Buka ya Pele ya Samuele
1 Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramathaime-zofime*+ e sebakeng se dithaba sa Efraime.+ Lebitso la hae e ne e le Elkana+ wa Moefraime* mora wa Jerohame, mora wa Elihu, mora wa Tohu, mora wa Zufe. 2 O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Anna mme lebitso la e mong e le Penina. Penina o ne a ena le bana empa Anna yena o ne a se na bana. 3 Monna eo o ne a tloha motseng wa habo selemo le selemo a ya Shilo ho ya rapela* Jehova wa mabotho le ho mo etsetsa sehlabelo.+ Ke hona moo bara ba babedi ba Eli e leng Hofni le Finease+ ba neng ba sebeletsa teng e le baprista ba Jehova.+
4 Ka letsatsi le leng ha Elkana a etsa sehlabelo, o ile a fa Penina mosadi wa hae ha mmoho le bara le baradi bohle ba hae dikarolo tsa sona+ 5 empa a fa Anna karolo e kgethehileng hobane o ne a mo rata. Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a sa fa Anna bana. 6 Ho ekelletsa moo, Penina e leng mosadi e mong o ne a dula a utlwisa Anna bohloko hobane Jehova a sa mo fa bana. 7 O ne a etsa jwalo selemo le selemo. Nako le nako ha Anna a ya ntlong ya Jehova,+ Penina o ne a mo utlwisa bohloko hoo a neng a lla a bile a sa je. 8 Monna wa hae Elkana a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je ebile o utlwile bohloko hakaale? Na ha ke bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”
9 Ha ba qetile ho ja le ho nwa Shilo, Anna a ema mme a tsamaya. Ka nako eo, moprista Eli o ne a dutse setulong se monyako wa tempele+ ya Jehova. 10 Anna o ne a utlwile bohloko haholo yaba o rapela Jehova+ a lla, a sa kgone le ho ithiba. 11 A etsa kano ena: “Jehova wa mabotho, e se eka o ka bona bohloko boo ke leng ho bona. Haeba o ka nkgopola mme wa fa nna lekgoba la hao ngwana wa moshanyana,+ ke tla o fa yena Jehova ka matsatsi ohle a bophelo ba hae mme ha ho mohla a tla kuta moriri.”*+
12 Ha a ntse a rapela ka nako e telele ka pela Jehova, Eli o ne a mo shebile molomong. 13 Anna o ne a buela ka pelong, lentswe la hae le sa utlwahale. Ke molomo wa hae feela o neng o thothomela. Ka hoo, Eli a nahana hore o tahilwe. 14 Eli a re ho yena: “O batlang moo o tahilwe hakaale? Tlohela ho nwa veine.” 15 Anna a re: “Tjhe morenaka, ke mosadi ya imetsweng haholo. Ha ke a nwa veine kapa jwala le ha e le bofe, ke mpa ke bolella* Jehova ka moo ke ikutlwang ka teng.+ 16 O se ke wa nahana hore ke mosadi ya se nang thuso hobane haesale ke rapela ho fihlela hona jwale ka ha ke imetswe haholo.” 17 Eli a re ho yena: “Tsamaya ka kgotso, e se eka Modimo wa Iseraele a ka o fa seo o se kopileng ho yena.”+ 18 Anna a re ho Eli: “Ke a leboha ka mosa oo o mpontshitseng wona.” Mosadi eo a tsamaya, a ja mme ha a ka a hlola a tshwenyeha.
19 Jwale lelapa lohle la tsoha hoseng la rapela Jehova mme ka mora moo la kgutlela ntlong ya lona e Rama.+ Elkana a robala le mosadi wa hae Anna mme Jehova a hopola thapelo ya Anna.+ 20 Ka mora nako e ka etsang selemo* Anna a ima, a tswala mora mme a mo reha+ Samuele* hobane o ile a re, “Ke mo kopile ho Jehova.”
21 Ka mora nako Elkana a tsamaya le lelapa lohle la hae ho ya etsetsa Jehova sehlabelo sa selemo le selemo+ le ho ya fana ka nyehelo ya hae ya boitlamo. 22 Empa Anna ha a ka a tsamaya le bona+ hobane o ile a re ho monna wa hae: “Ke tla tlisa moshanyana enwa ntlong ya Jehova* hang ha a se a kgwesitswe* mme o tla dula moo ho tloha ka nako eo ho ya pele.”+ 23 Monna wa hae Elkana a re ho yena: “Etsa seo o nahanang hore se molemo.* Dula hae ho fihlela o mo kgwesa. E se eka Jehova a ka phethahatsa seo o se buileng.” Ka hoo, Anna a dula hae mme a nna a nyantsha mora wa hae ho fihlela a mo kgwesa.
24 Hang ka mora hore a mo kgwese, a mo isa Shilo a nkile poho e dilemo di tharo, dilithara tse ka bang 22* tsa phofo le jeke e kgolo ya veine+ yaba o tlisa moshanyana wa hae ntlong ya Jehova e Shilo.+ 25 Ba hlaba poho eo mme ba tlisa moshanyana ho Eli. 26 Anna a re: “Ntshwarele, morenaka. Ke a o hlapanyetsa, ke nna mosadi yane ya neng a eme le wena mona ha ke ne ke rapela Jehova.+ 27 Ke ne ke rapela hore Jehova a mphe moshanyana enwa mme o ile a mpha seo ke ileng ka mo kopa sona.+ 28 Jwale ke mo fa* Jehova. Ke mo fa Jehova bophelo bohle ba hae.”
Yaba o* inamela Jehova moo.