ a neng a phatlalatsa ka kerekeng hore haeba Lipaki tsa Jehova li ba etela, ba ne ba lokela ho mo tlalehela kapa ho tlalehela mapolesa. Ha batho ba botsoalle ba ne ba re bolella tsebiso eo, re ne re fetela tšimong e ’ngoe.

Ka letsatsi le leng ’na le Juliska re ile ra etela moshemane e mong ea ileng a bontša thahasello. Re ile ra behelana nako eo re tla khutla ka eona ho tla mo alima ntho eo a ka e balang. Empa ha re khutla, mapolesa a ne a le teng ’me re ile ra tšoaroa ’me ra isoa sepoleseng Dunavecse. Moshemane eo o ne a sebelisitsoe e le leraba la ho re tšoasa. Ha re fihla sepoleseng, re ile ra bona moprista ’me ra tseba hore le eena o ne a ameha.

Teko ea Ka e Bileng Mpe ka ho Fetisisa

Moo sepoleseng, ke ile ka beoloa ’me ka emisoa ka pel’a banna ba mapolesa ba leshome le metso e ’meli ke sa apara. Ba ile ba ntlhoma lipotso, ba batla ho tseba hore na moeta-pele oa rōna e ne e le mang moo Hungary. Ke ile ka hlalosa hore re ne re se na moeta-pele e mong ntle ho Jesu Kreste. Ba ile ba nkhakhatha ka melangoana ea bona, empa ha kea ka ka tsoa barab’eso ba Bakreste tlaase.

Ka mor’a moo, ba ile ba tlamella maoto a ka hammoho ’me ba phahamisetsa matsoho a ka ka holim’a hlooho ’me le ’ona ba a tlama ’moho. Joale ba ile ba mpeta kaofela ka ho latellana, ntle ho lepolesa le le leng. Ke ne ke tiisitsoe hoo ke neng ke ntse ke e-na le mesehlo manonyeletsong a matsoho lilemo tse tharo hamorao. Ke ne ke hlokofalitsoe habohloko hoo ke ileng ka bolokoa mokatong o ka tlaase libeke tse peli ho fihlela maqeba a ka a maholo a batla a fola.

Nako ea Khatholoho

Hamorao, ke ile ka isoa teronkong e Nagykanizsa, moo ho neng ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse ngata. Ho sa tsotellehe ho tšoaroa ha rōna, ho ile ha latela lilemo tse peli tseo e neng e batla e le tsa thabo. Re ne re tšoara liboka tsohle tsa rōna lekunutung, ’me re ne re sebetsa ka tsela e batlang e tšoana le eo phutheho e sebetsang ka eona. Re ne re boetse re e-na le menyetla e mengata ea ho paka ka tsela e sa reroang. Ke teronkong ena moo ke ileng ka kopana le Olga Slézinger, morali oabo Erzsébet Slézinger, mosali ea neng a ile a re tsebisa linnete tsa Bibele ’na le ’Mè.

Ka 1944, Manazi a Hungary a ne a ikemiselitse ho bolaea Bajuda bohle ba Hungary, feela joalokaha a ne a se a ba bolaile ka ho latellana libakeng tse ling tseo a neng a li hapile. Ka letsatsi le leng a ile a tla lata ’na le Olga. Re ile ra laeloa makarecheng a likhomo ’me ka mor’a leeto le thatahali re haola Czechoslovakia, re ile ra fihla moo re neng re isoa teng Poland boroa—kampo ea lefu ea Auschwitz.

Ho Pholoha Auschwitz

Ke ne ke ikutloa ke sireletsehile ha ke e-na le Olga. O ne a khona ho tšehisa le maemong a lekang mamello haholo. Ha re fihla Auschwitz, re ile ra hlaha ka pel’a Dr. Mengele ea neng a tumme hampe, eo mosebetsi oa hae e neng e le ho arola batho ba fihlang ba ke keng ba khona ho sebetsa ho batho ba phetseng hantle. Ba sa khoneng ba ne ba isoa likamoreng tsa khase. Ha nako ea rōna e fihla, Mengele o ile a botsa Olga, “U na le lilemo tse kae?”

O ile a arabela ka sebete le ka mahlo a tletseng litšeho, “tse 20.” Bonneteng, o ne a e-na le lilemo tse menneng tseo habeli. Empa Mengele o ile a tšeha ’me a mo tlohela hore a tle ka lehlakoreng le letona ’me ka hona, a phela.

Batšoaruoa bohle ba Auschwitz ba ne ba e-na le matšoao liaparong tsa bona tsa teronko—Bajuda ba ne ba e-na le Naleli ea Davida, ’me Lipaki tsa Jehova li ne li e-na le letšoao le pherese le likhutlo li tharo. Ha ba batla ho rokella Naleli ea Davida liaparong tsa rōna, re ile ra hlalosa hore re Lipaki tsa Jehova ’me re batla letšoao le pherese le likhutlo li tharo. E ne e se hobane re hlajoa ke lihlong ka lebaka la semelo sa rōna sa Bojuda, empa re ne re se re le Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba leka ho re qobella hore re amohele letšoao la Bajuda ka ho re rahaka le ho re otla. Empa re ile ra ema re tiile ho fihlela ba re amohela re le Lipaki tsa Jehova.

Qetellong, ke ile ka kopana le Elvira, ngoan’eso oa ngoanana eo ke neng ke mo siea ka lilemo tse tharo. Lelapa leso lohle la batho ba supileng le ne le isitsoe Auschwitz. E ne e bile ’na le Elvira feela ba ileng ba amoheloa ba sa na le matla a lekaneng a ho sebetsa. Ntate, ’Mè le banab’abo rōna ba bararo ba ile ba shoela likamoreng tsa khase. Elvira e ne e se Paki ka nako eo ’me re ne re sa lule karolong e le ’ngoe ea kampo. O ile a pholoha, a fallela United States, ea e-ba Paki ha a le Pittsburgh, Pennsylvania, ’me hamorao a shoela moo ka 1973.

Ho Pholoha Likampong Tse Ling

Mariheng a 1944/45, Majeremane a ile a etsa qeto ea ho tloha Auschwitz hobane Marussia a ne a atamela. Kahoo, re ile ra isoa Bergen-Belsen, karolong e ka leboea Jeremane. Hang ka mor’a hore re fihle, ’na le Olga re ile ra isoa Braunschweig. Mona re ne re lokela ho hloekisa lithako ka mor’a hore mabotho a Selekane a qhomise libomo tse matlahali. Re ile ra sekaseka taba ena le Olga. Kaha re ne re sa tsebe hantle hore na ho etsa mosebetsi ona ho ne ho tla kena-kenana le ho se nke ha rōna lehlakore, bobeli ba rōna re ile ra etsa qeto ea ho se kopanele ho oona.

Qeto eo ea rōna e ile ea tsosa moferefere. Re ile ra otloa ka sephali sa letlalo ’me ra ntan’o isoa ka pel’a lebotho la masole a thunyang. Re ile ra fuoa motsotso hore re nahane taba ena hantle, ’me ra bolelloa hore haeba re sa fetole maikutlo a rōna, re tla thunngoa. Re ile ra re ha re hloke nako leha e le efe ea ho e nahana hobane re ne re se re entse qeto. Leha ho le joalo, kaha molaoli oa kampo o ne a le sieo ’me e ne e le eena feela ea nang le matla a ho fana ka taelo ea hore re bolaoe, polao ea rōna e ile ea tlameha ho chechisoa.

Nakong eo, re ile ra qobelloa ho ema lebaleng la kampo letsatsi lohle. Re ne re lebeloa ke masole a mabeli a hlometseng ’me ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse peli, a ne a nkeloa sebaka ke a mang. Ha rea ka ra fuoa lijo, ’me kaha e ne e le February, re ile ra kokonoa ke serame. Beke ea tšoaro ena e mpe e ile ea fela, empa molaoli ha aa ka a fihla. Kahoo, re ile ra kenngoa ka morao terakeng, ’me re ile ra makala ha re iphumana re khutletse Bergen-Belsen.

Nakong eo, ’na le Olga re ne re le boemong bo bobe. Moriri oa ka o ne o foforehile boholo ’me ke ne ke tšoeroe ke feberu e matla. E ne e le ka boiteko bo matlahali ke neng nka khona ho sebetsa ho se hokae. Motjoporo oa sopho ea k’habeche le sengoathoana sa bohobe tsa letsatsi le leng le le leng li ne li sa lekana. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore re sebetse hobane ba neng ba sa khone ba ne ba bolaoa. Baralib’abo rōna ba Majeremane ba neng ba sebetsa le ’na ka kichineng ba ne ba nthusa hore ke fumane khefunyana. Ha balebeli ba hlahlobang ba ne ba e-tla, barali bao beso ba ne ba ntemosa e le hore nka ema tafoleng ea mosebetsi le ho bonahala ke ikakhetse ka setotsoana ho oona.

Ka letsatsi le leng, ho hang Olga ha aa ka a ba le matla a ho ea mosebetsing, ’me ka mor’a moo, ha rea ka ra hlola re mo bona. Ke ile ka lahleheloa ke motsoalle le mphato ea sebete, ea neng a nthusitse haholo nakong ea likhoeli tse thata likampong. Kaha e ne e le molateli ea tlotsitsoeng oa Morena oa rōna Jesu Kreste, e tlameha ebe o ile a amohela moputso oa hae oa leholimo hang-hang.—Tšenolo 14:13.

Ho Lokolloa le Bophelo ba ka Morao ho Moo

Ha ntoa e fela ka May 1945 ’me re fumana tokoloho, ke ne ke fokola hoo ke ileng ka sitoa ho thabela hore qetellong joko ea bahatelli e ne e silakantsoe; leha e le hore ke ile ka khona ho ba har’a mokoloko o neng o isa ba lokolotsoeng linaheng tse ratang ho ba amohela. Ke ile ka sala sepetlele likhoeli tse tharo e le hore ke boele ke matlafale. Ka mor’a moo, ke ile ka isoa Sweden, moo e bileng lehae la ka le lecha. Ke ile ka ikopanya le bara le barali beso ba Bakreste hang-hang, ’me ka nako e tšoanetseng, ka kena letlotlong la bohlokoa la tšebeletso ea tšimo.

Ka 1949, ke ile ka nyaloa ke Lennart Josefsson ea neng a sebelelitse e le molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata. Le eena o ne a ile a kenngoa teronkong nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ka lebaka la ho boloka tumelo ea hae. Re ile ra qala bophelo ba rōna ’moho re le bo-pula-maliboho ka la 1 September 1949, ’me re ile ra abeloa ho sebeletsa motseng oa Borås. Lilemong tsa rōna tsa pele moo, kamehla re ne re khanna lithuto tsa Bibele tse leshome beke e ’ngoe le e ’ngoe ho batho ba thahasellang. Re ile ra thabisoa ke ho bona phutheho ea Borås e hōla ho fihlela li e-ba tharo ka nako ea lilemo tse robong, ’me hona joale li hlano.

Ha kea ka ka lula bopula-malibohong nako e telele hobane ka 1950, re ile ra ba le morali, ’me lilemo tse peli hamorao, ra ba le mora. Kahoo, ke bile le tokelo e thabisang ea ho ruta bana ba rōna ’nete ea bohlokoa eo mora eane oeso ea ratoang oa Hungary a neng a nthute eona ha ke ne ke le lilemo li 16, e leng hore: “Ho sebeletsa Jehova ke tokelo e khōlōhali eo motho a ka bang le eona.”

Ha ke hlahloba bophelo boo ke bileng le bona, ke hlokomela hore ke bile le phihlelo ea ’nete eo morutuoa Jakobo a ngotseng ka eona ha a re hopotsa ka mamello ea Jobo: “Jehova o bonolo haholo boikutlong ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) Le hoja le ’na ke bile le liteko tse matla, ke hlohonolofalitsoe ka ho enneng ka bana ba babeli, balekane ba bona ba lenyalo le litloholo tse tšeletseng—bao kaofela e leng barapeli ba Jehova. Ho feta moo, ke na le bana ba bangata-ngata ba moea, le litloholo, bao ba bang ba bona e leng bo-pula-maliboho le baromuoa. Hona joale tebello ea ka e khōlō ke ea ho kopana le baratuoa ba ka ba robetseng lefung le ho ba amohela ha ba tsoha mabitleng a bona a khopotso.—Johanne 5:28, 29.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Tšebeletsong ea tšimo Sweden ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

’Na le monna oa ka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela