Exoda
21 Ena ke melao eo o tla ba bolella yona:+
2 Haeba o reka lekgoba la Moheberu,+ e tla ba lekgoba ka dilemo tse tsheletseng empa ka selemo sa bosupa, le tla lokollwa le sa patale letho.+ 3 Haeba le tlile le le leng, le tla tloha le le leng. Empa haeba le ena le mosadi, le tla tsamaya le mosadi wa lona. 4 Haeba monga lona a le file mosadi mme mosadi eo a le tswalletse bara kapa baradi, mosadi le bana ba lekgoba leo e tla ba ba monga lona mme lekgoba leo le tla tsamaya le le leng.+ 5 Empa haeba lekgoba le ikopela le re, ‘Ke rata monga ka, mosadi wa ka le bana ba ka, ha ke batle ho lokollwa,’+ 6 monga lona a le tlise ka pela Modimo wa nnete. Ka mora moo, a le emise pela lemati kapa pela kosene ya monyako ebe o le phunya tsebe ka elese* mme e tla ba lekgoba la hae bophelo bohle ba lona.
7 Haeba monna a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokollwa ka tsela eo lekgoba la monna le lokollwang ka yona. 8 Haeba monga hae a sa kgahlwe ke yena mme a sa mo kgethe hore e be serethe* sa hae empa a etsa hore a rekwe ke motho e mong,* a ke ke a ba le tokelo ya ho mo rekisetsa baditjhaba hobane o mo etseditse bolotsana. 9 Haeba a mo kgethela mora wa hae, a mo tshware jwalo ka moradi wa hae. 10 Haeba mora* a inkela mosadi e mong hape, a se ke a fokoletsa mosadi wa pele dijo, diaparo le tokelo ya hae ya lenyalo.+ 11 Haeba a ke ke a mo fa dintho tsena tse tharo, jwale a tsamaye a sa patala letho.
12 Mang kapa mang ya otlang motho mme motho eo a shwa, o tla bolawa.+ 13 Empa haeba a mo bolaile ka phoso mme Modimo wa nnete a dumella hore ho etsahale jwalo, ke tla le lokisetsa sebaka seo a ka balehelang ho sona.+ 14 Haeba motho a halefela wa habo haholo mme a mo bolaya ka boomo,+ motho eo o lokela ho shwa le haeba taba eo e bolela hore le lokela ho mo tlosa aletareng ya ka.+ 15 Ya otlang ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.+
16 Haeba motho a kwetela motho e mong+ mme a mo rekisa kapa a fumanwa ho yena,+ o lokela ho bolawa.+
17 Mang kapa mang ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.+
18 Haeba batho ba qabana mme e mong a otla wa habo ka lejwe kapa ka setebele* mme a sa shwe empa a lemala mme a tlameha ho robala betheng ya hae, ho etswe sena: 19 Haeba a ka kgona ho ema le ho tsamaya ka ntle ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fuwa kotlo. O tla patala motho ya lemetseng bakeng sa nako eo a sa kgoneng ho ya mosebetsing ka yona feela, ho fihlela motho eo a fodile ka hohlehohle.
20 Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka molamu mme lekgoba leo le shwa ha a ntse a le otla,* monga lona o lokela ho fuwa kotlo.+ 21 Le ha ho le jwalo, haeba le ka phela letsatsi le le leng kapa a mabedi, monga lona a se ke a fuwa kotlo hobane o le rekile ka tjhelete ya hae.
22 Haeba banna ba lwana mme ba ntsha mosadi wa moimana kotsi mme a beleha pele ho nako*+ empa yena le ngwana wa hae ba sa shwe,* motho ya molato a patale ditshenyehelo tseo monna wa mosadi eo a tla mo batla tsona. A di patale ho ya ka qeto e entsweng ke baahlodi.+ 23 Empa haeba mosadi eo kapa ngwana wa hae a shwa, jwale mmolai a fane ka bophelo bakeng sa bophelo,*+ 24 leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto,+ 25 ho tjheswa bakeng sa ho tjheswa, leqeba bakeng sa leqeba, kotlo bakeng sa kotlo.
26 Haeba motho a otla leihlo la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi mme a le lematsa, a lokolle lekgoba leo hore le tsamaye e le tefo bakeng sa leihlo la lona.+ 27 Haeba a ntsha leino la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo hore le tsamaye e le ho patala leino la lona.
28 Haeba poho e hlaba monna kapa mosadi mme a shwa, poho eo e tlepetswe ka majwe ho fihlela e shwa+ mme nama ya yona e se ke ya jewa. Empa monga poho a ke ke a fuwa kotlo. 29 Empa haeba poho e ne e tlwaetse ho hlaba batho mme monga yona a ile a lemoswa empa a sa ka a e hlokomela mme e bolaile monna kapa mosadi, poho eo e tlepetswe ka majwe mme monga yona le yena a bolawe. 30 Haeba monga poho a kopuwa hore a patale* e le hore a se ke a bolawa, a patale tjhelete eo ho thweng a e patale. 31 Ebang e hlabile moshanyana kapa ngwanana, monga poho o lokela ho ahlolwa ho latela melao ena. 32 Haeba poho eo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga poho o tla patala monga lekgoba leo dikotwana* tsa silevera tse 30 mme poho eo e tlepetswe ka majwe ho fihlela e shwa.
33 Haeba motho a kwaholla sekoti kapa a se tjheka mme a sa se kwahele mme poho kapa tonki e wela ka hara sona, 34 monga sekoti o tla patalla+ phoofolo e shweleng. A fe monga phoofolo eo tjhelete mme phoofolo e shweleng e be ya hae. 35 Haeba poho ya motho e mong e lematsa poho ya e mong mme e shwa, ba rekise poho e phelang mme ba arolelane tjhelete e patetsweng bakeng sa yona. Ba arolelane le phoofolo e shweleng. 36 Kapa haeba ho ne ho tsejwa hore poho eo e ne e tlwaetse ho hlaba diphoofolo tse ding empa monga yona a sa e lebele, a patale ka poho bakeng sa poho mme e shweleng e be ya hae.