Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 3/8 maq. 13-14
  • Ho Bonahatsa Lerato Linakong Tsa Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bonahatsa Lerato Linakong Tsa Mathata
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Bile Mora ea Lehlasoa
    Tsoha!—2006
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ka Mor’a ho Phatloha
    Tsoha!—2003
  • Ho Phallela ba Oetsoeng ke Likoluoa ka 2023—“Rea Bona Hore Jehova oa re Rata”
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 3/8 maq. 13-14

Ho Bonahatsa Lerato Linakong Tsa Mathata

KA MONGOLI OA TSOHA! NIGERIA

SONTAHA sa la 27 January, 2002, se ile sa bitsoa Sontaha sa Masisapelo Lagos, Nigeria. Ho phatloha ha polokelo ea libetsa tsa sesole e ka tlas’a lefatše ho ile ha sisinya motse oohle ’me ha khantša leholimo bosiung boo. Ka lihora tse ’maloa, ho phatloha hoo ho ile ha hasanya liqhomane le maloanloahla sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse tharo, ha baka pherekano motseng.

Menyenyetsi e se nang motheo e ile ea baka tšabo e eketsehileng. Litiletile tsa batho ba tšohileng li ile tsa balehela literateng, li sa tsebe hore na li baleha eng le hore na li leba hokae. Har’a lefifi la bosiu, batho ba makholo-kholo, ho akarelletsa le bana ba bangata ba tšohileng, ba ile ba itahlela ka har’a kanale ea metsi a seretse eaba ba khangoa ke metsi. Matlo, likolo le mehaho ea khoebo li ile tsa soahlamana ka ho feletseng kapa tsa senyeha haholo, tsa siea ba likete ba se na mahae ba bile ba se na mosebetsi. Ho hakanngoa hore batho ba 1 000 ba ile ba shoa koluoeng eo. Likhakanyo tsa morao li ne li phahame le ho feta.

Hamorao ho ile ha fumanoa libomo, lirokete le likharenate tsa letsoho tse ka bang 1 350 tse sa phatlohang libakeng tsa bolulo haufi le metebo ea sesole moo ho phatlohileng teng. Monna e mong o ile a fumana ntho e ’ngoe ea tšepe ka kamoreng ea hae ea phomolo. A sa hlokomele hore ke bomo, o ile a e nka a e kenya ka buting koloing ea hae, eaba o e khutlisetsa ho ba boholong.

Ha ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Nigeria e utloa ka ho phatloha hoo, hang-hang e ile ea iteanya le moholo e mong Lagos ’me ea laela hore balebeli ba tsamaeang ba 16 ba sebakeng seo ba sekaseke boemo ba Lipaki tse 36 000 tse Lagos. Lekala le ile la romela linaira tse milione (hoo e ka bang R100 000), esita le litaelo tsa hore ho thehoe komiti ea liphallelo bakeng sa ho fana ka thuso.

Har’a Lipaki, ho ne ho e-na le monna ea neng a ntšitsoe likotsi tse mpe ke seqhomane; ka masoabi, basali ba babeli ba bacha ba ile ba hlokahala; ’me ha senyeha Liholo Tsa ’Muso tse peli le matlo a malapa a 45.

Ka la 2 February, 2002, matsatsi a tšeletseng ka mor’a ho phatloha hoo ha liqhomane, ho ile ha qhoma ntoa ea merabe karolong e ’ngoe ea motse. Ho latela mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu, ntoa eo e ile ea siea batho ba 100 ba shoele, ba 430 ba tsoile kotsi, ’me ba 3 000 ba balehile malapeng, ho bile ho chele matlo a 50. Kapele-pele komiti ea liphallelo e neng e ntse e hlokomela bahlaseluoa ba “Sontaha sa Masisapelo” e ile ea batla barab’abo bona ba Bakreste ba sebakeng sena.

Ha ho le ea mong oa Lipaki ea ileng a shoa lekhetlong lena, kaha ba bangata ba tsona ba ne ba ile kopanong ea potoloho ha ntoa e qaleha. Leha ho le joalo, litho tse ngata tsa liphutheho tse hlano tse sebakeng sena li ne li se na mahae ao li ka khutlelang ho ’ona. Hang-hang, barab’abo tsona ba Bakreste ba ile ba li amohela malapeng a bona. Ngaka e ’ngoe ea Paki le mosali oa eona ba ile ba amohela batho ba 27 ba se nang mahae lelapeng la bona.

Lipaki tse Lagos tse neng li sa angoa ke ho phatloha hoo le ntoa ea merabe li ile tsa nehelana ka seatla se bulehileng ka lijo, liaparo, le thepa ea ntlo. Molebeli oa motse o ile a tlaleha: “Seo barab’abo rōna ba Lagos ba nehelanang ka sona se sengata haholo ho feta se hlokoang ke ba amehileng.” Ofisi ea lekala e ile ea tlameha ho ngolla liphutheho ho li kōpa hore li khaotse ho etsa menehelo e eketsehileng. Ho ile ha romeloa thepa e setseng e tletseng literaka tse tharo ofising ea lekala hore e e’o bolokoa teng.

Baholo ba phutheho ba ile ba etela bahlaseluoa ba bangata le litho tsa malapa a ba hlokahetseng. Ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho fana ka matšeliso a Mangolo. Komiti ea liphallelo e ile ea hlophisa hore ho lokisoe mahae a senyehileng. E ile ea fa ba hlasetsoeng ke likoluoa tseo tse peli thepa ea ntlo, liaparo, le lijo ea ba ea thusa ba hlokang mahae ho fumana libaka tsa bolulo tse sireletsehileng. Ka kakaretso komiti eo e ile ea thusa malapa a 90 ho akarelletsa le batho ka bomong.

Bahlaseluoa ba bangata ba ne ba hloletsoe ka lebaka la thuso eo ba ileng ba e fuoa. Paki e ’ngoe e ile ea bolella komiti ea liphallelo sena: “Hafeela ke sa phela, ke tla etsa Jehova ‘setšabelo sa ka le matla a ka’!”—Pesaleme ea 46:1, 2.

Batho bao e seng Lipaki ba ile ba hlokomela tsela eo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsotellana ka eona nakong ea likoluoa tsena. Malome oa Paki e ’ngoe e hlokahetseng o ile a bolella baholo ba phutheho eo Paki eo e neng e kopanela ho eona: “Ke tla khutla ke tl’o le leboha ka pelo eohle le ho ithuta ho eketsehileng.” Ho lelapa labo o ile a re: “Seo ke se boneng Lagos e bile se babatsehang. Esita le beng ka rōna ha baa etsa seo batho bana ba se entseng.”

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Teraka e tletseng liphallelo

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ba bang ba ileng ba thusoa

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Banyalani bana ba ile ba fa batho ba 27 ba hlokang mahae bolulo

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Lipaki tse sebetsang lehaeng le senyehileng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Top: Sam Olusegun - The Guardian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela