Dipesaleme
BUKA YA PELE
(Pesaleme ya 1-41)
1 Ho thaba motho ya sa lateleng keletso ya ba kgopo,
Ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe,+
Ya sa duleng le basomi.+
2 Empa o thabela molao wa Jehova,+
O bala molao wa Hae le ho nahanisisa ka wona* bosiu le motshehare.+
3 O tla ba jwalo ka sefate se lenngweng haufi le melapo ya metsi,
Se behang ditholwana ka nako ya tsona,
Seo makgasi* a sona a sa poneng.
O tla atleha dinthong tsohle tseo a di etsang.+
4 Ba kgopo ha ba jwalo.
Ba jwalo ka mmoko o fefolwang ke moya.