Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 leq. 11
  • Tsoha! e mo Thusa ka Tsela eo a Neng a sa e Lebella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoha! e mo Thusa ka Tsela eo a Neng a sa e Lebella
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bala Bibele—Ho ’Matlafalitse Bophelong ba ka Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Litlhohonolofatso Tsa ho Eteletsa Molimo Pele
    Tsoha!—2009
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 9/08 leq. 11

Tsoha! e mo Thusa ka Tsela eo a Neng a sa e Lebella

KA MONGOLI OA TSOHA! BENIN

◼ Ha Noël ea lilemo li 23 a etsa qeto ea ho tlohela sekolo ’me e e-ba mosebeletsi oa kamehla oa Lipaki tsa Jehova, beng ka eena ba ile ba ipotsa hore na ebe o tla khona ho ba le chelete e lekaneng ea ho iphelisa. Ka sebele o ile a sokola ho fumana mosebetsi oa nakoana. Ka hona, ha makasine ea Tsoha! e hatisa sehlooho se nakong se neng se re, “Litsela Tse Hlano Tsa ho Fumana Mosebetsi,” Noël o ile a se bala ka hloko ka makhetlo.a Na se ile sa mo thusa? E, se ile sa mo thusa, empa ka tsela eo a neng a sa e lebella.

Motsamaisi oa sekolo se seng sa praefete o ile a bona Noël a ntse a bolela ka ntlo le ntlo ’me a mo botsa hore na ke Paki ea Jehova. Motsamaisi eo o ne a hloka tichere e ’ngoe, ’me kaha o ne a hlokometse hore Lipaki Tsa Jehova li tseba ho ruta, o ile a botsa Noël hore na o tseba motho ea neng a ka rata ho ba tichere. Ha Noël a re ha ho motho eo a mo tsebang, motsamaisi eo o ile a mo botsa a re, “Na uena u ke ke ua rata ho ruta?”

Noël o ne a e-s’o ka a ruta sekolong ’me ka linako tse ling o ne a e-ba lehoelea. Sena ke bothata naheng ea Benin kaha boto ea thuto e hloka hore matichere a hlahlojoe pele ho etsa bonnete ba hore ha a lehoelea. Motsamaisi eo o ile a mo tšepisa, a re “Ha u ka fumana setifikeiti, ke tla u fa mosebetsi ona.”

Noël o ne a hatetse pele hantle Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se reretsoeng ho thusa batho ho ntlafatsa tsela eo ba buang ka eona ha ba bua ka pel’a ba bang, se tšoaroang beke le beke liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova. O ne a bile a fana ka lipuo tsa phatlalatsa phuthehong ea habo. Leha ho le joalo, o ne a tšohile ha a tl’o hlahlobeloa mosebetsi.

Mohlahlobi o ile a mo fa makasine ’me a re a balle holimo serapa se seheletsoeng ka ’mala o mofubelu. Noël o ile a hlolloa ha a bona sehlooho se reng, “Litsela Tse Hlano Tsa ho Fumana Mosebetsi.” O ile a bala serapa seo ha phollatsi feela eaba o fumana setifikeiti.

Hamorao mohlahlobi eo o ile a bolela hore o lula a bala limakasine tsa Lipaki Tsa Jehova. O ile a re: “Limakasine tsena li na le boitsebiso bo rutang li bile li ngoloa hantle hoo ke atisang ho li sebelisa litlhahlobong.”

Noël o ile a qala ho ruta ’me motsamaisi o ne a batla hore a mo hire bakeng sa selemo se latelang, empa Noël o ne a rerile ho etsa ntho e ’ngoe. O ne a memetsoe ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, e leng moo a sebeletsang teng hona joale.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba Tsoha! ea July 8, 2005, leqepheng la 4-9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela