Lijo Tse Chesang Kamoo li Isoang Mosebetsing li Tloha Hae ka Mokhoa oa Mumbai
LETSATSI le leng le le leng u tloha hae ka hora ea bohlano hoseng ha u ea mosebetsing. Nakong ea lijo tsa motšehare u ka thabela ho ja lijo tse phehiloeng hae ka tsela e u natefelang. Sena ke se etsahallang batho ba likete ba sebetsang Mumbai, India, kaha ba tlisetsoa lijo tse phehiloeng hae ke bo-dabbawala ba India.a
O Sebelisa Monyetla ha o Hlaha
Ho elella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, Mumbai, eo ka nako eo e neng e bitsoa Bombay, e ne e le setsi se hōlang sa khoebo ’me bo-rakhoebo ba Mabrithani le ba Maindia ba tsamaea sebaka se selelele ha ba ea mosebetsing. Lipalangoang li ne li tsamaea butle ’me ho e-na le lireschorente tse seng kae feela. Lijo tsa motšehare tse phehiloeng hae li ne li ratoa haholo, kahoo ho ne ho hiroa batho ba latelang bahiri ba bona lijo tsa motšehare malapeng ba ba isetsa tsona mosebetsing. Rakhoebo e mong ea nang le temoho o ile a bona seo e le monyetla oa khoebo, eaba o hira bacha ba metseng ba sa sebetseng ’me o qala tšebeletso ea kamehla ea ho nka lijo malapeng a li isetsa ba mosebetsing. Khoebo ena e qalileng e le nyenyane, e ile ea fetoha e khōlō.
Le kajeno batho ba ntse ba rata lijo tse phehiloeng hae. Ke ’nete hore hona joale ho se ho e-na le lireschorente tse ngata, empa lijo tse phehiloeng hae li ntse li le theko e tlaase ’me li ntse li ratoa. Ho feta moo, batho ba bangata baa kula ’me ba lokela ho ja lijo tse itseng feela. Ba bang ha ba je lijo tse itseng ka lebaka la bolumeli. Ka mohlala, batho ba bang ha ba je eiee, ha ba bang bona ba sa je konofolo. Lintho tsena li atisa ho tšeloa lijong tse phehoang lireschorenteng, kahoo ho isetsa ba mosebetsing lijo tse phehiloeng hae ho rarolla mathata ana.
Tšebeletso e Tšepahalang ka ho Fetisisa
Tsela eo lijo li tsamaisoang ka eona e fetohile hanyenyane ha lilemo li ntse li feta, empa hona joale e pharaletse haholo. Kajeno banna ba fetang 5 000 le basali ba seng bakae ba latela batho ba fetang 200 000 lijo tsa motšehare malapeng a haufi le moo ba lulang teng ’me ba ba isetsa tsona mosebetsing, sebakeng sena se nang le baahi ba fetang limilione tse 20. Bo-dabbawala ba bang ba potoloha sebaka se boholo ba lik’hilomithara tse ka bang 60—mohlomong ba nkile lik’hafothini tse 30 kapa 40 ka likariki tse huloang ka letsoho—ha ba bang bona ba sebelisa libaesekele kapa literene. Ho sa tsotellehe hore na ba sebelisa mokhoa ofe, ba isetsa motho lijo tsa hae ka nako e nepahetseng. Ha e le hantle, ho boleloa hore ho batho ba limilione tse 6 bao ba ba isetsang lijo, ba etsa phoso e le ’ngoe feela! Ba khona joang ho etsa see?
Ka 1956, bo-dabbawala ba ile ba ngolisoa e le mokhatlo o fanang ka thuso, o nang le komiti ea tsamaiso le liofisiri tse ling. Basebetsi hammoho le baokameli ba bona e ba lihlopha tse ikemetseng. Empa kaofela ha bona ke litho tsa mokhatlo ona ’me ba na le liabo—e leng sona seo ba reng se atlehisa tšebeletso ena. Ha e le hantle, ha ba e-s’o be le seteraeke ho tloha ha tšebeletso ena e ne e qala lilemong tse fetang 100 tse fetileng.
Bo-dabbawala ba tsamaea ka likarete tsa boitsebahatso ’me ba khetholleha habonolo ka lihempe tsa bona tse tšoeu, marikhoe a habuhabu le likepisi tse tšoeu. Haeba ba sa roala likepisi, ba lieha ho fihla kapa ba lofa mosebetsing ka mabaka a sa utloahaleng, kapa ba fumanoa ba e-noa nakong ea mosebetsi, ba ipeha kotsing ea hore ba lefisoe.
Kemiso ea Letsatsi ka Leng
Ka 8:30 hoseng, e mong lelapeng la motho ea isetsoang lijo, mohlomong mosali oa hae, o se a tšetse lijo tsa motšehare kapa tiffin ka sek’hafothining—e leng dabba. Li-dabba li na le lik’hafothini tse ’maloa tse pakoang hammoho ebe li tšoaroa ka hakisi ea tšepe. Dabbawala o bokella lik’hafothini tse ’maloa sebakeng se itseng, a li laele baesekeleng kapa kariking ea hae a ntan’o potlakela seteisheneng sa terene, moo a kopanang le ba bang ba sehlopheng sa hae. Ha ba fihla moo, ba arola lik’hafothini tsena ka hore na li ea hokae, joalokaha batsamaisi ba poso ba etsa.
Sek’hafothini ka seng se na le litlhaku, linomoro, mebala e bontšang hore na se tsoa sebakeng sefe, seteishene se haufi sa terene ke sefe, se isoa hokae, mohahong ofe le mokatong ofe. Lik’hafothini tse lokelang ho isoa sebakeng se le seng lia kopanngoa ’me li laeloa foreiming ea lehong, e laelang tse ka bang 48. Ha terene e fihla, lik’hafothini tseo li laeloa sebakeng se khethehileng, se haufi le mokhanni. Joale ha terene e fihla seteisheneng se seholo, lik’hafothini tseo li boetse lia aroloa ’me li isoa seteisheneng seo li lokelang ho ea ho sona. Ha li le moo, li boetse lia aroloa e le hore li isoe ho beng ba tsona ka baesekele kapa ka kariki e huloang ka letsoho.
Litsela tsena tseo ho tsamaisoang lijo ka tsona lia atleha ebile li litšenyehelo li tlaase. Ho feta moo, dabbawala ha a liehisoe ke sephethephethe, kaha o soaela ka thōko ho tsela kapa pakeng tsa likoloi. Ka lebaka leo, lijo li fihla ho mong’a tsona ka 12:30 thapama. Joale pakeng tsa 1:15 le 2:00 thapama ka mor’a hore dabbawala ea sebetsang ka thata a je lijo tsa hae tsa motšehare, o phutha lik’hafothini tse se nang letho, ’me o li khutlisetsa habo tsona, moo e mong oa lelapa a li hlatsoang, ho li lokisetsa letsatsi le hlahlamang. Ho tloha qalong ho isa qetellong, mosebetsi ona oohle o etsoa ka potlako le ka tsela e atlehang, joaloka lebelo la lesokoana!
Tšebeletso ea Boemo bo Tlaase e Ananeloang Haholo
Ba bang ba ile ba hlokomela botumo bo babatsehang ba bo-dabbawala. Mekhatlo e meng e ’nile ea hlahloba tsela eo ba tsamaisang lijo ka eona, e le hore e ka sebelisa seo e ithutileng sona likarolong tse ling tsa khoebo. Ho ’nile ha etsoa lifilimi tse buang ka bo-dabbawala. Ba makasine e bitsoang Forbes Global Magazine, ba ile ba ba fa khau ea Six Sigma ka lebaka la mosebetsi oa bona o tsoileng matsoho. Ba kenyelelitsoe le bukeng ea The Guinness Book of World Records le liphuputsong tse entsoeng ke Sekolo sa Khoebo sa Harvard se United States. Bo-dabbawala ba ’nile ba eteloa ke bahlomphehi, ho akarelletsa e mong oa lelapa la borena ba Brithani ea ileng a khahloa ke mosebetsi oa bona haholo hoo a ileng a mema ba bang lenyalong la hae, Engelane.
Kajeno bo-dabbawala ba sebelisa lik’homphieutha le liselefouno ho nka liodara le ho boloka tlaleho ea liak’haonte. Empa ba ntse ba tsamaisa lijo ka tsela e tšoanang. Ha nako ea lijo tsa motšehare e atamela, basebetsi ba bangata ba Mumbai ba lapileng baa tseba hore ba mothating oa ho fumana lijo tse futhumetseng tse phehiloeng hae—hantle ka nako!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Dabba ke “sek’hafothini”: wala ke motho ea tsamaisang lijo. E ngoloa ka litsela tse sa tšoaneng.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ba laela li-“dabba” tereneng
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
“Dabba” e na le lik’hafothini tse ’maloa tse pakoang hammoho e le hore ho be bonolo ho e nka le ho e tsamaisa
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Likhoebo tse ngata li ithutile ho hong tseleng e atlehang eo bo-“dabbawala” ba tsamaisang lijo ka eona