Litaba Tsa TV—Ke Tse Kae Tsa Tsona Tseo e Hlileng e Leng Litaba?
Ka mor’a hore sehlopha se behang phatlalatso ea litaba leihlo se hlahlobe liteishene tse 102 tsa litaba tsa TV libakeng tse 52 tsa litoropo tse phetheselang tsa United States bakeng sa ho bona hore na lia khotsofatsa le hore na li phatlalatsa litaba joang, sehlopha seo se ile sa fumana hore ke karolo ea 41,3 feela lekholong ea mananeo e nang le litaba. Phatlalatso e setseng ea litaba e bua ka eng?
Ka karolelano, karolo ea 30,4 lekholong ea nako eo ka eona ho baloang litaba tsa TV e tletse lipapatso. Ha e le hantle, tse ling tsa liteishene tseo ho entsoeng liphuputso ho tsona li fane ka nako e ngata lipapatsong ho feta litabeng. Ho phaella moo, tlaleho e akaretsang ka bokhutšoanyane seo liphuputso li se fumaneng e bolela hore hangata nako eo ho baloang litaba ka eona e tletse lintho tse se nang thuso.a Tlas’a sehlooho se reng “Lintho Tse se Nang Thuso,” tlaleho e hlophisa “ka lihlopha nako e eketsehileng e filoeng liboholi hore li ’ne li qoqi-qoqisane, ho bapatsa le ho etsa mabalankoe a litaba tseo e leng hona li tla phatlalatsoa, litaba tse ‘thobang maikutlo’ kapa tse se nang kelello le litaba tsa batho ba tummeng.” E meng ea mehlala ea litaba tse se nang thuso ke ena: “Tlhōlisano ea Boemo bo Tlaase ea Libini Tsa Tinoro,” “Motlalehi o Palama Roller Coaster e ‘Tšosang, e Sisimosang le e Hlollang,’” le “Batho ba Eketsehileng ba Reka Setlotsa-bohobe Mabenkeleng.”
Ke lipale life tse hlileng li bōpang litaba? Lipale tsa bonokoane ke tsona tse renang litabeng tsa TV, li nka karolo ea 26,9 lekholong ea litaba tse baloang. “‘Haeba tšollo ea mali e ameha, li ba ka sehloohong’ litabeng tseo ho nkoang e le tsa sebele tse ka baloang ho TV . . . E ka ’na eaba liketsahalo tsa bonokoane li fokotsehile United States lilemong tse ’maloa tse sa tsoa feta, empa eseng litabeng tsa thelevishene.” Hobane’ng? Ho latela bahlophisi ba phuputso ena, “liketsahalo tsa bonokoane li tsosa thahasello ’me li hapa tlhokomelo ea batho.”
Litaba tse hlahlamang tsa bonokoane ke tse amanang le likoluoa tse kang mollo, ho thulana ha likoloi, meroallo le ho phatloha ha liqhomane (karolo ea 12,2 lekholong ea litaba), li lateloe ke litaba tsa lipapali (karolo ea 11,4 lekholong). Joale ka mor’a tsona ho tla litaba tsa bophelo (karolo ea 10,1 lekholong), tsa ’muso (karolo ea 8,7 lekholong) le tsa moruo (karolo ea 8,5 lekholong). Lihlooho tse kang tsa thuto, tikoloho, bonono le saense li fuoa tlhokomelo e fokolang (ho tloha karolong ea 1,3 lekholong ho ea ho ea 3,6 lekholong). Ka lehlakoreng le leng, litlaleho tsa boemo ba leholimo ka karolelano li nka karolo ea 10 lekholong ea litaba tsohle tse baloang khasong. Babatlisisi ba re “motho e mong le e mong o rata ho bua ka boemo ba leholimo, ’me litaba tsa TV le tsona li joalo.” Baa phaella: “Mofuta leha e le ofe oa boemo ba leholimo, ebang ke bo botle kapa bo bobe, bo chesang kapa bo batang, ba ha pula e na kapa e sa ne, li ka eketsa bolelele ba litaba tse baloang ho TV.”
Ka lehlakoreng le thabisang, tlaleho e bolela hore palo e eketsehang ea baqolotsi ba litaba le bashebelli e bona tlhokahalo ea hore ho be le liphetoho. Leha ho le joalo, phuputso ena ea lumela hore phetoho e joalo e ke ke ea tla habonolo hobane “tšusumetso ea lipapatso le meharo e ntse e ka lula e sokela boleng ba boqolotsi ba litaba.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlaleho ea Not in the Public Interest—Local TV News in America, ke phuputso ea bone ea sechaba e hlahlobang se litabeng selemo se seng le se seng. E bokeletsoe ke Dr. Paul Klite, Dr. Robert A. Bardwell le Jason Salzman ba Rocky Mountain Media Watch.