Dipesaleme
Pina ya Davida ya kgopotso.
3 Mmele wohle wa ka o a kula ka lebaka la kgalefo ya hao.
Ha ke na kgotso* ka lebaka la sebe sa ka.+
4 Diphoso tsa ka di bokellane ka hodima hlooho ya ka.+
Di nkimetse jwalo ka mojaro o boima haholo.
5 Maqeba a ka a a nkga ebile a tswa boladu
Ka lebaka la bowatla ba ka.
6 Ke tshwenyehile ebile ke nyahame haholo.
Ke tsamaya ke hloname letsatsi lohle.
7 Ke tjha ka hare.
Mmele wohle wa ka o a kula.+
8 Ke utlwile bohloko haholo hoo ke seng ke sa utlwe letho.
Pelo ya ka e imetsweng e etsa hore ke lle ha bohloko.
9 Jehova, o tseba dintho tsohle tseo ke di lakatsang,
O a mpona ha ke utlwile bohloko.
10 Pelo ya ka e otla ha bohloko, ke feletswe ke matla.
Mahlo a ka ha a sa bona.+
11 Metswalle ya ka le batho bao ke ba ratang ba a nqoba ka lebaka la mahlomola a ka.
Batho bao ke ba tlwaetseng haholo ba emeletse hole le nna.
12 Ba batlang ho mpolaya ba ntjhehetse maraba.
Ba batlang ho ntematsa ba bua ka ho mphedisa.+
Letsatsi lohle ba loha mano a ho nthetsa.
13 Empa jwalo ka motho ya sa utlweng ditsebeng, ke ne ke sa mamele.+
Jwalo ka motho ya sa kgoneng ho bua, ke ne ke sa bule molomo wa ka.+
14 Ke jwalo ka motho ya sa utlweng,
Eo molomo wa hae o sa kgoneng ho ipuella.
16 Ke ile ka re: “E se eka ba ke ke ba thaba
Kapa ba ithorisa ha leoto la ka le thella.”
18 Ke ile ka bolela phoso ya ka.+
Sebe sa ka se ne se ntshwenya.+
20 Ha ke ne ke ba etsa hantle, ba ne ba nketsa hampe.
Ba ne ba nthibela hore ke se ke ka nna ka etsa dintho tse ntle.
21 O se ke wa ntlohela hle Jehova.
Modimo wa ka, o se ke wa ba hole le nna.+