Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 55:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Motho ea khopo a tlohele tsela+ ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano+ ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela,+ le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.+

  • Jeremia 7:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong,+ e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.’+

  • Jeremia 18:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 ’me sechaba seo se furalla bobe ba sona boo ke buileng ka bona,+ ke tla ikutloa ke soabile ka lebaka la tlokotsi eo ke neng ke nahanne ho e phethisa holim ’a sona.+

  • Ezekiele 33:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 E-re ho bona, ‘“Ka ’na ea phelang,” ho bolela ’Musi Morena Jehova, “ha ke khahloe ke lefu la ea khopo,+ empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla+ tsela ea hae ’me a lula a phela.+ Furallang, furallang litsela tsa lōna tse mpe,+ etsoe ke hobane’ng ha le lokela ho shoa, Lōna ba ntlo ea Iseraele?”’+

  • Baheberu 12:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe ka matsatsi a se makae ba ne ba re laea ho ea ka se neng se bonahala se le molemo ho bona, empa o etsa joalo molemong oa rōna e le hore re ka ba le kabelo khalalelong+ ea hae.

  • Jakobo 1:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ha a le tlas’a teko,+ ho se ke ha e-ba le ea reng: “Ke ntse ke lekoa ke Molimo.” Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.

  • 2 Petrose 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae,+ joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela