Sehlomathiso
Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang
“Nka etsa’ng hore ngoana oa ka a buisane le ’na?”
“Na ke lokela ho tsitlella hore a fihle lapeng ka nako e itseng?”
“Nka thusa morali oa ka joang hore a be le pono e loketseng ka lijo?”
Tsena ke tse ling tsa lipotso tse 17 tse arabeloang Sehlomathisong sena. Boitsebiso bo fanoeng mona bo arotsoe ka likarolo tse tšeletseng ’me ho bontšitsoe likhaolo tseo bo hlahang ho tsona, Bukeng ea 1 le ea 2 ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.
Bala boitsebiso boo. Ha ho khoneha, bo tšohle le molekane oa hao. Ebe joale le sebelisa keletso e hlahang moo ho thusa bana ba lōna. Likarabo tse fanoeng moo ke tse ka tšeptjoang. Ha lia thehoa bohlaleng ba batho bo haelloang, empa li thehiloe Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.—2 Timothea 3:16, 17.
290 Puisano
297 Melao
302 Bolokolohi
307 Boitšoaro
315 Bomoea
PUISANO
Na ehlile ke phoso ha ke ngangisana le molekane oa ka kapa bana ba ka?
Lenyalong, joang kapa joang ho se tšoane ka maikutlo ho tla ba teng. Empa ke lōna ba ikhethelang hore na le tla sebetsana le hona joang. Ha batsoali ba qabana, seo se ama bacha ka ho teba. Le lokela ho nahanisisa ka taba ena, kaha ha e le hantle lenyalo la lōna le behela bana ba lōna mohlala oo ba ka o latelang ha ba kena lenyalong. Ke hobane’ng ha le sa sebelise liphapang tseo le bang le tsona e le monyetla oa ho ba bontša tsela e molemo ea ho rarolla liqabang? Lekang ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
Mamela. Bibele e re ‘re potlakele ho utloa, re liehe ho bua, re liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) U se ke ua mpefatsa boemo ka ‘ho busetsa bobe ka bobe.’ (Baroma 12:17) Esita le ha ho bonahala eka molekane e mong ha aa ikemisetsa ho mamela, uena u ka khetha ho mamela.
Leka ho hlalosa, ho e-na le ho mo tšoaea liphoso. Bolella molekane oa hao u khobile matšoafo hore na seo a se etsang se u ama joang. (“Ke utloa bohloko ha u . . . ”) U se ke ua mo qosa kapa ua mo tšoaea liphoso. (“Ha u ntsotelle.” “Ha ho mohla u ’mamelang.”)
Khefutsang ho se hokae. Ka linako tse ling, ho molemo hore le tlohele taba eo le buisanang ka eona ho fihlela ha bohale bo kokobetse. Bibele e re: “Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi; kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.”—Liproverbia 17:14.
Kōpang tšoarelo e mong ho e mong—’me haeba ho loketse le ho bana ba lōna. Brianne ea lilemo li 14 o re: “Ka linako tse ling ha batsoali ba ka ba ile ba qabana, ba kōpa tšoarelo ho ’na le abuti oa ka kaha baa tseba hore na seo se re ama joang.” Ntho e ’ngoe ea bohlokoahali eo le ka e rutang bana ba lōna ke hore ka boikokobetso motho a re, “Ke kōpa tšoarelo.”
Empa le ka etsa’ng haeba bothata e le ho ngangisana le bana? Batlang hore na ebe hase lōna bao mohlomong ba mpefatsang boemo le sa elelloe. Ka mohlala, shebang boemo bo hlalositsoeng qalong ea Khaolo ea 2, leqepheng la 15 bukeng ena. Na le ka qolla lintho tseo ’mè oa Rachel a li entseng tse tlatselitseng hore ba ngangisane? Le ka etsa’ng e le hore le qobe ho ngangisana le ngoana oa lōna? Lekang ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
● Qobang ho bua mantsoe a akaretsang, a kang “Kamehla u . . . ” kapa “Ha ho mohla u . . . ” Lipolelo tse joalo li etsa hore a batle ho itšireletsa. Etsoe e ka ’na eaba li feteletsa taba, ’me ngoana o tseba seo. Hape e ka ’na eaba ngoana oa tseba hore le mpa le bua joalo hobane le koatile, eseng hobane a sa le mamele.
● Ho e-na le ho toba ngoana ka ho re “uena” kapa “u,” lekang ho mo hlalosetsa kamoo boitšoaro ba hae bo le amang kateng. Ka mohlala, “Ke utloa . . . ha u . . . ” ’Nete ke hore tlaase botebong ba pelo, ngoana oa tsotella hore na le ikutloa joang. Ha le bolella ngoana hore na le ikutloa joang, seo se ka ’na sa mo susumelletsa hore a sebelisane-’moho le lōna.a
● Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata, ithibeng ho fihlela bohale bo kokobetse. (Liproverbia 29:22) Haeba se etsang hore le ngangisane le ngoana e le taba e amanang le mosebetsi oa lapeng, e tšohleng le eena. Ngolang ka ho hlaka seo le batlang hore a se etse, ’me haeba ho hlokahala le mo hlalosetse hantle hore na ho tla etsahala’ng haeba a sa etse joalo. Mo mameleng le sa mo felle pelo, esita le haeba le nka hore seo a se buang se fosahetse. Bacha ba bangata ba mamela motho ea ba mamelang, ho fapana le ea ba komelang.
● Pele le potlakela ho etsa qeto ea hore ngoana o na le moea oa borabele, hlokomelang hore boholo ba seo le bonang a se etsa ke karolo ea ho hōla. Ngoana a ka ’na a ngangisana le lōna ka ntho e itseng e le hore a le bontše hore oa hōla. Lekang ka matla ho se ngangisane le eena. Hopolang hore tsela eo le itšoarang ka eona ha le halefile e ruta ngoana hore a etse se tšoanang. E-bang le mamello le tiisetso ’me le tla behela ngoana mohlala o motle oo a tla o latela.—Bagalata 5:22, 23.
SHEBA KHAOLO EA 2 BUKENG EA 1 LE KHAOLO EA 24 BUKENG EA 2
Bana ba ka ba lokela ho tseba hakae ka bophelo ba ka ba nakong e fetileng?
Ak’u nahane u le boemong bona: U ja lijo tsa mantsiboea le molekane oa hao, morali oa lōna le metsoalle e itseng. Ha le ntse le qoqa, motsoalle oa hao o bua ka motho e mong eo u neng u ratana le eena—eaba lea arohana—pele u kopana le molekane oa hao. Fereko ea morali oa hao e batla e chophoha. O re ka ho makala: “Athe ho na le motho e mong eo u kileng ua ratana le eena?” Ha u e-s’o ka u bolella morali oa hao taba eo. Joale o batla ho utloa ho eketsehileng. U tla etsa joang?
Hangata ho molemo hore u sekehele ngoana tsebe ha a u botsa lipotso. Etsoe nako le nako ha a u botsa lipotso ’me a mamela ha u mo araba, le se le ntse le buisana—e leng seo batsoali ba bangata ba se labalabelang.
Empa ke lintho life tse etsahetseng nakong e fetileng bophelong ba hao tseo u lokelang ho li bolella ngoana? Ha ho pelaelo hore u ka ’na ua khetha ho se mo bolelle lintho tse itseng tse u soabisang. Leha ho le joalo, maemong a loketseng, ho bua ka liphoso le mathata a mang ao u ileng ua tobana le ’ona ho ka thusa bana ba hao. Joang?
Nahana ka mohlala ona. Moapostola Pauluse o kile a bua sena ka eena: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na. . . . Ke monna ea sōtō hakaakang!” (Baroma 7:21-24) Jehova Molimo o ile a bululela mantsoe ao ’me a etsa hore a ngoloe ka Bibeleng le hore a bolokoe molemong oa rōna. Ka sebele re rua molemo, kaha kaofela ha rōna re khona ho utloisisa boemo boo Pauluse a neng a le ho bona.
Ka ho tšoanang, ha bana ba utloa ka liqeto tse ntle tseo u ileng ua li etsa le ka liphoso tseo u ileng ua li etsa, seo se ka ba thusa hore ba u utloisise hamolemo. Ke ’nete hore ha u hōla mehla e ne e fapane. Empa le hoja mehla e fetohile, tsela eo batho ba entsoeng ka eona ha ea fetoha hammoho le melao-motheo ea Mangolo. (Pesaleme ea 119:144) Ho bua ka mathata ao u ’nileng ua tobana le ’ona—le kamoo u ileng ua sebetsana le ’ona kateng—ho ka thusa bana ba hao ba lilemong tsa bocha hore ba sebetsane le mathata a bona. Mohlankana e mong ea bitsoang Cameron o re: “Ha u hlokomela hore batsoali ba hao ba ’nile ba tobana le mathata a tšoanang le a hao, hoo ho etsa hore u utloisise hore batsoali ba hao le bona ke batho.” Ha a tsoela pele o re: “Nakong e tlang ha u tobana le bothata bo itseng, ua ipotsa hore na batsoali ba hao le bona ba kile ba tobana le bothata bo tšoanang le boo.”
Tlhokomeliso: Ha ho hlokahale hore pale e ’ngoe le e ’ngoe eo u e phetang e felle ka keletso. Ke ’nete hore u ka ’na ua tšoha hore mocha a ka ’na a etsa liqeto tse fosahetseng kapa hona ho nahana hore le eena a ka etsa liphoso tse tšoanang le tsa hao. Empa ho e-na le ho akaretsa seo u batlang hore ngoana a ithute sona puisanong ea lōna (“Ke kahoo u sa lokelang ho . . . ”), ka bokhutšoanyane mo hlalosetse kamoo u ikutloang kateng. (“Ha ke nahana ka taba eo, ke lakatsa eka nka be ke sa etsa tjena le tjena, hobane . . . ”) Kahoo, mora kapa morali oa hao a ka ithuta thuto ea bohlokoa linthong tse u etsahalletseng empa a sa ikutloe eka o ne a khalemeloa.—Baefese 6:4.
SHEBA KHAOLO EA 1 BUKENG EA 1
Nka etsa’ng hore ngoana oa ka a buisane le ’na?
Ha bana ba hao ba sa le banyenyane, mohlomong ba ne ba buisana le uena ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha u ne u ba botsa potso e itseng, ba ne ba araba ba sa qeaqee. Ha e le hantle, hangata ho ne ho sa hlokahale hore u ba botse lipotso; ba ne ba thatoloha joaloka toloki. Ka lehlakoreng le leng, ha u leka ho etsa hore bacha ba bue u ka utloa eka ho tšoana le ha u ntse u hamela letanteng. U ka ’na ua re ka pelong: ‘Ba khona ho buisana le metsoalle ea bona. Empa ke hobane’ng ha ba sa buisane le ’na?’
U se ke ua etsa qeto ea hore ha bana ba hao ba thōtse, seo se bontša hore ha ba u batle kapa ha ba batle hore u tsebe lintho tse etsahalang bophelong ba bona. ’Nete ke hore ba u hloka ho feta leha e le neng pele. Ho thabisang ke hore liphuputso li bontša hore bacha ba bangata ba ntse ba ananela keletso ea batsoali ba bona—ho feta ea lithaka tsa bona kapa e fanoang mecheng ea phatlalatso.
Joale ke hobane’ng ha ba le lesisitheho ho u bolella lintho tseo ba li nahanang? Nahana ka mabaka ao bacha ba bang ba reng ha ba bolelle batsoali ba bona lintho ka ’ona. Ebe u ipotsa lipotso tse latelang ’me u sheba litemana tse bontšitsoeng.
“Ke thatafalloa ho buisana le Ntate hobane ho na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho li etsa, mosebetsing le ka phuthehong. Ha ho mohla ho bonahalang eka o na le nako ea hore re ka buisana.”—Andrew.
‘Na ke sa hlokomele, ke fana ka maikutlo a hore ke phathahane hoo ke se nang nako ea ho buisana le bana ba ka? Haeba ho joalo, nka etsa’ng e le hore ba nolofalloe ho buisana le ’na? Nka ipehela nako neng ea hore ke buisane le bana ba ka kamehla?’—Deuteronoma 6:7.
“Ke ile ka bolella ’Mè ke tletse likhapha ka taba e ’ngoe eo re neng re phehisana khang ka eona sekolong. Ke ne ke batla hore a ntšelise, empa ho e-na le hoo o ile a nkhalemela ka thata. Haesale ho tloha mohlang oo, ha ke e-s’o ka ke mo bolella ntho leha e le efe ea bohlokoa.”—Kenji.
‘Ke etsa’ng ha bana ba ka ba mpolella mathata a bona? Esita le haeba ho hlokahala hore ke ba khalemele, na nka ithuta ho leta le ho ba mamela ka kutloelo-bohloko pele ke ba fa keletso?’—Jakobo 1:19.
“Ho bonahala eka nako le nako ha batsoali ba re ba ke ke ba halefa ha re bua, ba ntse ba koata. Joale bacha ba ikutloa ba tsuoe tlaase.”—Rachel.
‘Haeba ngoana a mpolella taba e nkhalefisang, nka etsa’ng ho ithiba?’—Liproverbia 10:19.
“Hangata ha ke ne ke bolella ’Mè makunutu a ka, hang-hang o ne a a bolella metsoalle ea hae. Ho ile ha feta nako e telele ke sa mo tšepe.”—Chantelle.
‘Na ke bontša ho nahanela maikutlo a ngoana ka hore ke se ke ka jala makunutu ao a mpoleletseng ’ona?’—Liproverbia 25:9.
“Ho na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho li bolella batsoali ba ka. Ke mpa feela ke batla hore ba nthuse ho qala moqoqo.”—Courtney.
‘Na nka qalisa moqoqo le bana ba ka? Ke nako efe e loketseng ea ho buisana le bona?’—Moeklesia 3:7.
Kaha u motsoali, u tla rua molemo haholo ha u nolofalletsa ngoana oa hao hore a buisane le uena. Nahana ka phihlelo ea Junko ea lilemo li 17 oa Japane. O re: “Ka nako e ’ngoe ke ile ka bolella ’Mè hore ke ikutloa ke phutholohile haholo ha ke e-na le bana bao ke kenang sekolo le bona, ho feta ha ke e-na le Bakreste-’moho le ’na. Ka le hlahlamang ke ile ka fumana ’Mè a ’ngoletse lengolo a le behile deskeng ea ka. O ne a ngotse hore nakong e fetileng le eena o ne a ikutloa a sa phutholoha ha a e-na le balumeli-’moho le eena. O ile a nkhopotsa ka batho ba bang bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ileng ba sebeletsa Molimo, le hoja ho ne ho se na batho ba ba khothatsang. O ile a boela a mpabatsa ka boiteko boo ke neng ke bo entse ba ho batla metsoalle e molemo. Ke ile ka hlolloa ha ke hlokomela hore hase ’na feela ea nang le bothata bona. ’Mè le eena o ne a bile le bona, ’me ke ne ke thabetse ho utloa seo hoo ke ileng ka lla. Seo ’Mè a mpoleletseng sona se ile sa nkhothatsa haholo ’me sa ’matlafalletsa hore ke etse se nepahetseng.”
Joalokaha ’mè oa Junko a ile a hlokomela, bacha ba atisa ho bua le batsoali ba bona ka bolokolohi ha ba ba tiisetsa hore ba ke ke ba ba phoqa kapa ba ba nyatsa ka lebaka la lintho tseo ba li nahanang le tsela eo ba ikutloang ka eona. Empa u ka etsa’ng haeba ngoana oa hao a bonahala a tenehile kapa a bile a halefile ha a bua le uena? Qoba ho itšoara ka tsela e tšoanang. (Baroma 12:21; 1 Petrose 2:23) Le hoja ho se bonolo ho etsa joalo, bontša ngoana ka seo u se buang le seo u se etsang hore na u lebeletse hore a itšoare joang.
Hopola sena: Bacha baa fetoha ha ba ntse ba hōla hore e be batho ba baholo. Litsebi li hlokometse hore ha ba le boemong boo, boitšoaro ba bona bo atisa ho feto-fetoha—ka nako e ’ngoe ba itšoara joaloka batho ba baholo kapa joaloka bana. U ka etsa’ng ha u hlokomela hore ngoana oa hao o itšoara ka tsela ee—haholo-holo haeba ka nako e ’ngoe a itšoara joaloka ngoana?
Qoba ho mo omanya kapa ho phehisana khang le eena. Ho e-na le hoo, buisana le eena joalokaha eka ke motho e moholo. (1 Bakorinthe 13:11) Ka mohlala, haeba mocha a qala ho bua joaloka ngoana ’me a re, “Ke hobane’ng ha u lula u nkomanya?” u ka ’na ua utloa hore u mo halefele. Empa ha u etsa joalo, u tla sitoa ho laola puisano ’me mohlomong u ngangisane le eena. Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua re: “Ke bona eka u halefile haholo. Ke nahana hore re buisane ka taba ena hamorao, ha u se u khobile matšoafo.” Ha u etsa joalo, u khona ho laola puisano. Joale u butse mocha oa hore le tle le buisane, ho e-na le hore le ngangisane.
SHEBA KHAOLO EA 1 LE EA 2 BUKENG EA 1
MELAO
Na ke lokela ho tsitlella hore ngoana a fihle lapeng ka nako e itseng?
E le ho u thusa ho araba potso eo, ak’u nahane u le boemong bona: Mora oa hao o fihla lapeng metsotso e 30 ka mor’a nako eo u mo behetseng eona, ’me u utloa lemati le buleha butle. Ka pelong u re, ‘Kea kholoa o nahana hore ke robetse.’ Leha ho le joalo, ha ua robala. Ha e le hantle, esale u lutse monyako ho tloha nakong eo a neng a lokela ho fihla ka eona lapeng. Joale lemati le bulehile ka ho feletseng ’me mora oa hao oa u bona. U tla re’ng? U tla etsa’ng?
Ho na le lintho tse peli tseo u ka khethang ho li etsa. U ka nka taba ena habobebe. Ua re ka pelong: ‘Ngoana e tla lula e le ngoana.’ Kapa u ka ’na ua feteletsa taba eaba u re, “U qetetse ho tsamaea!” Ho e-na le hore u nkoe ke pelo, mamela pele, mohlomong ho na le lebaka le utloahalang la hore ebe o liehile ho fihla. Joale u ka sebelisa taba ena ea hore o fihlile ka mor’a nako eo u mo behetseng eona ho mo ruta thuto ea bohlokoa. Joang?
Tlhahiso: Bolella ngoana hore le tla bua ka taba eo hosasa. Joale ka nako e loketseng, lula fatše le eena ’me u mo bolelle hore na u tla sebetsa taba eo joang. Batsoali ba bang ba lekile ho etsa se latelang: Haeba mora kapa morali oa bona a fihla ka mor’a nako, lekhetlong le latelang ha a tsamaea, ba mo bolella hore a khutle metsotso e 30 pele ho nako eo ka tloaelo a e behetsoeng. Empa haeba mora kapa morali a tloaetse ho fihla lapeng ka nako ’me a bontša hore a ka tšeptjoa, ka linako tse ling u ka ’na ua nahana ho mo fa bolokolohi bo eketsehileng, ua ba ua chechisa nako eo u mo behetseng ho fihla ka eona lapeng. Ke habohlokoa hore ngoana a tsebe hantle hore na o lokela ho ba lapeng neng le hore na liphello e tla ba life haeba a sa fihle ka nako eo a e behetsoeng. Joale tiisa hore u etsa seo u itseng u tla se etsa haeba a sa mamele.
Empa hlokomela hore Bibele e re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe.” (Bafilipi 4:5) Pele u behela ngoana nako ea hore na a fihle neng lapeng, u ka ’na ua fumana ho le molemo ho buisana le eena ka taba ena, u mo lumelle hore a fane ka tlhahiso ea hore na a ka rata ho beheloa nako efe, ’me a fane ka mabaka a seo. Nahana ka hloko ka seo a se kōpang. Haeba ngoana a bontšitse hore o na le boikarabelo, u ka ’na ua lumela seo a se kōpang haeba se utloahala.
Ho fihla ka nako ke ntho ea bohlokoa bophelong. Ka hona, ho behela ngoana nako ea ho fihla lapeng hase feela taba ea ho mo sireletsa. Ke ho mo fa lefa le tla mo tsoela molemo hamorao ha a se a tlohile lapeng.—Liproverbia 22:6.
SHEBA KHAOLO EA 3 BUKENG EA 1 LE KHAOLO EA 22 BUKENG EA 2
Nka etsa’ng haeba ke qabana le bana ba ka ka liaparo?
Nahana ka boemo bo boletsoeng leqepheng la 77 bukeng ena. Nka hore Heather ke morali oa hao. Ua hlokomela hore ho tšoana le ha a sa apara—’mele oohle o ka ntle. Hang ha u mo bona, u re: “Khutlela ka kamoreng u e’o chencha ausinyana, ho seng joalo ha ho moo u eang teng!” A ka ’na a etsa seo u mo bolellang sona. Etsoe morali oa hao ha a na boikhethelo haese hore a etse seo u mo bolellang sona. Empa u ka etsa’ng ho mo ruta hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona, eseng feela eo a aparang ka eona?
● Ntlha ea pele, hopola hore ngoana oa hao o lokela ho ameha ka liphello tse ka tlisoang ke ho apara ka tsela e sa hlompheheng, mohlomong o lokela ho ameha ka seo le ho u feta. Botebong ba pelo, ngoana ha a batle ho bonahala eka ke lekoala kapa hona ho ipitsetsa mahlo ho sa hlokahale. Ka mamello, mo bontše hore ho apara ka tsela e sa hlompheheng ho tlosa motho seriti ’me u mo hlalosetse lebaka la seo.b Mo eletse hore na a ka apara eng.
● Ntlha ea bobeli, e-ba le kahlolo e molemo. Ipotse, ‘Na seaparo see se khahlanong le molao-motheo oa Bibele, kapa e mpa e le feela hore ha ke se rate?’ (2 Bakorinthe 1:24; 1 Timothea 2:9, 10) Haeba ke feela taba ea hore ha u se rate, na u ka mo lumella hore a se apare?
● Ntlha ea boraro, u se ke ua bolella ngoana feela hore liaparo tse itseng ha li amohelehe. Mo thuse hore a fumane tse amohelehang. Re u khothalletsa hore u sebelise lintlha tse leqepheng la 82 le la 83 bukeng ena hore u behelane mabaka le eena. Seo se tla ba molemo haholo!
SHEBA KHAOLO EA 11 BUKENG EA 1
Na ke lokela ho lumella ngoana oa ka hore a bapale lipapali tsa elektronike?
Lipapali tsa elektronike li fapane hōle le kamoo li neng li le kateng ha u sa le mocha. U le motsoali, u ka thusa ngoana oa hao joang hore a hlokomele likotsi tse ka ’nang tsa hlaha ’me a li qobe?
Ho ke ke ha thusa hakaalo ho nyatsa lipapali tsohle tsa elektronike kapa ho tsitlella hore ke tšenyo ea nako feela. Hopola hore hase lipapali tsohle tse fosahetseng. Empa motho a ka li lemalla. Kahoo, hlahloba nako eo ngoana a e qetang a li bapala. Hape u lokela ho hlahloba hore na ke lipapali tsa mofuta ofe tseo a bonahalang a li thahasella. U ka ba ua mo botsa lipotso tse kang tsena:
● Liithuti-’moho le uena li rata papali efe haholo?
● Ho etsahala’ng papaling eo?
● U nahana hore ke hobane’ng ha e ratoa hakaale?
U ka ’na ua fumana hore ngoana oa hao o tseba haholo ka lipapali tsa elektronike ho feta kamoo u nahanang kateng! Mohlomong o bile o bapetse lipapali tseo u nahanang hore lia belaetsa. Haeba ho joalo, u se ke ua halefa. Ona ke monyetla oa ho mo thusa hore a be le matla a ho lemoha.—Baheberu 5:14.
Botsa ngoana lipotso tse tla mo thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha a rata lipapali tse belaetsang. Ka mohlala, u ka mo botsa potso e kang ena:
● Na u ikutloa u le mokhelo hobane u sa lumelloe ho bapala papali eo?
Bacha ba bang ba ka ’na ba bapala papali e itseng e le hore ba tle ba be le seo ba ka qoqang le lithaka tsa bona ka sona. Haeba ho joalo ka ngoana oa hao, mohlomong u ne u ke ke ua buisana le eena ka tsela eo u neng u tla buisana le eena ka eona haeba u ne u hlokometse hore o rata lipapali tse bontšang pefo e sisimosang kapa boitšoaro ba ho kopanela liphate.—Bakolose 4:6.
Empa u lokela ho etsa’ng haeba ngoana oa hao a khahliloe ke liketso tse fosahetseng papaling eo? Bacha ba bang ba ka ’na ba potlakela ho re bona ha ba angoe ke tšollo ea mali e bontšoang lipapaling tsa k’homphieutha. Ba re, ‘Ha ho bolele hore seo ke se etsang k’homphieutheng, ke tla se etsa bophelong.’ Haeba ngoana a nahana joalo, mo bontše Pesaleme ea 11:5. Joalokaha temana eo e bontša ka ho hlaka, hase feela ho ba mabifi ho etsang hore motho a se ke a amoheloa ke Molimo, empa ho rata pefo le hona ho etsa hore Molimo a se ke a mo amohela. Molao-motheo ona oa sebetsa le tabeng ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate kapa liketso leha e le life tseo Lentsoe la Molimo le li nyatsang.—Pesaleme ea 97:10.
Haeba lipapali tsa elektronike li bakela ngoana bothata bo itseng, leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
● U se ke ua mo lumella ho bapalla lipapali tsa elektronike sebakeng se poteletseng, se kang ka kamoreng.
● Beha melao—ka mohlala, u ke ke ua bapala pele u qeta mosebetsi oa hao oa sekolo kapa u ja lijo tsa mantsiboea kapa pele u phetha mosebetsi o itseng oa bohlokoa.
● Bontša bohlokoa ba ho etsa lintho tse ling tse thapollang ’mele.
● Shebella bana ba hao ha ba bapala lipapali tsa elektronike—kapa ho molemo le ho feta, li bapale le bona ka linako tse ling.
E le hore u thuse bana ba hao tabeng ea boithabiso, ho hlakile hore u lokela ho ba behela mohlala o motle. Kahoo ipotse, ‘Ke shebella mananeo a joang a thelevishene le lifilimi?’ U se ke ua ithetsa—haeba u etsa se fapaneng le seo u se buang, bana ba hao ba tla hlokomela seo!
SHEBA KHAOLO EA 30 BUKENG EA 2
Ke lokela ho etsa’ng haeba ngoana oa ka a lemaletse selefouno, k’homphieutha, kapa mecha e meng ea phatlalatso ea elektronike?
Na ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o qeta nako e ngata haholo a sebelisa Inthanete, o romela le ho romelloa melaetsa e mengata haholo ea selefouno, kapa o qeta nako e ngata haholo a mametse MP3 ho feta eo a e qetang a e-na le uena? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng?
Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang e ka ba ho mo amoha sesebelisoa seo. Empa u se ke ua nka hore mecha eohle ea phatlalatso ea elektronike e fosahetse. Etsoe, mohlomong le uena u sebelisa mocha o itseng oa phatlalatso oa elektronike oo batsoali ba hao ba neng ba se na oona. Kahoo, ho e-na le hore u amohe mocha sesebelisoa seo—ntle le haeba ho e-na le mabaka a u tlamang hore u etse joalo—ke hobane’ng ha u sa nke oo e le monyetla oa hore u koetlise mora kapa morali oa hao ho sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ka tsela e bohlale le e loketseng? U ka etsa see joang?
Lula fatše ’me u buisane le mocha ka taba eo. Ntlha ea pele, mo bolelle seo u tšoenyehileng ka sona. Ntlha ea bobeli, mo mamele ha a bua. (Liproverbia 18:13) Ntlha ea boraro, buisanang ka hore na le ka rarolla bothata boo joang. U se ke ua tšaba ho mo behela lithibelo tse tiileng, empa le teng u be le kahlolo e molemo. Mocha e mong ea bitsoang Ellen o re: “Ha ke ne ke e-na le bothata ba ho lula ke romela melaetsa ka selefouno, batsoali ba ka ha baa ka ba nkamoha eona; empa ba ile ba mpehela melao. Tsela eo batsoali ba ka ba entseng lintho ka eona e nthusitse hore ke romele melaetsa ea selefouno ka tsela e leka-lekaneng, esita le ha ba sa mpone.”
U ka etsa’ng haeba mora kapa morali oa hao a leka ho ikemela? U se ke ua etsa qeto ea hore u ntse u hamela letanteng. Ho e-na le hoo, e-ba le mamello ’me u fe mocha nako ea hore a nahane ka taba eo. E ka ’na eaba o se a ntse a lumellana le uena ’me o tla ntlafatsa moo ho hlokahalang. Bacha ba bangata ba ikutloa joaloka mocha e mong ea bitsoang Hailey, ea reng: “Qalong, ke ile ka halefa ha batsoali ba ka ba mpolella hore ke lemaletse k’homphieutha. Empa hamorao, ha ke nahana ka taba eo, ka elelloa hore ba nepile.”
SHEBA KHAOLO EA 36 BUKENG EA 1
BOLOKOLOHI
Ke lokela ho fa ngoana oa ka bolokolohi bo bokae?
Ho ka ’na ha bonahala ho le boima ho araba potso eo ha u nahana ka taba ea ho ba boinotšing. Ka mohlala, u lokela ho etsa’ng haeba mora a le ka kamoreng, a koetse monyako? Na u lokela ho itšohlometsa feela u sa kokota? Kapa u lokela ho etsa’ng haeba morali a siile selefouno ha a potlakela sekolong? Na u lokela ho bala melaetsa e fonong ea hae?
Ha ho bonolo ho araba lipotso tsena. Kaha u motsoali, u tšoanela ho tseba se etsahalang bophelong ba mocha ’me u na le boikarabelo ba ho mo sireletsa. Empa u ke ke ua lula u ‘oka-okela’ ngoana u sa mo tšepe ’me u katile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. U ka bontša ho leka-lekana joang tabeng ee?
Ntlha ea pele, hlokomela hore takatso ea mocha ea ho ba boinotšing hase kamehla e bolelang hore ho na le ntho e itseng e mpe eo a e etsang. Hangata seo ke karolo ea ho hōla. Ho ba boinotšing ho thusa bacha ‘hore ba inonye’ ha ba ntse ba theha setsoalle ba bile ba leka ho rarolla mathata, ba sebelisa ‘matla a bona a ho nahana.’ (Baroma 12:1, 2) Ho ba thusa ho hōlisa matla a bona a ho nahana—e leng tšobotsi ea bohlokoa e tla ba nolofalletsa hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Ho boetse ho ba fa monyetla oa ho thuisa pele ba etsa liqeto kapa ba araba lipotso tse thata.—Liproverbia 15:28.
Ea bobeli, ela hloko hore ha u leka ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mocha a e etsang bophelong, seo se ka ’na sa mo halefisa le ho mo etsa lerabele. (Baefese 6:4; Bakolose 3:21) Na see se bolela hore u lokela ho mo tlohela feela? Che, u ntse u le motsoali. Empa sepheo ke hore ngoana a be le letsoalo le koetlisitsoeng. (Deuteronoma 6:6, 7; Liproverbia 22:6) Qetellong, ho mo tataisa ho molemo ho feta ho lula u mo katile.
Ea boraro, buisana le mocha ka taba ena. Mo mamele ha a hlalosa lintho tse mo tšoenyang. Na mohlomong u ka ’na ua tenyetseha ka linako tse ling? Bolella mocha hore u tla mo fa nako e itseng ea ho ba boinotšing, hafeela a ke ke a u phoqa. Mo hlalosetse hore na ho tla etsahala’ng ha a sa mamele, ’me u phethahatse seo ha ho hlokahala. Kholiseha hore u ka fa mocha nako ea ho ba boinotšing, empa u sa nyahlatse boikarabelo ba hao ba ho ba motsoali ea tsotellang.
SHEBA KHAOLO EA 3 LE EA 15 BUKENG EA 1
Ngoana oa ka o lokela ho tlohela sekolo neng?
“Matichere a ka aa bora!” “Ke fuoa mosebetsi o mongata haholo oa sekolo!” “Ke thatafalloa ho pasa lithuto tsa ka—ke sa itšoenyetsa’ng?” Mathata a kang ana a etsa hore bacha ba bang ba batle ho tlohela sekolo pele ba fumana tsebo eo ba tla e hloka hore ba iphelise. Haeba mora kapa morali oa hao a batla ho tlohela sekolo, u ka etsa’ng? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
● Hlahloba boikutlo boo u nang le bona ka thuto. Na u ne u nka hore ho kena sekolo ke tšenyo ea nako—ke ‘chankana’ eo u tlamehang ho e mamella ho fihlela mohla u ka etsang lintho tse ling tse thahasellisang? Haeba ho joalo, bana ba hao ba ka ’na ba bontša boikutlo bo tšoanang ka thuto. ’Nete ke hore ho ba le thuto e lekaneng ho tla ba thusa hore ba fumane “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana”—e leng litšobotsi tse tla ba thusa hore ba finyelle lintho tseo ba li batlang bophelong.—Liproverbia 3:21.
● Ba fe lithulusi. Bana ba bang ba ka pasang hantle ba mpa ba sa tsebe mokhoa oa ho ithuta—kapa ba hloka sebaka se loketseng seo ba ka ithutelang ho sona. Sebaka se loketseng sa ho ithuta se ka ’na sa akarelletsa ho ba le deske e makhethe, moo ho nang le khanya e lekaneng le lintho tsa ho etsa lipatlisiso. U ka thusa ngoana hore a hatele-pele—ebang ke moeeng kapa likarolong tse ling tsa bophelo—ka ho mo lokisetsa sebaka se loketseng e le hore a ka nahanisisa ka lintho tse ncha tseo a ithutang tsona.—Bapisa le 1 Timothea 4:15.
● Kenya letsoho. Talima matichere le baeletsi e le bathusi, eseng lira. Kopana le ’ona. A tsebe ka mabitso. Buisana le ’ona ka lintho tseo ngoana a batlang ho li finyella le mathata ao a tobanang le ’ona. Haeba ngoana a sa pase hantle, leka ho fumana hore na bothata bo hokae. Ka mohlala, na o nahana hore ha a ka sebetsa hantle sekolong, o tla tlokoa ke bana ba bang? Na ke tichere e nang le bothata? Na o thatafalloa ke lithuto tseo a li etsang? Lintho tseo ngoana a ithutang tsona sekolong li lokela ho mo thusa hore a ntlafatse bokhoni ba hae, eseng hore li mo sithabetse. Kapa mohlomong: Na o na le bothata bo itseng ’meleng, bo kang ba ho se bone hantle kapa ba ho ithuta?
Haeba u kenya letsoho haholoanyane koetlisong ea ngoana, ebang ke litabeng tsa moea kapa likarolong tse ling tsa bophelo, seo se tla mo thusa hore a atlehe.—Pesaleme ea 127:4, 5.
SHEBA KHAOLO EA 19 BUKENG EA 1
Nka tseba joang haeba ngoana oa ka o se a loketse ho tloha lapeng?
Serena eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae Khaolong ea 7 bukeng ena, o tšaba ho tloha lapeng. Ebe lebaka le leng ke lefe? O re: “Le ha ke batla ho ithekela ntho e itseng ka chelete ea ka, Ntate oa hana. O re boo ke boikarabelo ba hae. Kahoo, taba ea hore ke tla tlameha ho lefella likoloto ea ntšosa.” Ha ho pelaelo hore ntate oa Serena o etsa seo ka sepheo se setle, empa na u nahana hore o thusa morali oa hae ho itokisetsa hore a tle a lule a le mong?—Liproverbia 31:10, 18, 27.
Na u sirelelitse bana ba hao ho feta tekano hoo ba seng boemong ba hore ba ka lula ba le bang? U ka tseba see joang? Nahana ka lintlha tse ’nè tse boletsoeng Khaolong ea 7 tlas’a sehloohoana se reng “Na ke se ke Itokisitse?”—empa u nahane ka tsona joaloka motsoali.
Ho sebelisa chelete. Na bana ba hao ba seng ba hōlile ba tseba ho tlatsa lipampiri tsa lekhetho kapa ba tseba seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba boloke melao ea lekhetho? (Baroma 13:7) Na ba tseba ho sebelisa mokitlane ka tsela e bontšang boikarabelo? (Liproverbia 22:7) Na ba ka iketsetsa moralo oa tšebeliso ea chelete ’me ba phela ka chelete eo ba nang le eona? (Luka 14:28-30) Na ba tseba thabo e tlisoang ke ho ithekela ntho ka chelete eo ba e sebelelitseng? Na ba latsoitse thabo e fetang eo, e tlisoang ke ho fana ka nako ea bona le matlotlo a bona e le hore ba thuse ba bang?—Liketso 20:35.
Ho tseba mesebetsi ea lapeng. Na bara le barali ba hao ba tseba ho pheha? Na u ba rutile ho hlatsoa le ho aena? Haeba ba tseba ho khanna, na ba ka etsa lintho tse bonolo joaloka ho chencha fuse, oli kapa thaere ’me ba etsa seo ka tsela e sireletsehileng?
Ho phelisana hantle le batho. Na ha bana ba seng ba hōlile ba qabana, kamehla u ba moahloli, u ba qobella ho rarolla bothata ka tsela e itseng? Kapa na u ba rutile hore ba rarolle mathata ka khotso ba ntan’o u bolella hore na ba fihletse qeto efe?—Matheu 5:23-25.
Kemiso ea lintho tsa moea. Na u bolella bana seo ba lokelang ho se lumela kapa ua ba susumetsa? (2 Timothea 3:14, 15) Ho e-na le ho lula u arabela lipotso tseo ba li botsang tabeng ea bolumeli le ea boitšoaro, na u ba ruta hore ba hlaolele “matla a ho nahana”? (Liproverbia 1:4) Na u ka rata hore ba etsise tsela eo u ithutang Bibele ka eona, kapa u ka rata hore ba etse ho hong ho molemo ho feta?c
Ha ho pelaelo hore ho koetlisa bana lintlheng tse boletsoeng ka holimo ho nka nako ebile ho hloka boiteko bo matla. Empa le hoja u ka ’na ua utloa bohloko ha ba tloha lapeng, u tla thaba hore ebe u entse boiteko boo.
SHEBA KHAOLO EA 7 BUKENG EA 1
BOITŠOARO
Na ke lokela ho buisana le ngoana oa ka ka taba ea ho kopanela liphate?
Bana ba bolelloa ka thobalano ba sa le banyenyane haholo. Bibele e ile ea bolela nako e telele esale pele hore ‘matsatsi a ho qetela’ a ne a tla tšoauoa ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” ’me batho e ne e tla ba “ba hlokang boitšoaro” le “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1, 3, 4) Mokhoa oa ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate ke o mong oa matšoao a mangata a bontšang hore boprofeta boo boa phethahala.
Kajeno bophelo bo fapane hōle le kamoo bo neng bo le kateng ha u ntse u hōla. Leha ho le joalo, mathata ’ona aa tšoana. Ka lebaka leo, u se ke ua tsieleha kapa ua tšosoa ke tšusumetso e mpe eo bana ba hao ba tobaneng le eona. Ho e-na le hoo, ikemisetse ho ba thusa hore ba etse seo moapostola Pauluse a ileng a se khothalletsa Bakreste lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, ha a ne a re: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11) Ke ’nete hore bacha ba bangata ba Bakreste ba etsa boiteko bo babatsehang ba ho loanela ho etsa se nepahetseng ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe eo ba tobanang le eona. U ka thusa bana ba hao joang hore ba etse se tšoanang?
Tsela e ’ngoe ke ka ho qalisa puisano u sebelisa boitsebiso boo u bo nkileng likhaolong tse Karolong ea 4 ea buka ena le tse Karolong ea 1 le ea 7 Bukeng ea 2. Likhaolong tseo ho na le litemana tse thusang motho hore a nahane ka ho teba. Ho tse ling ho na le mehlala ea batho ba ileng ba emela se nepahetseng ’me ba hlohonolofatsoa, ha ho tse ling ho na le mehlala ea ba ileng ba iphapanyetsa melao ea Molimo eaba ba khola litholoana tse babang. Litemaneng tse ling ho na le melao-motheo e ka thusang bana hore ba hlokomele kamoo uena hammoho le bona, le nang le tlotla e khōlō kateng ea ho phela ka melao ea Molimo. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore haufinyane le hlahlobe boitsebiso boo hammoho?
SHEBA KHAOLO EA 23, 25, LE EA 32 BUKENG EA 1 LE KHAOLO EA 4-6 LE EA 28 LE EA 29 BUKENG EA 2
Na ke lokela ho lumella ngoana oa ka hore a qale ho intša?
Joang kapa joang, taba ea ho intša e tla ama bana ba hao neng-neng bophelong. Phillip o re: “Ha ho hlokahale le hore ke etse letho! Banana ke bona ba mpherehang, ebe ke sala ke ipotsa, ‘Joale ha ho le tjee ke etse’ng?’ Ho thata ho ba hana, hobane ba bang ba bona ba batle haholo!”
Ntho e molemo eo uena joaloka motsoali u ka e etsang ke hore u bue le ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha ka taba ea ho intša, mohlomong u sebelisa boitsebiso bo Khaolong ea 1 Bukeng ea 2 e le motheo oa puisano. Botsa mora kapa morali oa hao hore na o ikutloa joang ka phephetso eo a tobanang le eona sekolong kapa esita le ka phuthehong ea Bokreste. Ka linako tse ling u ka buisana le ngoana ka taba ena le iqoqela feela, joaloka “ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng.” (Deuteronoma 6:6, 7) Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, hopola hore u lokela ‘ho potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’—Jakobo 1:19.
Haeba mora kapa morali oa hao a bontša hore o rata motho ea itseng, u se ke ua tšoha. Ngoanana e mong o re: “Ha Ntate a utloa hore ke na le mohlankana, o ile a loloma ke bohale! O ile a leka ho ntšosa ka ho mpotsa lipotso tse ngata, tse kang hore na ke se ke loketse ho nyaloa—e leng lipotso tseo ha u sa le monyenyane, li ka etsang hore u batle ho lelefatsa nako ea lefereho moo u batlang ho bontša batsoali ba hao hore ba fositse!”
Haeba ngoana oa hao a tseba hore taba ea ho intša hase eo a ka lorang a buile ka eona ho uena, ho ka ’na ha hlaha kotsi—a ka ’na a ratana ka sekhukhu. Ngoanana e mong o re: “Ha batsoali ba halefa, sena se etsa hore bana ba pate hore baa ratana. Ha ba khaotse. Ba ba manere.”
Ho ka ba molemo hore u buisane le ngoana ka botšepehi. Brittany ea lilemo li 20 o re: “Batsoali ba ka ba ’nile ba ipuela ka bolokolohi le ’na ka litaba tsa ho intša. Ke habohlokoa hore ba tsebe motho ea nkhahlileng, ’me ke nka hore eo ke ntho e ntle! Ka mor’a moo, Ntate o tla buisana le eena. Haeba ho e-na le lintho tseo ba amehileng ka tsona, batsoali ba ka baa mpolella. Hangata ke etsa qeto ea ho khaotsa hona hoo, le pele re ka qala ho ratana.”
Ka mor’a hore u bale Khaolo ea 2 Bukeng ea 2, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na mora kapa morali oa ka a ka mpatela hore oa ratana?’ Ela hloko mabaka ao bacha ba ’maloa ba reng a etsa hore ba kene molekong oa ho ratana ka sekhukhu, ebe joale u nahana ka lipotso tse botsitsoeng ka mor’a moo.
“Bana ba bang ha ba fumane tšehetso lapeng, ka lebaka leo ba itšetleha ka bahlankana kapa likharebe tsa bona hore ebe bona ba ba tšehetsang.”—Wendy.
Joaloka motsoali, u ka etsa’ng ho tiisa hore bana ba hao ba khotsofatsoa maikutlong ka tsela e loketseng? Na ho na le moo u ka ntlafatsang teng tabeng ee? Haeba ho joalo, ke lintlheng life?
“Ha ke le lilemo li 14, moshanyana e mong ea neng a tlile naheng ea heso tlas’a lenaneo la phapanyetsano ea liithuti o ile a mphereha. Ke ile ka mo lumela. Ke ne ke nahana hore ho tla ba monate hore ke be le mohlankana ea ntšoarang.”—Diane.
Haeba Diane e ne e le morali oa hao, u ne u tla buisana le eena joang ka taba ee?
“Liselefouno li nolofalletsa bana hore ba ratane ka sekhukhu. Batsoali ha ba tsebe letho ka se etsahalang!”—Annette.
Ke mehato efe eo u ka e nkang ho sireletsa bana ba hao ha ba sebelisa liselefouno?
“Ho ka ba bonolo hore bana ba ratane ka sekhukhu, haeba batsoali ba sa ele hloko hore na ba etsa eng le hona ba e etsa le bo-mang.”—Thomas.
Na ho na le litsela tseo ka tsona u ka tsebang haholoanyane lintho tse etsahalang bophelong ba mora kapa morali oa hao, empa u ntse u mo fa bolokolohi bo loketseng?
“Hangata batsoali ha ba be lapeng ka nako eo bana ba leng teng. Kapa ba tšepa bana hoo ba ba lumellang ho itsamaela le batho ba bang.”—Nicholas.
Ak’u nahane ka motsoalle oa ngoana oa hao oa hlooho ea khomo. Na u hlile ua tseba hore na ba etsa’ng ha ba le ’moho?
“Bana ba ka ratana ka sekhukhu haeba batsoali ba tiisa letsoho ho feta tekano.”—Paul.
Le hoja u sa hlokomolohe melao le melao-motheo ea Bibele, u ka etsa’ng hore ‘ho ba le kahlolo e molemo ha hao ho tsejoe’?—Bafilipi 4:5.
“Ha ke sa tsoa feta lilemo tse 12, ke ne ke ikhella fatše ’me ke batla ho ratoa. Ke ile ka qala ho ngolla moshanyana e mong oa phutheho e haufi le ea heso ka Inthanete eaba rea ratana. O ne a nketsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”—Linda.
U nahana hore litlhoko tsa Linda li ne li ka khotsofatsoa ka litsela life tse molemo lapeng?
Ke hobane’ng ha u sa sebelise boitsebiso bo Khaolong ea 2 Bukeng ea 2 hammoho le bo Sehlomathisong see ho tšohla taba ee le mora kapa morali oa hao? Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa hore ngoana a se ke a u patela lintho ke hore u buisane le eena ka bolokolohi le ka ho toba.—Liproverbia 20:5.
SHEBA KHAOLO EA 1-3 BUKENG EA 2
LITABA TSA MAIKUTLO
Ke lokela ho etsa’ng haeba ngoana oa ka a bua ka ho ipolaea?
Linaheng tse ling, palo ea bacha ba ipolaeang e holimo ka tsela e tšoenyang. Ka mohlala, United States, ho ipolaea ke sesosa sa boraro ho tse itlhommeng pele bacheng ba shoang ba le lilemo li 15 ho isa ho 25, ’me lilemong tse 20 tse fetileng lenane la ba ipolaeang ba le lilemo li 10 ho isa ho 14 le imenne habeli. Bacha ba kotsing haholo ke ba nang le bokuli bo itseng ba kelello, bao litho tse ling tsa malapa abo bona li ipolaileng le ba kileng ba leka ho ipolaea. Matšoao a lemosang hore e ka ’na eaba mocha o nahana ho ipolaea a kopanyelletsa a latelang:
● Ho ikhula ho ba lelapa le metsoalle
● Ho ja le ho robala ka tsela e sa tloaelehang
● Ho felloa ke thahasello linthong tseo a neng a thabela ho li etsa
● Ho fetoha ka tsela e hlokomelehang
● Ho sebelisa joala kapa lithethefatsi hampe
● Ho fana ka lintho tsa hae tsa bohlokoa
● Ho bua ka lefu kapa lintho tse ling tse amanang le lona
Phoso e khōlō ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e etsang ke ho iphapanyetsa matšoao a joalo a lemosang. Nka ka ho teba matšoao ’ohle a belaetsang. U se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore ngoana o mpa a rata ho etsa lintho tse makatsang, ’me seo se tla feta.
Hape u se ke ua ba lihlong ho kōpela mora kapa morali oa hao thuso haeba a tepeletse maikutlo haholo kapa a na le bokuli bo itseng ba kelello. Haeba u belaella hore ngoana o nahana ho ipolaea, mo botse ka seo. Khopolo ea hore ho bua ka ho ipolaea ho tla mo khothalletsa hore a ipolaee hase ’nete. Bacha ba bangata ba ikutloa ba imolohile ha batsoali ba bona ba bua le bona ka taba ena. Kahoo, haeba ngoana a lumela hore o nahana ho ipolaea, mo botse hore na o ne a rerile ho ipolaea joang, le hore na o se a hatetse pele hakae morerong oo. Haeba a se a hatetse pele haholo, u lokela ho nka bohato kapele ho mo thusa.
U se ke ua nahana hore ho tepella maikutlo ho tla iphella ka bohona. Le haeba ho bonahala eka ngoana oa hlaphoheloa, u se ke ua nahana hore bothata bo rarolohile. Ho e-na le hoo, eo ke nako e kotsi ka ho fetisisa. Hobane’ng? Hobane mocha ea neng a tepeletse maikutlo haholo e ka ’na eaba o ne a se na matla a hore a ipolaee. Empa ha a hlaphoheloa a ka ’na a ba le matla a lekaneng a ho phetha morero oa hae.
Ruri ho utloisa bohloko hore ebe bacha ba bang ba nahana ho ipolaea ka lebaka la ho nyahama. Ka ho ela hloko matšoao le ho nka bohato bo loketseng, batsoali le batho ba bang ba baholo ba tsotellang ba ka ‘bua ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo’ ’me ba ba joaloka sebaka sa tširelo ho bacha bao.—1 Bathesalonika 5:14.
SHEBA KHAOLO EA 13 LE EA 14 BUKENG EA 1 LE KHAOLO EA 26 BUKENG EA 2
Na ke lokela ho patela bana ba ka hore ke saretsoe?
Ho shoeloa ke molekane ke ntho e utloisang bohloko haholo. Empa u etsahalloa ke sena nakong eo ngoana oa hao a hlokang hore u mo thuse. U ka mo thusa joang hore a tobane le bohloko ba ho shoeloa, empa u sa hlokomolohe taba ea hore le uena u ntse u saretsoe? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
● U se ke ua hatella maikutlo. Ngoana oa hao o ithutile lintho tse ngata tsa bohlokoa bophelong ka ho sheba tsela eo u etsang lintho ka eona. O tla ithuta ho tobana le bohloko ba ho shoeloa ka ho sheba seo u se etsang. Kahoo, u se ke ua nka hore u tlameha ho itiisa e le ho patela ngoana hore u saretsoe. Sena se ka ’na sa mo ruta hore a u etsise. Empa haeba u bontša hore u utloile bohloko, o tla ithuta hore ho molemo hore a ntše maikutlo ho e-na le ho a hatella le hore ke ntho e tloaelehileng hore a ikutloe a saretsoe, a ferekane, kapa a bile a halefile.
● Khothalletsa ngoana hore a bue. Le hoja u sa mo qobelle ho bua, mo khothalletse hore a hlalose tsela eo a ikutloang ka eona. Empa haeba a bonahala a le leqe, u ka ’na ua tšohla boitsebiso bo Khaolong ea 16 bukeng ena le eena. Hape, bua ka lintho tse thabisang tseo u li hopolang ka molekane oa hao ea hlokahetseng. Mo bolelle kamoo lintho li tlil’o u thatafalla kateng. Ha a utloa kamoo u hlalosang maikutlo a hao kateng, seo se tla mo thusa hore a ithute ho u etsisa.
● Tseba moo matla a hao a fellang teng. Ka ho utloahalang, u batla ho tšehetsa ngoana oa hao ka hohle-hohle nakong ena e bohloko. Empa u hopole hore lefu la molekane oa hao eo u mo ratang le u amme habohloko. Kahoo u ka ’na ua qeta nako u ikutloa u nyahame, u khathetse kelellong le ’meleng. (Liproverbia 24:10) Ka hona, ho ka ’na ha hlokahala hore u kōpe litho tse ling tsa lelapa kapa metsoalle e hōlileng tsebong hore e u thuse. Ha u kōpa thuso u bontša hore u hōlile tsebong. Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”
Jehova Molimo ke eena ea ka u thusang ka tsela e molemo ka ho fetisisa, ’me o tšepisa barapeli ba hae: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esaia 41:13.
SHEBA KHAOLO EA 16 BUKENG EA 1
Nka thusa morali oa ka joang hore a be le pono e loketseng ka lijo?
U ka etsa’ng haeba morali oa hao a e-na le bothata ba ho ja?d Ntlha ea pele, leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a khethile ho etsa seo.
Ho hlokometsoe hore batho ba bangata ba nang le bothata ba ho ja ba ikhella fatše ebile ke batho ba ratang hore lintho li etsoe ka tsela e phethahetseng, ba ipehelang lipakane tse holimo. Netefatsa hore ha u tlatsetse tabeng ea hore ngoana oa hao a ikutloe joalo. Thusa morali oa hao hore a itšepe.—1 Bathesalonika 5:11.
Hape hlahlobisisa tsela eo u ikutloang ka eona ka lijo le ka boima ba ’mele. Na mohlomong u sa hlokomele, u ’nile ua fetelletsa lintho tsee ka seo u se buang kapa seo u se etsang? Hopola hore bacha ba nkela ponahalo holimo. Esita le ho soasoa ka hore “ngoana ke poropotloana” kapa ka hore o hōla joalokaha eka oa nosetsoa ho ka jala pherekano kelellong e susumetsehang habonolo ea mocha.
Ha u se u nahanne ka taba ena le ho rapela ka eona, buisana le morali oa hao ka bolokolohi. Hore u etse seo, leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:
● Nahana ka hloko esale pele seo u tla se bua le hore na u tla se bua neng.
● Mo hlalosetse ka ho hlaka seo u amehileng ka sona le hore u lakatsa ho mo thusa.
● U se ke ua makala haeba qalong a leka ho itšireletsa.
● Mo mamele u sa fele pelo.
Habohlokoa le ho feta, tšehetsa morali oa hao ha a leka ho ntlafatsa. Mo thuseng le le lelapa hore a hlaphoheloe!
SHEBA KHAOLO EA 10 BUKENG EA 1 LE KHAOLO EA 7 BUKENG EA 2
BOMOEA
Nka tsoela pele joang ho ruta bana ba ka lintho tsa bohlokoa tsa moea ha ba kena lilemong tsa bocha?
Bibele e re Timothea o ile a koetlisoa moeeng “ho tloha boseeng,” ’me joaloka motsoali, e ka ’na eaba le uena u koetlisitse bana ba hao moeeng. (2 Timothea 3:15) Leha ho le joalo, ha bana ba hao ba kena lilemong tsa bocha, ho ka ’na ha hlokahala hore u ikamahanye le maemo a bona a macha ha u ba koetlisa. Bana ba hao ba ntseng ba hōla ba qala ho utloisisa lintho tse thata le tse rarahaneng, tseo ba neng ba sa li utloisise hantle ha ba sa le banyenyane. Hona joale, ho feta leha e le neng pele u lokela ho susumetsa ‘matla a bona a ho nahana.’—Baroma 12:1.
Ha Pauluse a ne a ngolla Timothea, o ile a bua ka lintho tseo Timothea ‘a neng a ithutile tsona le tseo a ileng a susumelletsoa hore a li lumele.’ (2 Timothea 3:14) Joale ho ka ’na ha hlokahala hore bana ba hao ‘ba susumeletsoe hore ba lumele’ linnete tsa Bibele tseo ba li tsebileng ho tloha boseeng. E le hore u ba finyelle lipelo, ha ua lokela ho ba bolella feela seo ba lokelang ho se etsa kapa ho se lumela. Ba lokela ho ithuta ka bobona. U ka ba thusa joang? Qala ka ho ba fa monyetla o lekaneng oa hore ba nahane ka lipotso tse latelang le ho bua ka tsona:
● Ke’ng e nkholisang hore Molimo o teng?—Baroma 1:20.
● Ke tseba joang hore seo batsoali ba ka ba nthutang sona ka Bibeleng ke ’nete?—Liketso 17:11.
● Ke’ng e nkholisang hore melao ea Bibele e molemong oa ka?—Esaia 48:17, 18.
● Ke tseba joang hore boprofeta ba Bibele bo tla phethahala?—Joshua 23:14.
● Ke’ng e nkholisang hore ha ho letho lefatšeng lee le ka bapisoang le “bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu”?—Bafilipi 3:8.
● Sehlabelo sa thekollo sa Kreste se bolela’ng ho ’na?—2 Bakorinthe 5:14, 15; Bagalata 2:20.
U ka ’na ua ba leqe ho khothalletsa bana ba hao hore ba nahane ka lipotso tse kang tsena, hobane u tšaba hore ba tla sitoa ho li araba. Empa haeba u etsa joalo, ho ka tšoana le ho qeaqea ho sheba lenaka la peterole la koloi ea hao, hobane u tšaba hore le tla u bontša hore e felile. Haeba e felile, ho molemo hore u tsebe seo nako e sa le teng! Ka tsela e tšoanang, hona joale—ha bana ba hao ba ntse ba lula lapeng—ke nako ea hore u ba thuse ho hlahloba lipotso tse amanang le tumelo ea bona ’me u ‘ba susumelletse ho lumela.’e
Hopola hore ha ho letho le phoso ha mora kapa morali oa hao a ipotsa potso e kang, “Ke hobane’ng ha ke lumela?” Diane ea lilemo li 22, o hopola a etsa se tšoanang ha a le lilemong tsa bocha. O re: “Ke ne ke batla ho kholiseha ka seo ke se lumelang. Ho ba le likarabo tse hlakileng le tse bontšang ho tiea, ho ile ha mpontša hore ke rata ho ba Paki ea Jehova! Nako le nako ha batho ba ne ba mpotsa ka ntho e itseng eo nke keng ka e etsa, ho e-na le hore ke re ‘e khahlanong le bolumeli ba ka,’ ke ne ke re, ‘ke nahana hore e fosahetse.’ Ka mantsoe a mang, ke ile ka etsa hore seo Bibele se buang e be maikutlo a ka.”
Tlhahiso: E le ho hlahloba matla a ngoana a ho nahana mabapi le melao ea Bibele, e-re a nke hore ke motsoali ha ho hlaha bothata bo itseng. Ka mohlala, a re re morali oa hao o u kōpa ho ea phathing e itseng eo u tsebang (mohlomong le eena a tsebang) hore ha ea lokela. Ho e-na le hore u hane feela, u ka re: ‘A re nke hore boemong bona ke uena motsoali. Ak’u nahane ka phathi eo u batlang ho ea ho eona, u etse lipatlisiso (mohlomong u shebe Khaolo ea 37 bukeng ena le Khaolo ea 32 Bukeng ea 2), ’me hosane u tle re tl’o buisana ka taba ena. ’Na ke tla ba ngoana, ke kōpe ho ea phathing eo, ’me uena joaloka motsoali, u ka mpolella hore na ho loketse ho ea phathing eo kapa che.’
SHEBA KHAOLO EA 38 BUKENG EA 1 LE KHAOLO EA 34-36 BUKENG EA 2
Re ka etsa’ng ha ngoana oa rōna a se a sa thahaselle lintho tsa moea?
Ntlha ea pele, le se ke la potlakela ho etsa qeto ea hore ngoana o lahlile tumelo ea lōna. Maemong a mangata, ho na le lebaka la hore a etse joalo. Ka mohlala, e ka ’na eaba
● O hatelloa ke lithaka ’me o tšaba ho ba mokhelo ka hore ebe o latela melao-motheo ea Bibele
● O bona bacha ba bang (esita le banab’abo) ba ipabola bophelong ba Bokreste ’me o nka hore a ke ke a khona ho ba etsisa
● O labalabela ho ba le metsoalle, empa o jeoa ke bolutu kapa o ikutloa e le mokhelo ha a e-na le balumeli-’moho le eena
● O bona bacha ba bang ba “Bakreste” ba phela bophelo ba boikaketsi
● O leka ho iphumana hore na ke motho oa mofuta ofe ’me seo se etsa hore a belaelle melao-motheo eo le e nkang e le ea bohlokoa
● O bona liithuti-’moho le eena li etsa lintho tse fosahetseng ka bolokolohi empa ho sa bonahale eka li khola litholoana tse babang
● O leka ho khahla motsoali ea sa lumelang
Le lokela ho hlokomela hore lintlha tse kang tsena ha li amane hakaalo le lintho tseo le li lumelang. Empa li amana le maemo a etsang hore mohlomong hajoale ngoana a thatafalloe ho etsa lintho tse bontšang tumelo. Kahoo, le ka etsa’ng hore le mo khothatse?
Mo lumelleng ka lintho tse itseng—empa le sa tlōle melao-motheo. Lekang ho utloisisa lebaka leo ngoana a nyahameng ka lona ’me le etse liphetoho tse itseng e le hore a be boemong bo molemo boo ho bona a ka tsoelang pele hantle moeeng. (Liproverbia 16:20) Ka mohlala, boitsebiso bo lebokoseng le reng, “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka,” le leqepheng la 132 le la 133 Bukeng ea 2, bo ka thusa ngoana hore a itšepe e le hore a se ke a tšaba ho buisana le liithuti-’moho le eena. Kapa haeba a jeoa ke bolutu, ho ka ’na ha hlokahala hore le mo thuse ho fumana metsoalle e molemo.
Mo batleleng mothusi. Ka linako tse ling, bacha ba thusoa ke ha motho e mong e moholo, eo e seng setho sa lelapa a ba khothatsa. Na ho na le motho eo le mo tsebang ea ka khothatsang ngoana oa lōna ka lebaka la tsela eo a talimang lintho tsa moea ka eona? Ke hobane’ng ha le sa lokisetse hore a qete nako a e-na le mora kapa morali oa lōna? Sepheo hase hore le nyahlatse boikarabelo ba lōna. Empa nahanang ka Timothea. O ile a rua molemo haholo mohlaleng oa moapostola Pauluse, ’me Pauluse le eena o ile a rua molemo haholo ka hore ebe Timothea e ne e le mphato oa hae.—Bafilipi 2:20, 22.
Hafeela ngoana a ntse a lula le lōna, le na le tokelo ea ho batla hore a latele kemiso ea lelapa ea borapeli. Leha ho le joalo, morero ke hore ngoana a rate Molimo ho tloha pelong—eseng hore a etse lintho ho phetha molao feela. E le ho thusa ngoana hore a amohele bolumeli ba ’nete, mo beheleng mohlala o motle. Le se ke la lebella lintho tseo a ke keng a li khona. Lokisetsang hore a be le mothusi le metsoalle e molemo. Mohlomong ka le leng, ngoana oa lōna o tla bua joaloka mopesaleme a re, “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le Mopholosi oa ka.”—Pesaleme ea 18:2.
SHEBA KHAOLO EA 39 BUKENG EA 1 LE KHAOLO EA 37 LE EA 38 BUKENG EA 2
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka nako e tšoanang, le se ke la etsa hore ngoana a ikutloe a le molato e le hore a etse ntho e itseng.
b Ngoana oa hao o amehile haholo ka ponahalo ea hae, kahoo e-ba hlokolosi hore u se ke ua fana ka maikutlo a hore ho na le ho hong ho phoso ka eena ’meleng.
c Sheba leqephe la 315-318.
d Molemong oa ho nolofatsa taba, re tla bua ka banana. Empa melao-motheo e tšohloang mona ea sebetsa le ho bashanyana.
e Khaolo ea 36 Bukeng ea 2 e ka thusa bacha ho sebelisa matla a bona a ho nahana e le hore ba kholisehe hore Molimo o teng.