Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 January
  • Beke e Qalang ka la 15 January
  • Beke e Qalang ka la 22 January
  • Beke e Qalang ka la 29 January
  • Beke e Qalang ka la 5 February
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 1/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 January

Pina ea 12

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle hore ba shebelle video ea No Blood—Medicine Meets the Challenge ha ba lokisetsa puisano e tla tšoaroa Sebokeng sa Tšebeletso sa beke ea la 22 January. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa January 15 le Tsoha! ea January li ka tsamaisoang kateng. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re, “Ke tšoarehile.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, maq. 19-20.

15 mets: Rua Molemo ka Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng selelekeleng sa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2007. Bolela hore ke habohlokoa hore e mong le e mong a iphe metsotso e seng mekae letsatsi ka leng hore a hlahlobe Lengolo le tlhaloso. Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba hlalose hore na ba entse kemiso efe ea ho hlahloba temana le hore na ba ruile molemo ofe. Qetella ka ho tšohla temana ea selemo ea 2007 hakhutšoanyane.

20 mets: Isa Litaba Tse Molemo ho e Mong le e Mong. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 92 ho fihlela sehloohoaneng se leqepheng la 102.

Pina ea 165 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 January

Pina ea 93

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: Buisana le bamameli ka lintlha-khōlō tsa lengolo la la 16 February, 2005 le la la 1 February, 2006 le amanang le lenaneo le lecha la thuto la likolo. Khothalletsa batsoali ba nang le bana ba kenang sekolo hore ba hlalosetse matichere boemo ba bana ba bona.

20 mets: “Ha ke Thahaselle.”a Ha ho tšohloa serapa sa 4, botsa bamameli hore na ke litaba life tse thahaselloang tšimong ea phutheho. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tse khutšoanyane tse bontšang tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re, “Ha ke thahaselle.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 16.

Pina ea 135 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 January

Pina ea 224

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa February 1 le Tsoha! ea February li ka tsamaisoang kateng. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho etsa leeto la ho boela ho motho ea tselaneng ea limakasine.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho.

25 mets: “Phekolo ea Boleng bo Holimo ka ho Fetisisa—Ke e Joang?” E lokela ho fanoa ke moholo. Ntle ho tšenyo ea nako buisana le bamameli ka video ea No Blood, u sebelisa lipotso tse bontšitsoeng sehloohong sena. Qetella ka ho bala serapa sa ho qetela ’me u khothalletse bohle hore ba hlahlobisise lihlooho tsa Molula-Qhooa tse bontšitsoeng.

Pina ea 188 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 January

Pina ea 55

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa January. Bolela buka e tsamaisoang ka February, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo e le ’ngoe.

15 mets: “Na U Malala-a-laotsoe Bakeng sa Koluoa ea Tlhaho?”b E lokela ho fanoa ke moholo. Akarelletsa le lintlha tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2005, leqepheng la 3.

20 mets: “Pono ea ka ke Efe ka Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea Bongaka eo ho Eona ho Sebelisoang Mali a Ka?”c Puisano ea lipotso le likarabo le pontšo. Moholo ea fanang ka puo ena o lokela ho khomarela kemiso e fanoeng ke ofisi ea lekala.

Pina ea 137 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 5 February

Pina ea 3

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Sena ke Seo ke Leng Sona! Puo le puisano le bamameli. Bacha ba bang ba leqe ho ipolela hore ke Lipaki Tsa Jehova hobane ba tšaba hore lithaka tsa bona li tla ba soma. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang a hore u bolele seo u leng sona. Ho bonolo hore matichere a tsebang seo u se lumelang a se hlomphe ’me a se ke a u qobella hore u kopanele linthong tse sa lokang. Bacha ba mekhoa e mebe ba tla ba leqe ho u khothalletsa hore u etse lintho tse mpe joaloka bona. Ba bang ba tla utloisisa liqeto tsa hao habonolo mabapi le lintho tse kang ho laetsana kapa ho kopanela lipapaling tsa sekolo le mesebetsing e meng ea ka mor’a nako ea sekolo. Hape u ke ke ua hlola u tšaba hakaalo ho fana ka bopaki sekolong kapa ho kopana le seithuti-’moho le uena ha u le tšimong. (g02-SU 4/8 leq. 16) Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ba ile ba rua molemo joang ka ho ipolela hore ke Lipaki Tsa Jehova sekolong. Ho ka lokisetsoa tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.

20 mets: “Ho Hlokahala Lerato e le Hore re Behe Litholoana Tšebeletsong.”d Akarelletsa le lintlha tsa Molula-Qhooa oa February 1, 2003, leqepheng la 23, serapeng sa 16-17.

Pina ea 83 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela