9 Kapele-pele Josefa a hopola litoro tseo a ileng a li lora ka bona,+ ’me a tsoela pele ho re ho bona: “Le lihloela! Le tlil’o bona boemo bo pepesehileng ba naha!”+
2 “Romela banna bakeng sa hao hore ba hloele naha ea Kanana, eo ke e fang bara ba Iseraele.+ Le tla romela monna a le mong bakeng sa moloko ka mong oa bo-ntat’ae, e mong le e mong e be morenana+ har’a bona.”
2Joale Joshua mora oa Nune a romela banna ba babeli ka sephiri ho tloha Shitime+ e le lihloela, a re: “E-eang, le lekole naha eo le Jeriko.” Kahoo ba ea ’me ba fihla ntlong ea mosali oa letekatse eo lebitso la hae e leng Rahaba,+ eaba ba lula moo.