Mebuso
Bakreste ba ’nete ba mamela le ho tšepahalla puso ea mang?
Sheba le Dan 7:13, 14
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ps 89:18-29—Jehova o khethile Mesia hore e be morena holim’a lefatše lohle
Tše 12:7-12—Qalong ea matsatsi a ho qetela ha Mesia e-ba Morena ’me a qala ho busa, Satane o ile a lahleloa lefatšeng
Bakreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng, ba emela ’Muso oa Molimo joang?
Bakreste ba hlompha babusi ba linaheng tseo ba lulang ho tsona
Ke hobane’ng ha re patala lekhetho le ho mamela melao ea linaha tsa habo rona?
Bar 13:1-7; Tit 3:1; 1Pe 2:13, 14
Sheba le Lik 25:8
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Mat 22:15-22—Ha Jesu a ne a botsoa hore na balateli ba hae ba lokela ho patala lekhetho, o ile a araba potso eo ka bohlale
Ke hobane’ng ha re sa iphetetse ha re hlorisoa?
Sheba le “Mahloriso”
Bakreste ha ba kenelle lipolotiking
Le hoja re hlompha babusi, ha ba re laela hore re etse lintho tse khahlanong le thato ea Molimo ha re ba mamele. Ke hobane’ng ha re etsa joalo?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Dan 3:1, 4-18—Bacha ba bararo ba Baheberu ba ile ba hana ho mamela molao oa Morena Nebukadnezare hobane o ne o le khahlanong le melao ea Molimo
Dan 6:6-10—Ha ’muso o ne o thibela batho ho rapela melimo e meng ntle ho morena, Daniele ha aa ka a mamela molao oo
Jesu o re behetse mohlala oa ho se nke lehlakore lipolotiking
Molao oa Molimo o khahlanong le ho rapela litšoantšo, o ka thusa Mokreste joang hore a se kenelle lipolotiking?
Ha Mokreste a laeloa hore a ee ntoeng, ke litemana life tsa Bibele tse ka mo thusang hore a tsebe hore na o lokela ho etsa’ng?
Sheba le Ps 11:5
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mat 26:50-52—Jesu o ile a bontša hore balateli ba hae ba ke ke ba kenella lintoeng
Joh 13:34, 35—Na ha Mokreste a ea ntoeng ’me a bolaea Bakreste-’moho le eena o tla be a bontša hore o mamela taelo ee?
Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa kenelle litoi-toing tse khahlanong le babusi ba lefatše?
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha babusi ba re etseletsa ka hore re likhathatso ebile re marabele?
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Lik 16:19-23—Moapostola Pauluse le Silase ba ile ba hlorisoa ka lebaka la mosebetsi oa bona oa ho bolela