Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 1/8 maq. 4-7
  • Ho Phela le ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela le ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tepella ha Maikutlo—Ho Sareloa ho Imelang Kelello
  • Lefu la ho Ferekana Kelellong—Boemo bo Lulang bo Feto-fetoha
  • Ho Lemoha Matšoao
    Tsoha!—2001
  • Tšepo Bakeng sa ba Kulang
    Tsoha!—2004
  • Kamoo ba Bang ba ka Thusang
    Tsoha!—2004
  • Ho Tepella Maikutlo—Kamoo ho ka Phekoloang Kateng
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 1/8 maq. 4-7

Ho Phela le ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng

MAFU a ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng a atile haholo. Ka mohlala, ho hakanngoa hore batho ba fetang limilione tse 330 lefatšeng ka bophara ba tšoenngoa ke ho tepella ho hoholo ha maikutlo, e leng boemo boo motho a ikutloang a nyahame haholo le ho felloa ke thabo mesebetsing ea letsatsi le letsatsi. Ho ’nile ha hakanngoa hore lilemong tse 20 tse tlang, lefu la ho tepella maikutlo e tla ba la bobeli ho a itlhommeng pele, le fetoe feela ke lefu la pelo. Hase feela le ’nileng la bitsoa “lefu la kelello le tloaelehileng joaloka ho tšoaroa ke sefuba.”

Lilemong tsa morao tjena, batho ba bangata ba ’nile ba thahasella taba ea lefu la ho ferekana kelellong. Matšoao a lefu lena a akarelletsa ho se tsitse ho matla ha maikutlo ao ka linako tse ling mokuli a tepellang maikutlo ha ka linako tse ling a ba le mafolofolo a tsamaisanang le thabo e feteletseng. Buka e ’ngoe e sa tsoa hatisoa ke Mokhatlo oa Bongaka oa Amerika e re: “Nakong eo u tepeletseng maikutlo, u ka ’na ua khathatsoa ke maikutlo a ho ipolaea. Nakong eo u ikutloang u le mafolofolo a tsamaisanang le thabo e feteletseng, kahlolo ea hao e molemo e ka ’na ea fifala ’me ua hlōleha ho bona kotsi ea lintho tseo u li etsang.”

Ho lekanngoa hore baahi ba ka etsang karolo ea bobeli lekholong ba United States ba na le lefu la ho ferekana kelellong, e leng ho bolelang hore naheng eo feela, ho na le ba limilione ba nang le lona. Leha ho le joalo, lipalo ka botsona li ke ke tsa hla tsa hlalosa bohloko ba ho phela le ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng.

Ho Tepella ha Maikutlo—Ho Sareloa ho Imelang Kelello

Boholo ba rōna rea tseba hore na ho sareloa ke ntho e joang. Ka mor’a nako—mohlomong ka mor’a lihora kapa matsatsi a itseng—boikutlo boo boa fela. Leha ho le joalo, bakeng sa ba nang le lefu la ho tepella maikutlo le netefalitsoeng ke lingaka, bothata bona bo teba haholoanyane. Joang? Dr. Mitch Golant oa hlalosa: “Rōna ba se nang lefu la ho tepella maikutlo rea tseba hore ka mor’a nako bothata ba ho feto-fetoha maikutlong bo tla fela, empa ho batho ba nang le lefu la ho tepella maikutlo, bothata ba bona ba ho ikutloa ba thabile, neng-neng ba se ba nyahame, maikutlo a bona a sa tsitsa, bo tšoana le ho palama terene e mathang ka lebelo le holimo, eo mopalami oa eona a sa tsebeng hore na o tla theoha joang hona neng—le teng haeba a ka fumana monyetla oa ho theoha.”

Lefu la ho tepella maikutlo le netefalitsoeng ke lingaka le ka iponahatsa ka mekhoa e mengata. Ka mohlala, batho ba bang ba ba le lefu le bitsoang ka hore ke ho tepella maikutlo linakong tse itseng feela tsa selemo—hangata mariha. Buka e hatisitsoeng ke People’s Medical Society e re: “Batho ba tšoeroeng ke mofuta ona oa ho tepella maikutlo linakong tse itseng feela tsa selemo ba bontša hore ba tepella le ho feta ha ba lula likarolong tsa ho elella ka leboea, le ha maru a thibile. Le hoja mofuta ona oa ho tepella maikutlo linakong tse itseng feela tsa selemo o amahanngoa haholo le linako tsa mariha, maemong a mang o ’nile oa amahanngoa le ho sebeletsa sebakeng se lefifi, ho ba le linako tsa ho nyahama leha e se mariha le ho ba le bothata ba ho bona hantle.”

Lefu la ho tepella ha maikutlo le netefalitsoeng ke lingaka le bakoa ke eng? Ha ho na karabo e qaqileng. Le hoja maemong a mang ho bonahala eka ke taba ea lefutso, ho a mangata ho bonahala eka lintho tseo batho ba thulaneng le tsona bophelong ke tsona tse tlatsetsang haholo. Hape ho hlokometsoe hore le fumanoa bathong ba basali ho feta ba banna.a Empa sena ha se bolele hore banna ha ba amehe. Ho e-na le hoo, ho hakanngoa hore banna ba etsang karolo ea 5 ho ea ho 12 lekholong neng-neng bophelong ba tla ba le lefu la ho tepella maikutlo le netefalitsoeng ke lingaka.

Ho tšoaroa ke mofuta ona oa ho tepella maikutlo ho ba matla haholo ’me ho ama likarolo tsohle tsa bophelo ba mokuli. Mokuli e mong ea bitsoang Sheila o re: “Ho u ferekanya ka ho feletseng, ho etsa hore u se ke ua hlola u itšepa, u se ke ua hlola u itlhompha le ho u sitisa ho nahana hantle le ho etsa liqeto, joale ha ho se ho qetile ka uena, ho u beha tlas’a khatello e matla ho bona hore na u ka khona ho e mamella ho isa kae.”

Ho na le linako tseo mokuli a ka imolohang ka tsona ha a bolella motho ea mamelang ka kutloelo-bohloko hore na u ikutloa joang. (Jobo 10:1) Leha ho le joalo, ho ke ke ha latoloa hore haeba ho ameha ho se tsitse ho itseng ha lik’hemik’hale ’meleng, ho tepella maikutlo ho ke ke ha felisoa feela ke ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Ka sebele, boemong bo joalo mokuli a ke ke a laola linako tsena tsa ho nyahama tse bakoang ke lefu lena. Ho feta moo, mokuli o ntse a ka emisoa hlooho ke lefu lena ka tsela e tšoanang hantle le ea litho tsa lelapa la hae le metsoalle.

Nahana ka Mokreste e mong ea bitsoang Paula,b ea mameletseng linako tse thata haholo tsa ho nyahama pele lingaka li fumana hore o na le lefu la ho tepella maikutlo. O re: “Ka linako tse ling ka mor’a liboka tsa Bokreste, ke ne ke ee ke potlakele koloing ebe kea lla, ho se na lebaka. Ke ne ke utloa ke e-na le bolutu bo matla le ho ikutloa ke tlallane. Le hoja ho ne ho e-na le bopaki bo feletseng ba hore ke na le metsoalle e mengata e ntsotellang, seo ke ne ke sa se bone.”

Ellen o ile a hlaheloa ke ntho e tšoanang le ena, eo ho tepella ha hae maikutlong ho ileng ha etsa hore a tlamehe ho kena sepetlele. O re: “Ke na le monna, bara ba babeli le lingoetsi tse peli tse ratehang—’me kea tseba hore kaofela ha bona ba nthata haholo.” Ho bonahala Ellen a ne a tseba hore bophelo bo monate le hore ke ua bohlokoa ho lelapa la hae. Empa ha mokuli a loantšana le ho tepella maikutlo, o apareloa ke ho nyahama ho hoholo—esita le ha ho se na mabaka.

Ntho e sa lokelang ho tlōlisoa mahlo ke taba ea kamoo motho ea tepeletseng maikutlo a ka amang litho tse ling tsa lelapa ka eona. Dr. Golant oa ngola: “Ha motho eo u mo ratang a tepella maikutlo, u ka ’na ua phela le boikutlo ba ho se tsebe hore na ho tla etsahala eng, neng, ho se mohla u tla tseba hore na moratuoa oa hao o tla hlaphoheloa na ho sithabeleng hoo, kapa hore na o tla boela a sithabela hape neng. U ka ’na ua ikutloa u tetebetse haholo maikutlong—mohlomong oa ba oa sareloa kapa oa halefa—hore bophelo bo fetohile, mohlomong bo fetohetse ruri.”

Hangata bana ba ka lemoha ha motsoali a tepeletse maikutlo. Dr. Golant oa ngola: “Ngoana eo ’mè oa hae a tepeletseng maikutlo o ba hlokolosi haholo ka boemo ba kelello ba ’mè oa hae, o lemohisisa phapang leha e le efe e bang teng maikutlong a hae.” Dr. Carol Watkins o bontša hore bana ba batsoali ba tepeletseng maikutlo “hangata ke bona ba bang le mathata a boitšoaro, ho hula ka thata lithutong le a ho imeloa ke khatello ea lithaka. Ba ka ’na ba qetella ba tepeletse maikutlo ka bobona.”

Lefu la ho Ferekana Kelellong—Boemo bo Lulang bo Feto-fetoha

Lefu la ho tepella maikutlo le netefalitsoeng ke lingaka ka sebele le bohloko. Empa joale ha ka linako tse ling le etsa hore mokuli a ikutloe a thabile ka ho feteletseng a bile a le mafolofolo, le se le bitsoa lefu la ho ferekana kelellong.c Mokuli ea bitsoang Lucia o re: “Ntho e le ’ngoe feela eo u ka kholisehang ka eona ka lefu lena la ho ferekana kelellong ke hore boemo ba mokuli bo lula bo feto-fetoha.” The Harvard Mental Health Letter e re nakong eo ka eona bakuli ba lefu la ho ferekana kelellong ba leng mafolofolo le ho ba le thabo e feteletseng, “e ka ba bo-ntšunye-khare ba sa mamelleheng le ho ba ba hatellang, ’me thabo ea bona e feteletseng e etsang hore e be ba sa tsotelleng le ho ba hlokisa botsitso e ka fetoha ka potlako, eaba ba se ba teneha feela kapa ba tlala bohale.”

Lenore o hopola kamoo a neng a ikutloa kateng nakong eo a ikutloang a thabile a bile a le mafolofolo ka tsela e sa tloaelehang. O re: “Ke ne ke e-ba le matla a lifefo. Ba bangata ba ne ba mpitsa senatla sa mosali. Batho ba ne ba ee ba re, ‘Eka nka be ke tšoana le uena.’ Ke ne ke atisa ho ikutloa ke e-na le matla a maholo, joalokaha eka nka etsa ntho leha e le efe. Ke ne ke ikoetlisa ho tlōla tekano. Ke ne ke robala nako e khutšoanyane haholo ka letsatsi—lihora tse peli kapa tse tharo bosiu. Empa ke ne ke tsoha ke ntse ke le morolo ka tsela e tšoanang.”

Leha ho le joalo, Lenore o ile a qala ho apareloa ke leru le letšo. O re: “Ha ke le sehlohlolong sa thabo ea ka e feteletseng, ke ne ke e-ba le pherekano e itseng botebong ba maikutlo, joalokaha eka ke enjene e lumang e ke keng ea tingoa. Hona hoo, e ne eba thabo eo ke leng ho eona e ea fela ’me ke ba mabifi le ho ba kotsi. Ke ne ke jajabetsa setho se itseng sa lelapa ka bohale ntle ho lebaka. Ke ne ke tlala bohale, ke e-ba le lehloeo le ho se laolehe ka ho feletseng. Ka mor’a ho itšoara ka tsela ena e tšosang, ke ne ke khathala ka potlako, ke batle ho lla ’me ke tepelle haholo maikutlong. Ke ne ke ikutloa ke se na thuso ke bile ke le khopo. Ka lehlakoreng le leng, neng kapa neng ke ne nka boela ka ikutloa ke thabile hape joalokaha eka ha ho letho le etsahetseng.”

Boitšoaro bo makatsang ba lefu la ho ferekana kelellong ke mohloli oa pherekano ho litho tsa lelapa. Mary, eo monna oa hae a tšoeroeng ke lefu lena la ho ferekana kelellong o re: “E ba ntho e ferekanyang haholo ho bona monna oa ka a thabile a bile a bua haholo, ebe ka tšohanyetso o se a felloa ke thabo a bile a itšehla thajana. Ke ntoa ea sebele ho rōna ho amohela taba ea hore ha ho matleng a hae ho laola kamoo a ikutloang kateng.”

Ho makatsang ke hore mokuli le eena o ntse a tsietsoa ke lefu lena la ho ferekana kelellong—mohlomong le ho ba feta. Mokuli e mong oa lefu lena la ho ferekana kelellong, ea bitsoang Gloria, o re: “Ke khalla batho ba nang le botsitso le ho leka-lekana bophelong. Botsitso ke sebaka seo batho ba nang le lefu la ho ferekana kelellong ba se etelang. Ha ho ea phelang ho sona.”

Lefu la ho ferekana kelellong le bakoa ke eng? Ho na le lefutso le itseng—le matla ho feta boemong ba ha motho a tepeletse maikutlo. American Medical Association e re: “Ho latela liphuputso tse ling tsa saense, litho tse haufi tsa lelapa la motho ea nang le lefu la ho ferekana kelellong—batsoali, banab’abo kapa bana ba hae—ba na le menyetla e 8 ho ea ho e 18 ea ho tšoaroa ke lefu lena ho feta beng ka motho ea phelang hantle ba haufi-ufi le eena. Ho phaella moo, ho ba le setho se haufi sa lelapa se nang le lefu la ho ferekana kelellong ho ka etsa hore u qetelle u e-na le bothata ba ho tepella ho hoholo ha maikutlo.”

Ho fapana le ho tepella maikutlo, lefu la ho ferekana kelellong le tšoara banna le basali ka tsela e tšoanang. Hangata le qala ha motho a kena lilemong tsa ho ba motho e moholo, le hoja ho e-na le maemong a mang moo lefu lena la ho ferekana kelellong le fumanoeng ho bacha esita le baneng ba banyenyane. Leha ho le joalo, ho hlahlobisisa matšoao le ho fihlela qeto e nepahetseng e ka ba ntho e thata haholo esita le ho lingaka. Dr. Francis Mark Mondimore oa Johns Hopkins University School of Medicine oa ngola: “Lefu la ho ferekana kelellong ke lempetje mafung ’ohle a amanang le kelello, le ka fetola matšoao a lona ho ea ka bakuli, la ba la fetola matšoao esita le mokuling a le mong. Ke ha-re-tsebe e ka nanarelang mokuli a sa lebella ’me ea mo tepelletsa haholo maikutlong, ebe e nyamela ka lilemo—ebe e boea sekoele ka thabo e makatsang le mafolofolo a sa tloaelehang ho mokuli.”

Ho hlakile hore ho ka ba thata ho fumana hore motho o na le lefu la ho feto-fetoha ha maikutlo ho sa laoleheng ebile ho ka ba thata ho phela le lona. Empa tšepo e teng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Har’a a mang, lebaka le leng e ka ba la hore ba bang ba bona ba ba le ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa, hammoho le ho feto-fetoha ha lihormone ho bang teng ha mosali a khaotsa ho ea linakong. Hape, basali ba tloaetse ho ea ngakeng ha ba sa ikutloe hamonate ’me ka hona, ba bolelloe hore ba na le bothata boo.

b Mabitso a mang a batho ba boletsoeng lihloohong tsena a fetotsoe.

c Lingaka li tlaleha hore hangata mokuli a ka qeta likhoeli tse ngata a ikutloa ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, ho na le ba bang bao “maikutlo a bona a fetohang ka potlako” ho tloha ho tepelleng maikutlo le ho ba thabong e feteletseng makhetlo a mangata ka selemo. Maemong a ikhethang, bakuli ba ka feto-fetoha maikutlong lihoreng tse 24.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Botsitso ke sebaka seo batho ba nang le lefu la ho ferekana kelellong ba se etelang. Ha ho ea phelang ho sona.”—GLORIA

[Lebokose le leqepheng la 5]

Matšoao a Lefu la ho Tepella ho Hoholo ha Maikutlod

● Ho tepella maikutlo nako e khōlō le e nyane hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng, bonyane libeke tse peli kaofela

● Ho felloa ke thahasello linthong tseo motho a neng a li rata pele

● Ho theoha haholo ’meleng kapa ho nona haholo

● Ho robala ho tlōla tekano kapa ho fapaneng le hoo, e leng ho felloa ke boroko kamehla

● Lebelo le sa tloaelehang kapa monyebe o sa tloaelehang ha motho a etsa lintho tse itseng tseo a ithutileng tsona

● Mokhathala o feteletseng ho se na lebaka

● Ho ikutloa u se na thuso le/kapa ho ipeha molato ntle ho mabaka

● Ho felloa ke matla a ho tsepamisa mohopolo

● Maikutlo a tlang khafetsa a ho ipolaea

A mang a matšoao ana a ka boela a bontša hore motho o na le bothata ba ho tepella maikutlo ho seng matla haholo

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

d Lethathamo lena le fanoa e le kakaretso ea taba ’me motho ha aa lokela ho etsa qeto ka lona ea hore o na le lefu la ho tepella maikutlo. Hape, matšoao a mang ka booona e ka ’na eaba ke matšoao a mathata a mang ntle le ho tepella maikutlo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela