Kamoo U ka Etsang Hore Lijo e be Tse Sireletsehileng Haholoanyane
NA HO ja ho kotsi? Lipalo-palo tse ling li ka etsa hore u fihlele qeto eo. Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), batho ba ka etsang limilione tse 130 ba Sebakeng sa Europe moo WHO e thusang, ba angoa ke maloetse a bakiloeng ke lijo selemo se seng le se seng. United Kingdom feela, ka 1998 ho ile ha tlalehoa maemo a fetang 100 000 a batho ba fumaneng chefo lijong—ha shoa ba ka bang 200. Ho hakanngoa hore United States, ho kula ha batho ba ka bang limilione tse 76 ho bakoa ke lijo selemo se seng le se seng le hore ho bona bao, ba ka bang 325 000 ba kena sepetlele ’me ba 5 000 ba qetella ba shoele.
Ho thata ho hakanya hore na lefatšeng lohle ke ba bakae ba amehang. Leha ho le joalo, WHO e tlaleha hore ka 1998, batho ba ka bang limilione tse 2,2 ba ile ba shoa ka lebaka la letšollo—ba limilione li 1,8 ho bona e le bana. Tlaleho eo e re: “Karolo e khōlō ea sena e bakiloe ke ho silafala ha lijo le metsi a nooang.”
Lipalo tseo li ka utloahala li tšosa. Empa na lipalo-palo tsee li lokela ho etsa hore u tlale tšabo mabapi le lijo tseo u li jang? Eseng joalo. Nahana ka mohlala o mong. Australia, ho na le batho ba ka bang limilione tse 4,2 ba tšoaroang ke maloetse a bakoang ke lijo selemo se seng le se seng—kapa ba ka bang 11 500 letsatsi le leng le le leng! Palo eo joale e utloahala e le e phahameng haholo. Empa ak’u e shebe ka lehlakoreng le leng. Batho ba Australia ba ja lijo ka makhetlo a ka bang limilione tse likete tse 20 ka selemo; ’me lijong tseo, ke karoloana e nyenyane ea karolo e ka tlaase ho ’ngoe lekholong e bakang ho kula. Ka mantsoe a mang, kotsi e amehang sejong se seng le se seng e nyenyane haholo.
Leha ho le joalo, kotsi eona e teng ebile e tebile. Ke eng e etsang hore lijo li kulise, hona ho ka etsoa eng ho fokotsa likotsi?
Lisosa Tsa Maloetse a Bakoang ke Lijo
Maloetse a mangata a ka feta ka lijo—koranta ea Emerging Infectious Diseases e re ke maloetse a fetang 200. Empa lisosa tse bakang maloetse ana ’ohle ha li ngata hakaalo. Ho latela Dr. Iain Swadling, ofisiri ea boitsebiso ka lijo bakeng sa Tšebeletso ea Machaba ea Boitsebiso ka Lijo, hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea maloetse ’ohle a amanang le lijo a bakoa ke “karolo e ka ’nang ea e-ba ka tlaase ho 24” ea mefuta e fapaneng ea likokoanyana tse nyenyane haholo. Lintho tse fapaneng tse bakang maloetse—livaerase, libaktheria, likokoana-hloko, li-toxin le tse joalo—li kena joang lijong?
Dr. Swadling o thathamisa litsela tse tloaelehileng haholo tse hlano tseo lijo li silafalang ka lebaka la tsona: “Ho sebelisa lijo tse tala tse silafetseng; ho lokisoa ha lijo ke batho ba nang le tšoaetso e itseng kapa ba kulang; ho hloka libaka tse loketseng tsa ho beha lijo hammoho le ho li lokisa lihora tse ngata pele li jeoa; ho silafala ha lijo nakong eo li ntseng li lokisoa; ho se phehe lijo hore li butsoe kapa ho se li futhumatse ka ho lekaneng.” Le hoja lethathamo leo le ka ’na la bonahala le tšoenya, le fetisa litaba tse itseng tse monate. Boholo ba maloetse a bakoang ke lijo a ka qojoa habonolo. Ho bona hore na u ka etsa eng ho tiisa hore lijo tseo u li jang li sireletsehile, hlahloba lebokose le leqepheng la 18 le la 19.
Ho Etsa Liqeto Tse Leka-lekaneng
Ka lebaka la likotsi tse fapaneng le lintho tse ngongorehisang ka lijo, batho ba bang kajeno ba etsa qeto ea ho ipha nako e lekaneng ea ho reka lijo li sa le hantle haholo, ho li pheha le ho li ja. Haeba khetho eo e ipiletsa ho uena, batla mabenkele kapa ’maraka sebakeng sa heno, a rekisang lintho tse sa tsoa khuoa, tse sa tsoakoang. Buka e ’ngoe e tataisang bareki ea hlalosa: “Bareki ba bangata ba batla ho kopana le bahlahisi—ebang ke ’marakeng e bulang hanngoe ka beke [moo lihlahisoa tse sa tsoa khuoa li rekisoang teng] kapa moo lijo li hlahisoang teng—e le hore ba ka reka ka ho khetheha lintho tse sa leng hantle le ho bona mokhoa oo lijo li hlahisoang ka oona le mohloli oa tsona.” Mokhoa ona o ka thusa haholo ha ho rekoa lihlahisoa tsa nama.
Ka tsela e tšoanang, ho ka ba molemo ho reka lijo tsa sebaka seo u leng ho sona nakong eo ho kotuloang ka eona, kaha ka nako ena li tla be li sa le hantle haholo. Leha ho le joalo, hlokomela hore haeba u khomarela mokhoeng oo, u ke ke ua fumana litholoana tsohle le meroho selemo ho pota.
Na u lokela ho ja lijo tse lenngoeng ka manyolo feela? Eo ke qeto ea botho. Ho na le batho ba bangata ba thahasellang lijo tse lenngoeng ka manyolo, ntle ho pelaelo ba bang ba susumetsoa ke ho se tšepahale ha mekhoa e mecha e sebelisoang indastering ea lijo. Empa hase bohle ba lumelang hore temo ea ho sebelisa manyolo feela e hlahisa lijo tse sireletsehileng.
Ho sa tsotellehe hore na u khetha lijo tsa mofuta ofe, hlahloba ka hloko seo u se rekang. Setsebi se seng se qotsitsoeng koranteng ea beke le beke ea Die Zeit, se re: “Ha ho tluoa tabeng ea lijo, moreki o sheba theko feela.” Hoa babatseha ho ba ea baballang chelete, empa u lokela ho sheba le lethathamo la metsoako e ngotsoeng. Ho hakanngoa hore hoo e ka bang halofo ea batho ba rekang lijo mafatšeng a Bophirimela ha ba iphe nako ea ho bala boitsebiso bo ngotsoeng lijong. Ke ’nete hore ho ngola lijo linaheng tse ling ha ho etsoe ka botlalo. Empa haeba u batla lijo tse sireletsehileng, joale etsa sohle seo u ka se khonang ho hlahloba metsoako e lijong.
Ho sa tsotellehe qeto eo u e etsang mabapi le lijo tseo u li jang, ho ka ’na ha hlokahala hore u ikemisetse ho tenyetseha ka linako tse ling, u amohele boemo ba sebele ba naha eo u lulang ho eona. Ho batho ba bangata mehleng ea kajeno, ho batla ho sa khonehe—ho bitsa chelete e ngata haholo, ho ja nako e ngata haholo, ho na le mathata a mangata—ho etsa bonnete ba hore ba ja feela lijo tseo ho entsoeng bonnete ba hore li sireletsehile ka hohle-hohle.
Na see se etsa hore u se tšepe lefatše lee la kajeno? Ke taba e utloahalang. Leha ho le joalo, litaba tse monate ke hore lintho li tla fetoha haufinyane hore e be tse molemo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18, 19]
Mehato Eo U Ka E Nkang
◼ Hlatsoa. Etsa bonnete ba hore u hlapa matsoho metsing a chesang a nang le sesepa kamehla pele u lokisa lijo. Kamehla hlapa matsoho ha u qeta ho sebelisa ntloana, ha u thusa ngoana (linthong tse kang ho chencha leleiri kapa ho mo hlakola mamina), kapa ha u tšoere phoofolo leha e le efe, ho kopanyelletsa le tsa ka tlung. Hlatsoa sejana leha e le sefe, lepolanka leo u khabellang ho lona le bokaholimo ba raka ka metsi a chesang a nang le sesepa ka mor’a ho lokisa lijo tse ling le tse ling—haholo-holo ka mor’a ho tšoara nama e tala, khoho kapa tlhapi. Makasine ea Test e fana ka tlhahiso ea hore u “hlatsoe litholoana le meroho ka metsi a foofo” bakeng sa ho tlosa mesaletsa ea likokoanyana le chefo e li bolaeang. Maemong a mangata, ho li tlosa makhapetla, ho li ebola le ho li belisa ke litsela tse molemohali tsa ho hloekisa lijo. Ha e le lettuce kapa k’habeche, tlosa mahaba a ka holimo ’me u a lahle.
◼ Butsoisisa lijo. Haeba lijo li ka fumana mocheso o fetang likhato tse 70 tsa Celsius, esita leha e ka ba ka nakoana, hoo e ka bang libaktheria tsohle, livaerase le likokoana-hloko li tla be li shoele. Nama ea khoho e lokela ho phehoa ka mocheso o fetang oo, e be mocheso o likhato li 80 tsa Celsius. Lijo tse futhumatsoang li lokeloa ke mocheso oa likhato tse 75 tsa Celsius kapa li lokela ho chesa le ho kubella mosi. Qoba ho ja nama ea khoho e ntseng e le khubelu ka hare, mahe a sa butsoang hantle kapa tlhapi e sa butsoang hantle ’me e le eo u ke keng ua e tsoepola habonolo ka fereko.
◼ Beha lijo li arohane. Beha nama e tala, nama ea khoho kapa tlhapi li arohane le lijo tse ling ka linako tsohle—ha u li reka lebenkeleng, ha u li beha le ha u li pheha. U se ke ua lumella lero hore le kopane kapa le tšolohele lijong tse ling. Hape, le ka mohla u se ke ua tšela lijo tse phehiloeng ka har’a sekotlolo seo pele se neng se tšetse nama e tala, tlhapi kapa nama ea khoho, ntle le haeba sekotlolo seo se ile sa hlatsoisisoa ka metsi a chesang a nang le sesepa.
◼ Boloka le ho hatsetsa lijo ka tsela e nepahetseng. Sehatsetsi se ka thibela khōlo ea baktheria e kotsi, empa mohatsela o lokela ho ba likhato tse 4 tsa Celsius. Karolo e leqhoa ea sehatsetsi eona e lokela ho ba ka tlaase ho likhato tse 17 tsa Celsius. Kenya ka sehatsetsing lijo tse senyehang pele lihora tse peli li fela. Haeba u lokisa lijo pele ho nako ea ho ja, koahela lijo tsohle hore li se luloe ke lintsintsi.
◼ E-ba seli ha u il’o ja reschorenteng. Ho latela khakanyo e ’ngoe, karolo ea 60 ho ea ho ea 80 lekholong ea maloetse a bakoang ke lijo linaheng tse tsoetseng pele e hlahisoa ke lijo tse ileng tsa phehoa ’me ha tsamauoa ka tsona. Etsa bonnete ba hore reschorente leha e le efe eo u e etelang e boemong bo khotsofatsang litekanyetso tsa bophelo bo botle tse hlokoang ke molao. Odara nama e butsoitseng hantle. Haeba u reka lijo empa u sa jele moo, etsa bonnete ba hore u li ja pele lihora tse peli li feta. Haeba ho feta nako e telele, futhumatsa lijo tseo mochesong oa likhato tse 75 tsa Celsius.
◼ Lahla lijo tse u belaetsang. Haeba u sa tsebe hantle hore na lijo tse itseng li sa le ntle kapa li senyehile, ho molemo hore u li lahle. Ke ’nete hore hase bohlale ho lahla lijo tse ntseng li le ntle. Empa, ho kulisoa ke lijo tse senyehileng ho ka u hloka chelete e ngata haholoanyane.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
—Litlhahiso tsena boholo li nkiloe ho Food Safety Tips, e fanoeng ke Food Safety Technology Council ea United States.