Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/02 leq. 1
  • Etelletsa ’Muso Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etelletsa ’Muso Pele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le ’ne le Batle ’Muso Pele”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Bahlanka ba Sebeletsang Lehlohonolo ho Batho ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Bahlanka ba Sebeletsang Bolokang Boemo bo Botle!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 1/02 leq. 1

Etelletsa ’Muso Pele

1 Ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele bophelong le ho tsoela pele ho etsa joalo ha ho bonolo ha re talimane le mathata a lichelete kapa a mang. Re etelletsa ’Muso pele joang ha mathata a hlaha? Ho thoe’ng haeba re tšepisoa mosebetsi o hlokang hore re be sieo libokeng kapa o kena-kenanang le tšebeletso ea rōna ea tšimo? Na joale ’Muso o lokela ho ba sebakeng sa bobeli?

2 Ho Hlokahala Tumelo e Matla: Ha tumelo ea rōna e lekoa tlas’a maemo a joalo, ha rea lokela ho lebala tšepiso ea Jehova le ea Jesu ea hore Molimo o tla re tšehetsa haeba re batla ’Muso pele. (Pes. 37:25; Mat. 6:31-34) Mekhoa ea lefatše le mathata a lona li ka fifatsa pono ea rōna ’me tsa re thibela ho etsa hore ’Muso o lule e le oona o ka sehloohong. Ba bang ba lumeletse menyetla ea ho phahamisoa mosebetsing kapa ea ho fumana chelete hore e be ntho e ka sehloohong bophelong. Leha ho le joalo, joaloka Pauluse, ho hlokahala hore re lekanyetse ka nepo seo ehlileng e leng sa bohlokoa bophelong.—Bafil. 3:7, 8.

3 Na Liphetoho Lia Hlokahala? Mohoeletsi e mong o itse: “Pelo ea ka e ne e le khoebong ea ka—ke ne ke e rata haholo. Ke ne ke e-na le maikutlo a hore ke ntse nka ba Paki ha ka lehlakoreng le leng ke sebelisa boholo ba nako ea ka lithahasellong tsa khoebo.” Empa o ne a e-na le maikutlo a mo tšoenyang a hore a ka etsa se eketsehileng ho sebeletsa Jehova. Ha nako e ntse e feta, o ile a tela khoebo e neng e mo sitisa ho tsoela pele moeeng. Ha a se a inehetse ka ho feletseng mosebetsing oa ’Muso, o ile a khona ho re: “Joale ke ikutloa ke atlehile bophelong mahlong a Jehova, e leng eona ntho e hlileng e leng ea bohlokoa.”

4 Hoa babatseha hore ebe ba bangata ba tetse mosebetsi oa bona oa boipheliso le menyetla ea ho fumana chelete e ngata, ba nolofatsa bophelo ba bona, ’me ba qalisa tšebeletso ea nako e tletseng. Bahlanka ba sebeletsang le baholo ba bacha ba masoha ba eang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba entse sena ’me ba thabela litokelo tse babatsehang tsa tšebeletso. Ka ho etsisa mohlala o ikhethang oa Pauluse, ba khotsofaletse lintho tse hlokahalang bakeng sa ho iphelisa.—1 Bakor. 11:1; 1 Tim. 6:6-8; Baheb. 13:5.

5 Le hoja lefatše le ka ’na la soma tsela eo re talimang bophelo ka eona, Jehova oa re hlohonolofatsa. (1 Bakor. 1:26-31) Na hase ho khothatsang ho tseba hore o tla re sebelisa ka hohle kamoo ho ka khonehang le hore o tla re thusa ho finyella mosebetsi oa hae? Ha ho mohla re tla boela re fumane monyetla oo re nang le oona hona joale oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo o hlonngoeng. Ka hona, ena ke nako ea ho etelletsa ’Muso pele bophelong ba rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela