KHAOLO EA 1
Molimo Ke Mang?
1, 2. Ke eng eo re ka ’nang ra ipotsa eona?
BANA ba rata ho botsa lipotso. Ho sa tsotellehe hore na u leka ka matla hakae ho ba araba, ba ka ’na ba u botsa hore na hobane’ng. Leha u se u re u fane ka karabo e nepahetseng, ba ka ’na ba boela ba botsa hore na hobane’ng.
2 Ebang re bana kapa re batho ba baholo, kaofela re na le lipotso. Re ka ’na ra ipotsa hore na re tla sebelisa chelete joang, re tla ja’ng le hore na re tla apara’ng. Re ka boela ra ipotsa lipotso ka bophelo le bokamoso ba rona. Empa haeba re sa fumane likarabo tse khotsofatsang, re ka ’na ra utloa ho se na thuso ho tsoela pele re botsa.
3. Batho ba ipehela mabaka afe a ho se batle likarabo tsa lipotso tsa bona?
3 Batho ba bang ba lumela hore Bibele e ka araba lipotso tseo ba ipotsang tsona, empa ba re ho thata ho e utloisisa. Mohlomong ba nahana hore ke baruti feela ba tsebang likarabo. Ba bang bona ha ba botse hobane ba soabela hore ho tla thoe ha ba tsebe. Uena u nahana joang ka taba ee?
4, 5. Ke lipotso life tseo u ka ratang ho fumana likarabo tsa tsona? Ho batla likarabo tsa lipotso tseo ho tla u tsoela molemo joang?
4 Mohlomong u ka rata ho fumana likarabo lipotsong tse kang: Ke hobane’ng ha Molimo a bopile batho? Ho tl’o etsahala’ng ka ’na ha ke shoa? Molimo o joang? Mosuoe ea tsebahalang Jesu, o ile a re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.” (Matheu 7:7) U se ke oa tela ho fihlela u fumana likarabo tse utloahalang.
5 Ha u ntse u tsoela pele ‘ho batla,’ u tla fumana likarabo ka Bibeleng. (Liproverbia 2:1-5) Ha ho thata ho utloisisa likarabo tseo. Li ka u thusa hore u thabe hona joale le hore u be le tšepo ka bokamoso. A re ke re tšohle potso e ’ngoe e tšoenyang batho ba bangata.
NA MOLIMO OA RE TSOTELLA?
6. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nahana hore Molimo ha a re tsotelle?
6 Batho ba bangata ba nahana hore Molimo ha a re tsotelle. Ba re haeba a ne a re tsotella, ho ka be ho se na mathata a mangata hakana lefatšeng. Hohle ho tletse lintoa, lehloeo le mathata. Batho baa kula, ba utloa bohloko ebile baa shoa. Ba bang baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa felise lintho tse re utloisang bohloko haeba a re tsotella.
7. (a) Baruti ba re’ng ha batho ba hlaheloa ke lintho tse bohloko? (b) Bibele e re’ng ha e re kholisa hore ha se Molimo ea bakang lintho tse bohloko?
7 Ka linako tse ling, baruti ba etsa hore batho ba nahane hore Molimo ha a re tsotelle. Ha batho ba hlaheloa ke lintho tse bohloko, ba re ke thato ea Molimo. Ba re o ne a batla hore li etsahale. Ha ba bua joalo, ba beha Molimo molato. Empa Bibele e ruta hore ha ho mohla Molimo a bakang bobe. Jakobo 1:13 e re: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” Taba ena e bolela hore le hoja Molimo a sa thibe lintho tse bohloko hore li se ke tsa etsahala, ha ho mohla a li bakang.—Bala Jobo 34:10-12.
8, 9. Fana ka mohlala o bontšang hore Molimo ha se eena ea re bakelang mathata.
8 A re ke re etse mohlala ka mora ea ntseng a lula lapeng le batsoali ba hae. Ntate oa hae o mo rata haholo, ebile o mo rutile ho etsa liqeto tse nepahetseng. Empa joale mora eo e ba lerabele ’me o khetha ho tloha hae. O phela ka tsela e fosahetseng ’me o hlaheloa ke mathata. Na u ka re ke ntate ea baketseng mora oa hae mathata hobane a sa ka a mo thibela ho tloha hae? Che. (Luka 15:11-13) Molimo le eena ha aa ka a thiba batho ha ba khetha ho se mo mamele. Kahoo, ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko, re lokela ho hopola hore ha se Molimo ea re bakelang tsona. Re tla be re etsa phoso ha re mo beha molato.
9 Ho na le lebaka le utloahalang la hore na ke hobane’ng ha Molimo a tlohetse lintho tse mpe hore li etsahale. Khaolong ea 11, u tla ithuta hore na Bibele e re’ng ka taba ena. Empa u ka kholiseha hore Molimo oa re rata le hore ha se eena ea re bakelang mathata. Ebile ke eena feela ea ka rarollang mathata a rona.—Esaia 33:2.
10. Re kholisoa ke eng hore Molimo o tla felisa mathata a teng hona joale?
10 Molimo oa halalela. (Esaia 6:3) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e hloekile ebile e molemo. Kahoo re ka mo tšepa. Batho bona ha ba joalo. Ka linako tse ling ba etsa lintho tse fosahetseng. Esita le morena ea hlomphehang ka ho fetisisa ha a na matla a ho lokisa mathata ao batho ba khopo ba a bakileng. Ha ho na motho ea matla joaloka Molimo. O tla felisa mathata ’ohle kaha o bile o na le matla a ho etsa joalo. O tla felisa bokhopo ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ea 37:9-11.
MOLIMO O IKUTLOA JOANG HA BATHO BA UTLOA BOHLOKO?
11. Molimo o ikutloa joang ha batho ba utloa bohloko?
11 Molimo o ikutloa joang ka lintho tse etsahalang lefatšeng le ka mathata a u hlahelang? Bibele e re Molimo “o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Kahoo, o ameha ka lintho tse re etsahallang. Ha a rate ha batho ba utloa bohloko. Bibele e re nakong e fetileng ‘o ile a utloa bohloko’ ha a bona lefatše le tletse bobe. (Genese 6:5, 6) Molimo ha a e-s’o fetohe. (Malakia 3:6) E re Molimo oa u tsotella.—Bala 1 Petrose 5:7.
Bibele e ruta hore Jehova ke ’Mopi ea lerato oa leholimo le lefatše
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha re khona ho rata? (b) Ke’ng e re kholisang hore Molimo o tla felisa mathata le ho hloka toka?
12 Bibele e boetse e re Molimo o re bopile ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26) O re bopile re e-na le makhabane ao a nang le oona. Kahoo, haeba u utloa bohloko ha u bona batho ba se nang molato ba sotleha, e tlameha ebe Molimo o utloa bohloko le ho feta. Re tseba joang?
13 Bibele e re “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Lintho tsohle tseo Molimo a li etsang, o li etsa hobane a re rata. Kahoo, re khona ho rata hobane Molimo le eena a le lerato. Nahana ka sena: Haeba u ne u e-na le matla, na u ne u ke ke oa felisa mathata le ho hloka toka lefatšeng? Ho hlakile hore u ne u tla li felisa hobane u rata batho. Molimo le eena o na le matla ebile oa re rata, kahoo o tla felisa mathata le ho hloka toka. Lintho tsohle tseo Molimo a li tšepisitseng tse boletsoeng qalong ea buka ena li tla phethahala. Empa u lokela ho tseba Molimo haholoanyane e le hore u mo tšepe.
MOLIMO O BATLA HORE U MO TSEBE
Ha u batla hore motho e be motsoalle oa hao, u mo bolella lebitso la hao. Molimo o re boleletse lebitso la hae ka Bibeleng
14. Lebitso la Molimo ke mang, hona ke hobane’ng ha a re boleletse lona?
14 Haeba u batla hore motho e be motsoalle oa hao, ntho ea pele eo u mo bolellang eona ke efe? Ke lebitso la hao. Na Molimo o na le lebitso? Malumeli a mangata a re lebitso la hae ke Molimo kapa Morena, empa ana ha se mabitso a hae. Ke litlotla feela, joaloka “monghali” kapa “motlotlehi.” Molimo o re lebitso la hae ke Jehova. Pesaleme ea 83:18 e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Jehova o batla hore u tsebe lebitso la hae u be u le sebelise. Kahoo, o entse hore le hlahe ka makhetlo a likete ka Bibeleng. O u bolella lebitso la hae e le hore u ka ba motsoalle oa hae.
15. Lebitso Jehova le bolela’ng?
15 Lebitso la Molimo, e leng Jehova, le na le moelelo oa bohlokoa. Le bolela hore Molimo o khona ho phethahatsa ntho leha e le efe eo a e tšepisang le eo a e rerang. Ha ho letho le ka mo thibang. Ke Jehova feela ea ka bitsoang ka lebitso lena.a
16, 17. Litlotla tsee li bolela’ng? (a) “ea Matla ’Ohle” (b) “Morena oa bosafeleng” (c) “’Mopi”
16 Joalokaha re balile pejana, Pesaleme ea 83:18 e re ka Jehova: “Uena u le mong u ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Tšenolo 15:3 eona e re: “Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng, litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.” Ho re Jehova ke “ea Matla ’Ohle” ho bolela’ng? Ho bolela hore Jehova o matla ho feta motho leha e le ofe. Tlotla “Morena oa bosafeleng” eona e bolela hore haesale a le teng. Pesaleme ea 90:2 e re esale a le teng, ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
17 Tšenolo 4:11 e re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” Jehova ke eena feela ’Mopi, e leng hore o bopile lintho tsohle tseo u ka li nahanang, ho akareletsa mangeloi, linaleli, litholoana le litlhapi.
NA U KA KHONA HO BA MOTSOALLE OA JEHOVA?
18. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba nahana hore Jehova ha a re tsotelle? Bibele e re’ng ka taba ee?
18 Ha batho ba bang ba bala ka makhabane a Jehova, baa tšoha ebile ba nahana hore Jehova ha a ba tsotelle hobane a le matla haholo a bile a le hole le bona. Empa na Molimo o batla hore re ikutloe ka tsela eo? Che. Jehova o batla ho ba motsoalle oa rona. Bibele e re Molimo ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:27) O batla hore u be motsoalle oa hae. O tšepisa hore ‘o tla atamela ho uena.’—Jakobo 4:8.
19. (a) U lokela ho etsa’ng hore u be motsoalle oa Molimo? (b) Ke’ng eo u e ratang ka Jehova?
19 U lokela ho etsa’ng hore u be motsoalle oa Molimo? Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Kahoo, tsoela pele u ithuta, ’me u tla tseba Jehova le Jesu. Ha u etsa joalo, u tla fumana bophelo bo sa feleng. Ka mohlala, re ithutile hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:16) Molimo o boetse o na le makhabane a mang. Bibele e re Jehova ‘o mohau, o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato le ’nete.’ (Exoda 34:6) Jehova ‘o molemo ’me oitokiselitse ho tšoarela.’ (Pesaleme ea 86:5) Molimo o na le mamello ebile oa tšepahala. (2 Petrose 3:9; Tšenolo 15:4) Ha u ntse u ithuta Bibele, u tla tseba makhabane a hae a mang.
20-22. (a) Re ka etsa’ng hore re be metsoalle oa Molimo le hoja re sa mo bone? (b) U lokela ho etsa’ng haeba ba bang ba batla hore u khaotse ho ithuta ka Jehova?
20 U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Molimo le hoja u sa mo bone? (Johanne 1:18; 4:24; 1 Timothea 1:17) Ha u ntse u bala ka Jehova ka Bibeleng, u tla tseba hore na o nahana’ng le hore na o ikutloa joang. (Pesaleme ea 27:4; Baroma 1:20) Ha u tsoela pele ho ithuta ka Jehova, u tla mo rata le ho feta ’me e tla ba motsoalle oa hao.
Ntate o rata bana ba hae, empa Ntate oa rona ea leholimong o re rata le ho feta
21 U tla utloisisa hore Jehova ke Ntate oa rona. (Matheu 6:9) O re file bophelo, ’me o batla hore re bo thabele. Ke ntho eo ntate e mong le e mong a e batlelang bana ba hae hobane a ba rata. (Pesaleme ea 36:9) Bibele e ruta hore u ka ba motsoalle oa Jehova. (Jakobo 2:23) Ak’u nahane feela. Jehova, ’Mopi oa leholimo le lefatše o batla hore u be motsoalle oa hae.
22 Batho ba bang ba ka ’na ba batla hore u khaotse ho ithuta Bibele. Mohlomong ba tšaba hore u tla tlohella kereke ea hao. Empa u se ke oa lumella motho leha e le ofe ho u thibela ho ithuta ka Jehova. Ke Motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eena.
23, 24. (a) Ke hobane’ng ha u lokela ho botsa lipotso? (b) Re tl’o ithuta eng khaolong e latelang?
23 Ha u ntse u ithuta Bibele, ho tla ba le lintho tseo u sa tl’o li utloisisa. U se ke oa tšaba ho botsa lipotso kapa ho kopa thuso. Jesu o ile a re re lokela ho ikokobetsa joaloka bana hobane ba botsa lipotso tse ngata. (Matheu 18:2-4) Molimo o batla hore u fumane likarabo. Kahoo, ithute Bibele ka hloko ho netefatsa hore lintho tseo u ithutang tsona li nepahetse.—Bala Liketso 17:11.
24 Tsela e molemo eo re ka tsebang Jehova ka eona ke ka ho ithuta Bibele. Khaolong e latelang, re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha Bibele e fapane le libuka tse ling tsohle.
a Haeba Bibele ea hao ha e na lebitso Jehova, kapa haeba u ka rata ho tseba haholoanyane ka hore na le bolela’ng le hore na le bitsoa joang, ka kopo sheba tlhaloso ea pele lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.