“Ha ke Thahaselle”
1 Ke seo batho ba tloaetseng ho re bolella sona libakeng tse ling ha re ba bolella molaetsa oa rōna. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra nyahama ha re kopana le batho ba sa thahaselleng tšimong? Ke joang re ka thusang batho hore ba thahaselle litaba tse molemo?
2 Lula U Thabile: Ho hopola lebaka leo batho ba bangata ba sa thahaselleng ka lona ho tla re thusa hore re lule re thabile. Mohlomong batho ba rutiloeng thuto ea ho iphetola ha lintho kapa ba hōletseng moo batho ba latolang boteng ba Molimo ha ba e-s’o hlahlobe hore na Bibele ke ea bohlokoa hakae. E ka ’na eaba ba bang ba nyahamisitsoe ke boikaketsi boo ba bo boneng bolumeling. E ka ’na eaba ba bang ha ba thahaselle ka lebaka la ho tsieleha le ho hloka tšepo. (Baef. 2:12) Ba bang ‘ha ba elelloe’ hobane ba imetsoe ke matšoenyeho a bophelo.—Mat. 24:37-39.
3 Ho sa tsotellehe ho se thahaselle ha batho ba bang, re ka thabela tšebeletso kaha rea tseba hore mosebetsi oa rōna o tlotlisa Jehova. (1 Pet. 4:11) Ho phaella moo, ho bua ka ’nete, esita le haeba re bua le batho ba sa ntseng ba sa e ananele, ho matlafatsa tumelo ea rōna. A re lekeng ka matla ho talima batho ba tšimong ka tsela eo Jehova a ba talimang ka eona. O ile a utloela batho ba Ninive bohloko kaha ba ne ba sa ‘tsebe phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali.’ (Jon. 4:11) Batho ba lulang tšimong ea rōna ba hloka litaba tse molemo! Ka lebaka leo, ha rea lokela ho tela empa re lokela ho batla litsela tsa ho ba thusa ho thahasella molaetsa oa Bibele.
4 Bua ka Lintho Tseo Batho ba Amehileng ka Tsona Sebakeng Seo: Mohlomong kenyelletsong ea hao u ka bua ka ntho eo batho ba amehileng ka eona sebakeng seo ebe u botsa mong’a ntlo hore na maikutlo a hae ke afe. Mo mamele ha a bua, ebe u mo bontša molaetsa oa Bibele o tšelisang o buang ka lintho tseo a amehileng ka tsona. Ha Paki e ’ngoe e fihla ntlong e ’ngoe le e ’ngoe ka mor’a hore ho hlahe tlokotsi sebakeng sa habo eona, e ne e bolella batho hore e masoabi haholo. E itse: “Ka potlako, batho ba ile ba qala ho bua. Ke ile ka ba le moqoqo o monate le batho letsatsing leo kaha ke ile ka bontša thahasello bophelong ba bona.”
5 ’Muso oa Molimo o tla rarolla bothata bo bong le bo bong boo moloko oa batho o tobaneng le bona. Leka ho lemoha bothata boo mong’a ntlo a amehileng ka bona haholo. Mohlomong a ka u lumella hore u mo bolelle molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo. Haeba ho se joalo, mohlomong a ka rata ho mamela “le ka nako e ’ngoe.”—Lik. 17:32.