Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/12 leq. 23
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Itokiselletsa Nako ea ho Pepa
  • Ikoetlise Kamehla, Lula U Phetse Hantle
  • Bo-’mè ba Phetseng Hantle, Masea a Phetseng Hantle
    Tsoha!—2009
  • Na ka Sebele U Hloka Ho Ikoetlisa?
    Tsoha!—2005
  • Tsela ea ho Sireletsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—1999
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 4/12 leq. 23

Tsa Mona le Mane

“Pele ho e-ba le lik’homphieutha, [Batho ba ithutang ka limela] ba ne ba sa khone ho etsa lipatlisiso libukeng tsa limela pele ba reha mefuta e mecha mabitso, kahoo ho ile a ha ba le limela tse ngata tse bitsoang ka lebitso le le leng.” Hona joale ho hakanngoa hore ho limela tse milione kapa ho feta tseo mabitso a tsona a thathamisitsoeng libukeng, bonyane tse 477 601 li sebelisa mabitso a tšoanang.—SCIENCE, U.S.A.

“Ke Machaena a etsang karolo ea botšelela lekholong feela a bolelang hore a thabile.” Batho ba bang ba etsang karolo ea 39 lekholong bao ho entsoeng phuputso ho bona, ba nahana hore “ntho e ka sehloohong e thabisang motho” ke “leruo.”—CHINA DAILY, CHAENA.

“Phuputso . . . e entsoeng ho hlahloba ho nepahala ha lipalo-palo tse mabapi le tlōlo ea molao Russia, e bontšitse hore ‘leshano le lengata’ litlalehong tse entsoeng naheng eo eohle.” Mekhatlo ea toantšo ea tlōlo ea molao e qosoa ka ho “ho pata tlōlo ea molao e etsoang” le ho bua leshano ka hore e rarolotse mathata a tlōlo ea molao.—RIA NOVOSTI, RUSSIA.

“Seithuti se le seng ho liithuti tse tharo tsa univesithi ea motse-moholo oa Jeremane e leng [Berlin], se re se ka etsa mosebetsi [o akarelletsang ho rekisa ’mele le ho tantša ka tsela e tsosang takatso] e le hore se lefelle lithuto tsa bona.”—REUTERS NEWS SERVICE, JEREMANE.

Ho Itokiselletsa Nako ea ho Pepa

Mecha ea phatlalatso e ama tsela eo ka eona bo-’mè ba tsebisang ba bang phatlalatsa hore ba pepile. Tlaleho ea lenaneo la TV la Amerika le bitsoang ABC e re: Le hoja bo-nkhono ba bona ba ne ba romela melaetsa ea thelekramo “bo-’mè ba bacha ba bolella batho litaba tsa bona tse monate ba sebelisa Inthanete.” Ba etsa seo ka ho kenya litšoantšo tsa bona le tsa ngoana hang ka mor’a hore a tsoaloe. Kahoo, batsoetse ba mehleng ea kajeno ba amehileng haholo ka chebahalo ea bona ba ntlafatsa tsela eo ba shebahalang ka eona, ka ho etsa lintho tse akarelletsang ho lokisa ponahalo ea sefahleho, manala a matsoho le a maoto. Tlaleho eo e re: “Ba bang ba bile ba hlophisa hore motho ea ba lokisang moriri a ee le bona sepetlele.” Hobane’ng? Toni Golen eo e leng mookameli oa tsa bongaka lefapheng la moo ho pepisoang bo-’mè Beth Israel Deaconess Medical Center e Boston o re, e le hore ba be batle ha ba pepa.

Ikoetlise Kamehla, Lula U Phetse Hantle

Bafuputsi ba re lintho tse bakelang batho mafu a sa foleng ke ho etsa mosebetsi oo ho oona ba qetang nako ba lutse fatše, ho se bapale sekolong kapa ho qeta nako ba shebeletse TV. Koranta ea Vancouver Sun e re: “Ha u ntse u lutse, motsoako o etsang hore mesifa e chese mafura, o khaotsa ho sebetsa ka potlako.” Ho ea ka koranta eo, re hloka boikoetliso bo fetang ho etsa hore pelo e otle ka nakoana feela, e le hore re lule re phetse hantle ’meleng. “Re lokela ho ikoetlisa kamehla, ka mokhoa o leka-lekaneng e le hore motsoako o thusang ’mele ho hlahisa matla o lule o ntse e sebetsa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela