-
Mareka 6:45-52Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
45 Ntle ho tshenyo ya nako, a re barutuwa ba hae ba palame sekepe mme ba ye ka lehlakoreng le leng la lewatle, ba feta pela Bethsaida, yena a sala a ntse a bolella batho hore ba tsamaye.+ 46 Empa ka mora hore a re ba tsamaye hantle, a ya thabeng ho ya rapela.+ 47 Mantsiboya sekepe se ne se le bohareng ba lewatle empa o ne a le mong lebopong.+ 48 O ile a bona hore ba soka ka thata hobane moya o ne o le matla haholo. A tla ho bona hoo e ka bang ka meso,* a tsamaya hodima lewatle empa a etsa eka o a* ba feta. 49 Ha barutuwa ba mo bona a tsamaya hodima lewatle, ba hweletsa ba re: “Keng ntho e tlang le moo?”* 50 Kaofela ba ile ba mo bona yaba ba a tshoha. Hanghang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tshoha, ke nna.”+ 51 A kena ka sekepeng mme moya wa kokobela. Yaba ba makala haholo 52 ka ha ba ne ba sa utlwisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolelang. Ba ile ba tswela pele ba ntse ba sa utlwisise ka dikelellong tsa bona.
-
-
Johanne 6:16-21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
16 Ha shwalane e tshwara, barutuwa ba hae ba theohela lewatleng.+ 17 Ba palama sekepe, ba tshelela ka nqane ho lewatle ho ya Kapernauma. Ka nako eo, ho ne ho se ho le lefifi empa Jesu a eso fihle ho bona.+ 18 Ka ha moya o ne o le matla, lewatle le ne le befile.+ 19 Ha ba se ba tsamaile dikhilomithara tse ka bang hlano kapa tse tsheletseng* ka sekepe, ba bona Jesu a tsamaya hodima lewatle a atamela ho bona yaba ba a tshoha. 20 A re ho bona: “Le se ke la tshoha, ke nna.”+ 21 Jwale ba utlwa ba lokolohile hore a ka kena ka sekepeng yaba sekepe se fihla lebopong moo ba neng ba ya teng.+
-