‘Ba Tla Tea Lisabole Tsa Bona Hore e be Mehoma’—Neng?
SEEMAHALE se tsebahalang sa Machaba a Kopaneng New York City se tšoantšetsa monna ea teang sabole hore e be mohoma. Se thehiloe boprofeteng ba Bibele bo ho Esaia khaolo ea 2, temana ea 4 le Mikea khaolo ea 4, temana ea 3. Mantsoe aa a tla phethahala joang, hona neng?
Tlaleho ea haufinyane tjena ea The New York Times e ne e e-na le sehlooho se reng, “Thekiso ea Libetsa Lefatšeng Lohle e Nyolohetse ho Lidolara tse Limilione tse Likete li 30 [liranta tse limilione tse likete li 227]”! Ke bo-mang ba neng ba li hula pele ka 1999 ho rekiseng libetsa tsee tse ngata-ngata? United States e ile ea ipabola ka ho rekisa libetsa tse jang lidolara tse limilione tse likete li 11,8 (liranta tse limilione tse likete li 89). Russia e bile ea bobeli ka chelete e ka tlaase ho halofo ea eo. Leha ho le joalo, Russia e ne e fumane chelete e batlang e menne eo habeli selemong se ka pele ho seo. Ka mor’a eona ho ne ho latela Jeremane, Chaena, Fora, Brithani le Italy. Tlaleho eona eo e tsoela pele: “Joaloka nakong e fetileng, hoo e ka bang karolo ea bobeli borarong ea libetsa tseo e rekiselitsoe lichaba tse tsoelang pele.”
Ka mor’a lintoa tse peli tsa lefatše le lintoa tse ling tse khōlō lekholong la bo20 la lilemo, tse bolaileng le ho lematsa batho ba limilione tse makholo, motho a ka ipotsa, “Lichaba li tla ke li ithute khotso ho e-na le ho loana neng?” Bibele e bontša hore ho retelehela khotsong hona ho ne ho tla etsahala “karolong e qetellang ea matsatsi.” (Esaia 2:2) Ha e le hantle, boprofeta bona bo se bo ntse bo phethahala, kaha Lipaki tsa Jehova tse ka bang limilione tse tšeletseng li lumetse ho ‘rutoa ke Jehova.’ Ka hona, ‘khotso ea tsona e ngata.’—Esaia 54:13.
Haufinyane, Jehova o tla felisa libetsa tsohle le lintoa hammoho le ba li khothalletsang, kaha o tla “felisa ba senyang lefatše.” Haeba u batla ho tseba se eketsehileng ka phetoho ena e babatsehang, ka kōpo u se ke ua tšaba ho ikopanya le Lipaki tsa Jehova sebakeng seo u lulang ho sona kapa ho ngolla atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.—Tšenolo 11:18.