LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 1
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Samuele

      • Elkana le basadi ba hae (1-8)

      • Anna ya sa kgoneng ho ba le bana o rapella ho ba le mora (9-18)

      • Samuele o a tswalwa mme o fuwa Jehova (19-28)

1 Samuele 1:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “wa Rama, Mozufe.”

  • *

    Elkana o ne a dula Efraime empa e ne e le Molevi. Sheba 1Dikr 6:19, 22-28.

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 1:19; 7:15, 17
  • +Jos 16:5
  • +1Kr 6:22, 27

1 Samuele 1:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “kgumamela.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 23:14; 34:23; De 12:5, 6; Jos 18:1; Bhl 21:19; Lu 2:41
  • +1Sa 2:12, 22; 4:17
  • +Nu 3:10; De 33:10; Mal 2:7

1 Samuele 1:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 7:15

1 Samuele 1:7

Mangolo a Dithupiso

  • +De 16:16; 1Sa 2:18, 19

1 Samuele 1:9

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 25:8; 1Sa 3:3; 2Sa 7:2

1 Samuele 1:10

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 55:22; 65:2

1 Samuele 1:11

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ha ho lehare le tla feta hloohong ya hae.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 30:22
  • +Nu 6:5

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2017, maq. 4-5

1 Samuele 1:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “tshollela.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 42:6; 62:8; 142:2

1 Samuele 1:17

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 1:11

1 Samuele 1:19

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 1:1
  • +1Sa 1:11; Pes. 66:19; Pr 15:29

1 Samuele 1:20

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa mohlomong: “ka mora nako e lebeletsweng.”

  • *

    E bolelang “Lebitso la Modimo.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 5:29; 41:51; Ex 2:21, 22; Mat 1:21

1 Samuele 1:21

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 1:3

1 Samuele 1:22

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “o tla hlaha ka pela Jehova.”

  • *

    E leng ha ngwana a tlohedisitswe ho nyanya.

Mangolo a Dithupiso

  • +De 16:16
  • +1Sa 1:11; 2:11; 2Kr 31:16

1 Samuele 1:23

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “se molemo mahlong a hao.”

1 Samuele 1:24

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “efa e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 15:8-10
  • +Jos 18:1

1 Samuele 1:26

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 1:15

1 Samuele 1:27

Mangolo a Dithupiso

  • +1Sa 1:11, 17; Pes. 66:19

1 Samuele 1:28

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “adima.”

  • *

    E ka nna yaba ho buuwa ka Elkana.

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    4/2017, leq. 5

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1 Sam. 1:11Sa 1:19; 7:15, 17
1 Sam. 1:1Jos 16:5
1 Sam. 1:11Kr 6:22, 27
1 Sam. 1:3Ex 23:14; 34:23; De 12:5, 6; Jos 18:1; Bhl 21:19; Lu 2:41
1 Sam. 1:31Sa 2:12, 22; 4:17
1 Sam. 1:3Nu 3:10; De 33:10; Mal 2:7
1 Sam. 1:4Le 7:15
1 Sam. 1:7De 16:16; 1Sa 2:18, 19
1 Sam. 1:9Ex 25:8; 1Sa 3:3; 2Sa 7:2
1 Sam. 1:10Pes. 55:22; 65:2
1 Sam. 1:11Ge 30:22
1 Sam. 1:11Nu 6:5
1 Sam. 1:15Pes. 42:6; 62:8; 142:2
1 Sam. 1:171Sa 1:11
1 Sam. 1:191Sa 1:1
1 Sam. 1:191Sa 1:11; Pes. 66:19; Pr 15:29
1 Sam. 1:20Ge 5:29; 41:51; Ex 2:21, 22; Mat 1:21
1 Sam. 1:211Sa 1:3
1 Sam. 1:22De 16:16
1 Sam. 1:221Sa 1:11; 2:11; 2Kr 31:16
1 Sam. 1:24Nu 15:8-10
1 Sam. 1:24Jos 18:1
1 Sam. 1:261Sa 1:15
1 Sam. 1:271Sa 1:11, 17; Pes. 66:19
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Samuele 1:1-28

Buka ya Pele ya Samuele

1 Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramathaime-zofime*+ e sebakeng se dithaba sa Efraime.+ Lebitso la hae e ne e le Elkana+ wa Moefraime* mora wa Jerohame, mora wa Elihu, mora wa Tohu, mora wa Zufe. 2 O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Anna mme lebitso la e mong e le Penina. Penina o ne a ena le bana empa Anna yena o ne a se na bana. 3 Monna eo o ne a tloha motseng wa habo selemo le selemo a ya Shilo ho ya rapela* Jehova wa mabotho le ho mo etsetsa sehlabelo.+ Ke hona moo bara ba babedi ba Eli e leng Hofni le Finease+ ba neng ba sebeletsa teng e le baprista ba Jehova.+

4 Ka letsatsi le leng ha Elkana a etsa sehlabelo, o ile a fa Penina mosadi wa hae ha mmoho le bara le baradi bohle ba hae dikarolo tsa sona+ 5 empa a fa Anna karolo e kgethehileng hobane o ne a mo rata. Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a sa fa Anna bana. 6 Ho ekelletsa moo, Penina e leng mosadi e mong o ne a dula a utlwisa Anna bohloko hobane Jehova a sa mo fa bana. 7 O ne a etsa jwalo selemo le selemo. Nako le nako ha Anna a ya ntlong ya Jehova,+ Penina o ne a mo utlwisa bohloko hoo a neng a lla a bile a sa je. 8 Monna wa hae Elkana a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je ebile o utlwile bohloko hakaale? Na ha ke bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”

9 Ha ba qetile ho ja le ho nwa Shilo, Anna a ema mme a tsamaya. Ka nako eo, moprista Eli o ne a dutse setulong se monyako wa tempele+ ya Jehova. 10 Anna o ne a utlwile bohloko haholo yaba o rapela Jehova+ a lla, a sa kgone le ho ithiba. 11 A etsa kano ena: “Jehova wa mabotho, e se eka o ka bona bohloko boo ke leng ho bona. Haeba o ka nkgopola mme wa fa nna lekgoba la hao ngwana wa moshanyana,+ ke tla o fa yena Jehova ka matsatsi ohle a bophelo ba hae mme ha ho mohla a tla kuta moriri.”*+

12 Ha a ntse a rapela ka nako e telele ka pela Jehova, Eli o ne a mo shebile molomong. 13 Anna o ne a buela ka pelong, lentswe la hae le sa utlwahale. Ke molomo wa hae feela o neng o thothomela. Ka hoo, Eli a nahana hore o tahilwe. 14 Eli a re ho yena: “O batlang moo o tahilwe hakaale? Tlohela ho nwa veine.” 15 Anna a re: “Tjhe morenaka, ke mosadi ya imetsweng haholo. Ha ke a nwa veine kapa jwala le ha e le bofe, ke mpa ke bolella* Jehova ka moo ke ikutlwang ka teng.+ 16 O se ke wa nahana hore ke mosadi ya se nang thuso hobane haesale ke rapela ho fihlela hona jwale ka ha ke imetswe haholo.” 17 Eli a re ho yena: “Tsamaya ka kgotso, e se eka Modimo wa Iseraele a ka o fa seo o se kopileng ho yena.”+ 18 Anna a re ho Eli: “Ke a leboha ka mosa oo o mpontshitseng wona.” Mosadi eo a tsamaya, a ja mme ha a ka a hlola a tshwenyeha.

19 Jwale lelapa lohle la tsoha hoseng la rapela Jehova mme ka mora moo la kgutlela ntlong ya lona e Rama.+ Elkana a robala le mosadi wa hae Anna mme Jehova a hopola thapelo ya Anna.+ 20 Ka mora nako e ka etsang selemo* Anna a ima, a tswala mora mme a mo reha+ Samuele* hobane o ile a re, “Ke mo kopile ho Jehova.”

21 Ka mora nako Elkana a tsamaya le lelapa lohle la hae ho ya etsetsa Jehova sehlabelo sa selemo le selemo+ le ho ya fana ka nyehelo ya hae ya boitlamo. 22 Empa Anna ha a ka a tsamaya le bona+ hobane o ile a re ho monna wa hae: “Ke tla tlisa moshanyana enwa ntlong ya Jehova* hang ha a se a kgwesitswe* mme o tla dula moo ho tloha ka nako eo ho ya pele.”+ 23 Monna wa hae Elkana a re ho yena: “Etsa seo o nahanang hore se molemo.* Dula hae ho fihlela o mo kgwesa. E se eka Jehova a ka phethahatsa seo o se buileng.” Ka hoo, Anna a dula hae mme a nna a nyantsha mora wa hae ho fihlela a mo kgwesa.

24 Hang ka mora hore a mo kgwese, a mo isa Shilo a nkile poho e dilemo di tharo, dilithara tse ka bang 22* tsa phofo le jeke e kgolo ya veine+ yaba o tlisa moshanyana wa hae ntlong ya Jehova e Shilo.+ 25 Ba hlaba poho eo mme ba tlisa moshanyana ho Eli. 26 Anna a re: “Ntshwarele, morenaka. Ke a o hlapanyetsa, ke nna mosadi yane ya neng a eme le wena mona ha ke ne ke rapela Jehova.+ 27 Ke ne ke rapela hore Jehova a mphe moshanyana enwa mme o ile a mpha seo ke ileng ka mo kopa sona.+ 28 Jwale ke mo fa* Jehova. Ke mo fa Jehova bophelo bohle ba hae.”

Yaba o* inamela Jehova moo.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share