Batho ba sa Lumeleng Hore Molimo o Teng ba Tsoile Letšolo
HO HLAHILE mofuta o mocha oa batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Ha ba khotsofalle feela hore ba ipolokele maikutlo a bona. Mongoli e mong oa koranta ea bitsoang Richard Bernstein o re ho e-na le hoo, ba tsoile letšolo ’me “ka mafolofolo le ka bohale ba leka ka matla ho sokollela balumeli maikutlong a bona.” Ba shebile esita le batho ba belaellang boteng ba Molimo, hobane mofuta ona o mocha oa batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng ha o na pelaelo le e nyenyane. Ba nka hore ho hang Molimo ha a eo. Ke phetho ke tu!
Steven Weinberg ea hapileng khau ea Nobel o ile a re: “Lefatše le lokela ho tsoha litorong tseo le bileng ho tsona ka nako e telele tsa ho chesehela bolumeli. Rōna bo-rasaense re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho fokolisa tšusumetso ea bolumeli ’me ena e ka ’na ea e-ba tsela e khōlō ka ho fetisisa eo re tlatsetsang ka eona tsoelo-peleng ea moloko oa batho.” Mokhoa o mong o reretsoeng ho fokolisa tšusumetso eo, ke oa ho ngola libuka tseo ho bonahalang batho ba bangata ba li thahasella, kaha libuka tse ling tsa batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng li rekoa haholo.
Bolumeli bo entse hore ho hlahe mofuta o mocha oa batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng, kaha batho ba tennoe ke cheseho e feteletseng ea bolumeli, bokhukhuni le likhohlano tse aparetseng lefatše. Motho e mong ea hlaheletseng ea sa lumeleng hore Molimo o teng, o re: “Bolumeli ke chefo nthong e ’ngoe le e ’ngoe.” Ho feta moo, ho boleloa hore ‘chefo’ eo e akarelletsa lithuto tsa malumeli ’ohle, eseng maikutlo a batho ba chesehang ka ho feteletseng feela. Batho bana ba re lithuto tsa motheo tsa bolumeli li lokela ho pepesoa le ho lahloa ’me li nkeloe sebaka ke tse utloahalang le tse bontšang ho nahana. Sam Harris ea sa lumeleng hore Molimo o teng o re batho ha baa lokela ho tšaba ho bua ka bolokolohi ka “lintho tse ngata tse se nang kelello tse senyang bophelo” tse fumanoang ka Bibeleng le ho Koran. “Re ke ke ra hlola re thola ka lebaka la . . . ho tšaba ho khopisa batho ba malumeli.”
Le hoja batho bana ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba nyefola bolumeli, ba hlompha saense ’me ba bang ba bile ba bolela hore e paka hore Molimo ha a eo. Empa na e paka hore ha a eo? Ha e le hantle, na e ka paka hore ha a eo? Harris o re “qetellong, ka sebele lehlakore le leng le tla hlōla phehisanong ena ’me le leng le hlōloe.”
U nahana hore qetellong ke lehlakore lefe le tla hlōla? Ha u ntse u nahanisisa taba ena, ak’u ipotse: ‘Na ha e le hantle ho kotsi ho lumela hore ’Mōpi o teng? Na lefatše e ne e tla ba sebaka se molemo haholoanyane haeba batho bohle ba ne ba lumela hore Molimo ha a eo?’ A re ke re hlahlobe seo bo-rasaense le bo-rafilosofi ba bang ba hlomphehang ba ’nileng ba se bua ka batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng, bolumeli le saense.