Ke Hokae Moo U ka Fumanang Melao ea Boitšoaro?
RE PHELA lefatšeng leo ho lona melao ea boitšoaro e fetohang. Mekhoa e neng e nyatsuoa nakong e fetileng kajeno hangata e ea hlokomolohuoa. Masholu le baqhekelli hangata ba nkoa e le ba bohlokoa le ho thoholetsoa ke mecha ea phatlalatso. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba tšoana le ba hlalositsoeng ka Bibeleng: “Neng kapa neng ha u bona lesholu, u ne u bile u khahloa ke lona.”—Pesaleme ea 50:18.
Leha ho le joalo, ho hang baqhekelli ha baa lokela ho nkoa e le ba bohlokoa. Mongoli e mong o itse: “Se khethollang litsebi tsena tsa bomenemene ke bokhoni ba tsona ba tlhaho, boo hangata bo hlahellang ba sa le banyenyane haholo, ba ho thetsa batho ba haufi le bona. Ho phaella bokhoning bona ke ’nete ea hore ho laoloa ho joalo ho ba siea ba ikutloa ba le molato kapa ba ikoahlaea. Ho fapana le moo, ho ba siea ba khotsofetse maikutlong—thabo e ba khothalletsang ho tsoela pele ba laola eng kapa eng eo ba e batlang ho sa tsotellehe liphello ho ea qhekelloang.”
Ke ’nete hore batho ba qenehela mohlolohali ea qhekelletsoeng ka chelete eo a e bokeletseng bophelo bohle, empa ke batho ba fokolang ba utloelang khoebo e khōlō bohloko ha motho a e qhekella kapa a utsoetsa k’hamphani ea inshorense. Ba bangata ba beha lebaka la hore likhoebo li se li ntse li ruile. Empa boqhekelli bo joalo hase bothata ba likhoebo ka botsona feela; li fetisetsa se li lahlehetseng ho bareki ba tsona. Ka mohlala, United States, lelapa le itekanetseng le lefa ho feta R6 500 ka selemo ho phaella cheleteng ea inshorense bakeng sa ho koahela tahlehelo ea ho qhekelloa.
Hape, batho ba bangata ba sebelisa menyetla ea ho reka lintho tsa mabitso tse tšoanang le tsa sebele, tse kang liaparo, lioache, linyanyatsi tse nkhang hamonate, litlolo tse monko o monate le mekotlana ea matsoho ka chelete e tlaase. Ba ka ’na ba hlokomela hore thepa eo e seng ea sebele e etsa hore likhoebo li lahleheloe ke libilione tsa liranta selemo le selemo, empa ba nahana hore seo ha se ba ame. Leha ho le joalo, qetellong bareki ba lefella thepa ea sebele le litšebeletso haholoanyane. Ho phaella moo, ho reka thepa eo e seng ea sebele ke ho fa linokoane chelete.
Mongoli e mong ea khoebong ea ho loantša ho qhekella, o ngotse: “Ke kholisehile hore lebaka le leholo leo re nang le ho qhekella ho hoholo hakana ke hobane re phela har’a batho ba se nang litekanyetso tsa boitšoaro ka ho feteletseng. Litekanyetso tsa boitšoaro tse khethollang batho ba qhekellang li hlephile haholo. . . . Re phela sechabeng se sa ruteng litekanyetso lapeng. Re phela sechabeng se sa ruteng mekhoa ea boitšoaro sekolong, hobane matichere a tla qosoa ka hore a ruta litekanyetso tsa boitšoaro.”
Ha ho bapisoa, Lipaki Tsa Jehova li ruta litekanyetso tsa boitšoaro tsa Lentsoe la Molimo ebile li ikemiselitse ho phela ka tsona. Li tataisoa ke melao-motheo e kang e latelang:
● “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—Matheu 22:39.
● “U se ke ua qhekanyetsa.”—Mareka 10:19, Bibele—Phetolelo e Ncha.
● “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.”—Baefese 4:28.
● “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.
Le hoja Lipaki e se baikhabi kapa ba inkang ba lokile, li lumela hore haeba e mong le e mong a sebelisa melao-motheo ena, lefatše e ne e tla ba sebaka se molemo ho phela ho sona. Li boetse li lumela tšepiso ea Molimo ea hore ka le leng la matsatsi ho tla ba joalo.—2 Petrose 3:13.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Haeba e mong le e mong a phela ka litekanyetso tsa boitšoaro tsa Lentsoe la Molimo, lefatše e ne e tla ba sebaka se molemo ho phela ho sona
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bakreste ba ’nete ba latela melao-motheo ea Bibele, e kang ea hore “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata”