Buka ya Pele ya Dikronike
19 Ka mora nako, Nahashe morena wa Baamone a shwa mme mora wa hae ya eba morena.+ 2 Davida a re: “Ke tla bontsha Hanune mora wa Nahashe hore ke a mo rata*+ hobane ntate wa hae o ile a mpontsha hore o a nthata.” Ka hoo, Davida a romela baromuwa ba hae hore ba yo mo tshedisa hobane a hlokahalletswe ke ntate wa hae. Empa ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone+ ho tla tshedisa Hanune, 3 dikgosana tsa Baamone tsa re ho Hanune: “Na o nahana hore Davida o hlompha ntate wa hao ka ho romela batho ba tlo o tshedisa? Na Davida ha a romela bahlanka ba hae ho wena hore ba tlo hlahloba naha le ho e hlwela e le hore ba tle ba e hape?” 4 Hanune a nka bahlanka ba Davida, a kuta ditedu tsa bona+ mme a seha diaparo tsa bona, ba sala ba le feela ho tloha mathekeng yaba o re ba tsamaye. 5 Ha Davida a bolellwa ka banna bao, hanghang a romela banna ba bang hore ba yo ba kgahlanyetsa hobane banna bao ba ne ba tlotlolotswe haholo. Morena a re ho bona: “Dulang Jeriko.+ Le tla kgutlela hae ha ditedu tsa lona di hodile.”
6 Ka mora nako, Baamone ba bona hore Davida o ba hloile yaba Hanune le Baamone ba romela silevera e boima ba dikhilokramo tse 34 200* hore ba hire dikariki tsa ntwa le bapalami ba dipere Mesopotamia,* Arame-maaka le Zoba.+ 7 Ba hira dikariki tsa ntwa tse 32 000 ha mmoho le morena wa Maaka le batho ba hae. Ka mora moo, ba tla Medeba+ mme ba hloma ditente tsa bona ka pela yona. Baamone ba bokana ho tswa metseng ya bona mme ba tswa ho tla lwana.
8 Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe+ le masole ohle, ho akarelletsa le banna ba hae ba matla ka ho fetisisa.+ 9 Baamone ba tswa mme ba itokisetsa ntwa keiting ya motse ha marena a neng a tlile a setse a le mang naheng.
10 Ha Joabe a bona hore masole a dira tsa hae a mo hlasela a hlaha ka pele le ka morao, a kgetha a mang a masole a matla ka ho fetisisa a Iseraele mme a a lokisetsa ho ya lwantsha Basiria.+ 11 A beha abuti wa hae Abishai+ hore e be molaodi wa banna ba bang kaofela e le hore a ba lokisetse ho ya lwantsha Baamone. 12 Yaba o re: “Haeba Basiria+ ba eba matla ho mpheta, o tle o tlo nthusa. Empa haeba Baamone ba eba matla ho o feta, ke tla o thusa. 13 Re lokela ho ba matla mme re be sebete+ bakeng sa batho ba habo rona le metse ya Modimo wa rona mme Jehova o tla phetha karolo ya hae.”
14 Joabe le banna ba hae ba ya ho Basiria ho ya ba lwantsha empa ba mo baleha.+ 15 Ha Baamone ba bona hore Basiria ba balehile, le bona ba baleha Abishai abuti wa hae mme ba kena motseng. Ka mora moo, Joabe a tla Jerusalema.
16 Ha Basiria ba bona hore ba hlotswe ke Baiseraele, ba romela baromuwa hore ba bitse Basiria ba dulang pela Noka,*+ ba etelletswe pele ke Shofake molaodi wa sesole sa Hadadezere.+
17 Ha Davida a bolellwa sena, a bokella Baiseraele bohle ka potlako mme a tshela Jordane a ya ho bona yaba o itokisetsa ho ba lwantsha. Davida a itokisetsa ho ya kopana le Basiria mme ba mo lwantsha.+ 18 Empa Basiria ba baleha Baiseraele mme Davida a bolaya bakganni ba dikariki tsa ntwa ba 7 000 le masole a tsamayang ka maoto a 40 000 a Basiria yaba o bolaya Shofake molaodi wa lebotho la sesole. 19 Ha bahlanka ba Hadadezere ba bona hore ba hlotswe ke Baiseraele,+ ba etsa kgotso kapele le Davida mme ya eba basebeletsi ba hae.+ Basiria ha ba a ka ba hlola ba batla ho thusa Baamone.