Labohlano, la 12 September
Boemo ba lefatše lena boa fetoha.—1 Bakor. 7:31.
Tsebahala u le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a hao. Ipotse: ‘Na batho ba bona ke le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a ka, ea fetohang le maemo ha ho hlokeha le ea hlomphang maikutlo a batho ba bang? Na ba bona ke le motho ea tšoarang batho ba bang ka thata kapa ea manganga? Na ke mamela batho ba bang le ho lumellana le maikutlo a bona ha ho loketse?’ Haeba re sa tsitlelle maikutlo a rona ’me re khona ho fetoha le maemo, re bontša hore re etsisa Jehova le Jesu. Re lokela ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho. Liphetoho tsena li ka etsa hore re hlaheloe ke mathata ao re neng re sa a lebella. Re ka kula ka tšohanyetso, maemo a moruo a fetoha ka tšohanyetso kapa maemo a lipolotiki a moo re lulang teng a re thatafaletsa bophelo. (Moek. 9:11) Re ka thatafalloa ke ho amohela mosebetsi o mong oo re o fuoang ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Re ka khona ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho, hafeela re etsa lintho tsena tse ’nè: (1) amohela hore lintho ha li sa tšoana le pele, (2) nahana ka bokamoso, (3) nahana ka lintho tse khothatsang ’me (4) u thuse batho ba bang. w23.07 21-22 ¶7-8
Moqebelo, la 13 September
U motho ea ratoang haholo.—Dan. 9:23.
Moprofeta Daniele e ne e sa le mocha ha Bababilona ba mo isa hole le habo hore e e’o ba motšoaruoa ’me ba ile ba mo rata. Ba ile ba “bona se bonoang ke mahlo feela.” Ba ile ba bona feela hore Daniele o ‘phetse hantle ebile o shebahala hantle’ hape o tsoa lelapeng la borena. (1 Sam. 16:7) Kahoo, Bababilona ba ile ba mo ruta hore a sebeletse phaleising ea morena. (Dan. 1:3, 4, 6) Jehova o ne a rata Daniele ka lebaka la makhabane a hae. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemo li 20 ha Jehova a ne a re o tšoana le Noe le Jobo. Jehova o ne a nka Daniele a lokile joaloka Noe le Jobo ba ileng ba mo tšepahalla ka lilemo tse ngata. (Gen. 5:32; 6:9, 10; Jobo 42:16, 17; Ezek. 14:14) Jehova o ile a lula a rata Daniele bophelo bohle ba hae.—Dan. 10:11, 19. w23.08 2 ¶1-2
Sontaha, la 14 September
Utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo.—Baef. 3:18.
Ha u batla ho reka ntlo, u ka batla ho hlahloba lintlha tsohle ka ntlo eo u tla lula ho eona. Re ka etsa ntho e tšoanang ha re bala le ho ithuta Bibele. Haeba u e bala kapele feela, u ka ’na oa ithuta linnete tse bonolo tsa Bibele e leng “lintho tsa motheo tsa lentsoe la Molimo le halalelang.” (Baheb. 5:12) Ho e-na le ho e bala u potlakile, iphe nako ’me u hlahlobe lintlha tsohle joalokaha eka u hlahloba ntlo ka hare. Tsela e molemo ea ho ithuta Bibele ke hore u leke ho hlahloba hore na litaba tsa eona li amana joang. U se ke oa leka feela ho utloisisa lithuto tseo u li lumelang empa u hlahlobe hore na ke hobane’ng ha u lumela lithuto tseo. E le hore re utloisise Lentsoe la Molimo ka ho feletseng, re lokela hore re ithute lithuto tsa lona tse tebileng. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena hore ba ithute Lentsoe la Molimo ka ho feletseng e le hore ba ka “utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo” ba lona. Ha ba etsa joalo, tumelo ea bona e ne e tla tiea “joaloka sefate se metseng ka metso.” (Baef. 3:14-19) Re hloka ho etsa se tšoanang. w23.10 18 ¶1-3