LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 42:38
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 38 Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a tsamaya le lona hobane abuti wa hae o shwele mme o setse a le mong.+ Haeba a ka hlahelwa ke kotsi tseleng ebe o a shwa, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.”+

  • Genese 44:29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 29 Haeba le ka nkamoha le enwa mme a hlahelwa ke kotsi tseleng ebe o a shwa, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.’+

  • Pesaleme 89:48
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 48 Na ho na le motho ya phelang ya ke keng a shwa?+

      Na a ka lopolla bophelo ba hae hore a se ke a shwa?* (Selah)

  • Moeklesia 9:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Eng kapa eng eo o kgonang ho e etsa,* o e etse ka matla a hao kaofela etswe ha ho mosebetsi, morero, tsebo kapa bohlale Lebitleng*+ moo o yang teng.

  • Hosea 13:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Ke tla lopolla batho ba ka Lebitleng,*

      Ke ba lokolle lefung.+

      Lefu, metsu ya hao e hlabang e hokae?+

      Lebitla, matla a hao a ho fedisa a hokae?+

      Nke ke ka le qenehela.

  • Diketso 2:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 hobane o ke ke wa ntlohela Lebitleng* kapa wa dumella motho ya o tshepahallang hore a bolle lebitleng.+

  • Tshenolo 20:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Lewatle la kgutlisa bafu ba ka ho lona, lefu le Lebitla* le tsona tsa kgutlisa bafu ba ka ho tsona yaba e mong le e mong o ahlolwa ho ya ka diketso tsa hae.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share