Ke Hobane’ng ha Lerato le Tapa?
“Ho bonahala ho le bonolo ho ikutloa o rata motho ho feta ho lula u ratana le eena.”—DR. KAREN KAYSER.
MOHLOMONG ho eketseha ha manyalo a se nang lerato ha ho makatse. Lenyalo ke kamano e rarahaneng ea batho, ’me ba bangata ba kena ho eona ba sa itokisetsa hakaalo. Dr. Dean S. Edell oa hlokomela: “Ho lebelloa hore re bontše tsebo e itseng hore re fumane lengolo la ho khanna, empa lengolo la lenyalo le ka fumanoa feela ka ho saena.”
Ka hona, le hoja manyalo a mangata a atleha ’me ka sebele e le a thabileng, a mang a hula ka falese. Mohlomong molekane a le mong kapa bobeli ba bona ba kene lenyalong ba e-na le litebello tse phahameng empa ba hloka tsebo e hlokahalang ea ho boloka kamano nako e telele. Dr. Harry Reis oa hlalosa: “Ha batho ba qala ho tsebana haufi-ufi, ba ikutloa ba e-na le kholiseho e matla e mong ho e mong.” Ba ikutloa eka balekane ba bona “ke bona feela lefatšeng batho ba bonang lintho ka tsela eo ba li bonang ka eona. Ka linako tse ling boikutlo boo boa fela, ’me ha bo ka fela, bo ka etsa hore lenyalo le be kotsing.”
Ka lehlohonolo, manyalo a mangata ha a fihle boemong boo. Empa, a re ke re hlahlobeng mabaka a seng makae ao maemong a mang a entseng hore lerato le tape.
Ho Soetseha—“Hase Seo ke Neng ke se Lebeletse”
Rose o re: “Ha re ne re nyalana le Jim, ke ne ke nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla itsamaela bolacha feela—re ratane bohlanya, re tšoarane joaloka khalase, re nahanelane.” Leha ho le joalo, ka mor’a nako lerato leo Rose a neng a le lebeletse ha lea ka la e-ba joalo. O re: “Qetellong ke ile ka iphumana ke soetsehile habohloko.”
Libaesekopo tse ngata, libuka le lipina tse tummeng li hlahisa lerato la litoro. Ha monna le mosali ba sa le leferehong, ba ka ’na ba ikutloa eka litoro tsa bona lia phethahala; empa ka mor’a lilemo tse seng kae ba nyalane, ba fihlela qeto ea hore ba ne ba hlile ba lora! Haeba lintho li sa tsamaee joaloka lerato la lipaleng, lenyalo le neng le ka ’na la atleha le ka bonahala eka le hlōlehile ka ho feletseng.
Ke ’nete hore tse ling tsa lintho tse lebeletsoeng lenyalong ke lintho tse nepahetseng. Ka mohlala, ho loketse ho lebella lerato, tlhokomelo le tšehe-tso ho molekane oa hao. Leha ho le joalo, le eona takatso ena e ka ’na ea se ke ea phethahala. Mosali oa India ea sa tsoa nyaloa, Meena, o re: “Ke batla ke ikutloa ke tšoana le motho ea sa nyaloang. Ke jeoa ke bolutu ke bile ke ikutloa ke hlokomolohiloe.”
Ho se Tšoanelane—“Ha ho na Seo re Tšoanang ka Sona”
Mosali e mong o re: “’Na le monna oa ka re bona lintho ka tsela e fapaneng ka ho feletseng. Letsatsi le leng le le leng le likela ke ipotsitse hore na ke ne ke kenoe ke eng ha ke tla nyaloa ke eena. Re metsi le oli.”
Hangata ha ho nke nako e telele hore banyalani ba hlokomele hore ha ba tšoane joalokaha ho ne ho bonahala ho le joalo ha ba sa le leferehong. Dr. Nina S. Fields oa ngola: “Hangata lenyalo le hlahisa le litšobotsi tseo balekane ba neng ba sa lemohe hore ba na le tsona ha ba e-s’o kene lenyalong.”
Ka lebaka leo, ka mor’a lenyalo banyalani ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ha ba tšoanelane ka ho feletseng. Dr. Aaron T. Beck o re: “Ho sa tsotellehe ho tšoana ho itseng linthong tseo ba li ratang le bothong ba bona, batho ba bangata ba kena lenyalong ba fapane haholo mekhoeng, linthong tseo ba tloaetseng ho li etsa le boikutlong.” Banyalani ba bangata ha ba tsebe hore na ba lokise ho se tšoane hoo joang.
Khohlano—“Re Lula re Ngangisana”
Cindy ha a hopola matsatsi a qalang a lenyalo la hae o re: “Re ne re makalitsoe ke kamoo re neng re loana kateng—re bile re tlatsetsana lerata, ’me ho hobe le ho feta, re ne re qeta matsatsi re summe ke bohale.”
Ho se lumellane ke ntho e ke keng ea qojoa lenyalong. Empa ho sebetsanoa joang le hona? Dr. Daniel Goleman oa ngola: “Lenyalong le atlehileng, monna le mosali ba ikutloa ba lokolohile ho bua ka litletlebo tsa bona. Empa hangata ha ho se ho halefiloe, litletlebo li hlahisoa ka tsela e hlabang, e hlaselang molekane e mong.”
Ha sena se etsahala, puisano e ba lebala la ntoa leo maikutlo a sireletsoang ka boikemisetso bo matla ’me mantsoe a sebelisoa e le libetsa ho e-na le lisebelisoa tsa puisano. Sehlopha se seng sa litsebi se re: “E ’ngoe ea lintho tse senyang ka ho fetisisa lingangisanong tse tsoang taolong ke hore balekane ba sekamela ho bueng ka lintho tse sokelang karolo ea bohlokoa ea lenyalo la bona.”
Ho Hloka Thahasello—“Re Tetse”
Mosali e mong o ile a bua tjena ka mor’a lilemo tse hlano a nyetsoe: “Ke tetse tabeng ea ho leka ho etsa hore lenyalo la rōna le atlehe. Kea tseba hore le ke ke la hlola le loka. Ka hona seo ke seng ke amehile ka sona feela ke bana ba rōna.”
Ho ’nile ha boleloa hore ntho e fapaneng haholo le lerato ke ho hloka thahasello, eseng lehloeo. Ka sebele, boiphapanyo bo ka senya lenyalo hantle feela joalokaha lehloeo le ka etsa.
Leha ho le joalo, ka masoabi banyalani ba bang ba tloaela ho phela lenyalong le se nang lerato hoo ba qetellang ba tetse hore ho ka ba le ho itseng ho ka lokisang boemo. Ka mohlala, monna e mong o re ho ba lenyalong ka lilemo tse 23 ho tšoana le ho ba “mosebetsing oo u sa u batleng.” Oa phaella: “U etsa sohle seo u ka se khonang boemong bo joalo.” Ka ho tšoanang, mosali e mong ea bitsoang Wendy o tetse tabeng ea monna oa hae eo ba nyalaneng ka lilemo tse supileng. O re: “Ke lekile ka makhetlo empa o lula a mphoqa. Ke qeteletse ke tepelletse maikutlong. Ha ke sa batla ho ba boemong boo hape. Haeba ke itšepisa ho itseng, ke tla utloa bohloko. Nka mpa ka se ke ka lebella letho—ke ’nete hore ha ke na ho thaba hakaalo, empa bonyane nke ke ka tepella maikutlong.”
Ho soetseha, ho se tšoanelane, khohlano le ho hloka thahasello ke a mang a mabaka a ka tlatsetsang lenyalong le se nang lerato. Ho hlakile hore ho na le a mang a eketsehileng—ao a seng makae a ’ona a boletsoeng lebokoseng le leqepheng la 5. Ho sa tsotellehe sesosa, na ho na le tšepo bakeng sa banyalani bao ho bonahalang ba tšoasehile lenyalong le se nang lerato?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
MANYALO A SE NANG LERATO—LISOSA TSE LING
• Chelete: “Motho a ka nahana hore ho rala tšebeliso ea chelete hantle ho ne ho ka thusa banyalani hore ba momahane ho sebetseng hammoho, ba bokelle chelete ea bona bakeng sa lintho tseo e leng motheo bophelong, le ho thabela litholoana tsa mesebetsi ea bona. Empa le hona tabeng ena, se neng se ka tlamahanya banyalani hammoho ha ba leka ho itseng hangata sea ba arola.”—Dr. Aaron T. Beck.
• Botsoali: “Re fumane hore karolo ea 67 lekholong ea banyalani e qala ho se khotsofale hantle lenyalong ka mor’a ho tsoaloa ha ngoana oa bona oa pele, ’me likhohlano li ba teng ka makhetlo a robeli ho feta pele. Ho isa bohōleng bo itseng, sena se bakoa ke hore batsoali ba khathetse ’me ha ba na nako e ngata bakeng sa bona ka bobona.”—Dr. John Gottman.
• Thetso: “Hangata ho se tšepahale lenyalong ho akarelletsa thetso, ’me ha e le hantle thetso ke ho phoqa motho a u tšepile. Kaha ho tšepa motho ho hlalosoa e le motsoako oa bohlokoa manyalong ’ohle a atlehang a tšoarellang nako e telele, na e ka ba ho makatsang hore ebe thetso e ka senya kamano ea lenyalo?”—Dr. Nina S. Fields.
• Ho Kopanela Liphate: “Nakong eo ka eona batho ba kenyang lengolo la tlhalo, hangata ho tloaelehile hore ebe e se e le lilemo ba emisitse ho kopanela liphate. Maemong a mang bothata e ee e be hore ha ho mohla ho kileng ha e-ba le kamano ea ho kopanela liphate, ’me ho ba bang, ho kopanela liphate e ne e le ntho e etsahalang feela tjee, e le ho khotsofatsa litlhoko tsa ’mele tsa molekane e mong.”—Judith S. Wallerstein, setsebi sa kelello lefapheng la bongaka.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
BANA BA AMEHA JOANG?
Na boleng ba lenyalo la hao bo ka ama bana ba hao? Ho ea ka Dr. John Gottman, ea entseng liphuputso tsa banyalani ka lilemo tse ka bang 20, karabo ke e. O re: “Liphuputsong tse peli tseo e ’ngoe le ’ngoe ea tsona e nkileng lilemo tse leshome, re fumane hore nakong eo bana ba batsoali ba sa thabang ba bapalang ka eona, lipelo tsa bona li otla ka potlako ho feta tsa bana ba bang, ’me li sitoa ho kokobela ka botsona. Ha nako e ntse e tsamaea, likhohlano tsa lenyalo li etsa hore ngoana a se sebetse hantle sekolong, ho sa tsotellehe bohlale ba hae ba tlhaho.” Ka lehlakoreng le leng, Dr. Gottman o re bana ba malapa a utloanang “ba sebetsa hantle sekolong le bophelong ka kakaretso, hobane batsoali ba bona ba ba bontšitse tsela ea ho tšoara ba bang ka tlhompho le ea ho sebetsana le maikutlo a bohloko.”