Esaia
40 Modimo wa lona o re: “Tshedisang, tshedisang batho ba ka.+
Le mo bolelle hore nako ya mahlomola a hae e fedile,
Hore molato wa hae o lefuwe.+
Jehova o mo file kotlo e lekaneng hantle* bakeng sa dibe tsohle tsa hae.”+
3 Ho na le motho* ya hweletsang lefeelleng a re:
Etsang tsela e kgolo e otlolohileng+ bakeng sa Modimo wa rona lehwatateng.+
4 Kgohlo e nngwe le e nngwe e ke e phahamiswe
Mme thaba e nngwe le e nngwe le leralla di ke di theolwe.
Sebaka se kgorofo se batalatswe
Le sebaka se matsaranka e be phula.+
6 Mamela! E mong o re: “Hweletsa!”
E mong yena o re: “Ke hweletse ke reng?”
“Batho bohle* ke jwang bo botala.
Botshepehi* bohle ba bona bo tshwana le palesa ya naheng.+
Ka nnete batho ba itshwanela feela le jwang bo botala.
8 Jwang bo botala bo a omella,
Palesa e a pona
Empa lentswe la Modimo wa rona le tshwarella ka ho sa feleng.”+
Phahamisa lentswe la hao ka matla,
Wena mosadi ya tlisetsang Jerusalema ditaba tse monate.
Le phahamise, o se ke wa tshaba.
Tsebisa metse ya Juda o re: “Modimo wa lona ke enwa.”+
Moputso wa hae o ho yena.
Moputso oo a o lefang o ka pela hae.+
11 O tla hlokomela* mohlape wa hae jwalo ka modisa.+
O tla bokella dikonyana ka letsoho la hae
Mme o tla di beha sefubeng sa hae.
Tse anyesang madinyane a tsona o tla di tsamaisa hantle.+
13 Ke mang ya methileng* moya wa Jehova?
Ke mang ya ka mo fang ditaelo jwalo ka moeletsi wa hae?+
14 O botsitse mang e le hore a be le kutlwisiso?
Ke mang ya mo rutang tsela ya toka,
Ya mo rutang tsebo
Kapa ya mo bontshang tsela ya kutlwisiso ya nnete?+
O phahamisa dihlekehleke jwalo ka lerole le lesesaane.
16 Esita le difate tsa Lebanone ha di a lekana bakeng sa hore mollo o dule o tuka,*
Diphoofolo tsa yona tse hlaha ha di a lekana bakeng sa nyehelo ya setjheso.
17 Ho yena ditjhaba tsohle di tshwana le ntho e siyo.+
O di nka e se letho, e le ntho e se nang thuso.+
18 Le ka tshwantsha Modimo le mang?+
Keng eo le ka reng o tshwana le yona?+
19 Setsebi sa mosebetsi wa matsoho se etsa setshwantsho,*
Motho ya sebetsang ka tshepe o se penta ka kgauta+
Ebe o tea diketane tsa silevera.
O batla setsebi se hlwahlwa sa mosebetsi wa matsoho
Bakeng sa ho betla setshwantsho se ke keng sa wela.+
21 Na ha le tsebe?
Na ha le eso utlwe?
Na ha le a bolellwa ho tloha qalong?
Na ha le a utlwisisa ho tloha ha lefatshe le thehwa?+
O otlolla mahodimo jwalo ka lesela le lesesaane la boleng bo phahameng,
O a ala jwalo ka tente eo ho dulwang ho yona.+
23 O theolela balaodi ba phahameng maemong a tlase
Mme o etsa hore baahlodi* ba lefatshe e be ntho e se nang thuso.
24 Hang ka mora hore ba lengwe,
Hang ka mora hore ba jalwe,
Hang ka mora hore kutu ya bona e mele ka metso fatshe,
Ba a butswelwa ebe ba a omella.
Moya o ba fefola jwalo ka ditlhaka.+
25 Mohalaledi o re: “Le ka ntshwantsha le mang? Ke mang ya lekanang le nna?
26 Phahamisetsang mahlo lehodimong mme le bone.
Ke mang ya bopileng dintho tsee?+
Ke ya di etellang pele jwalo ka lebotho a bile a di bala kaofela,
E nngwe le e nngwe o e bitsa ka lebitso.+
Ka lebaka la matla a hae a maholo le matla a hae a hlollang,+
Ha ho le e nngwe ya tsona e siyo.
27 Wena Jakobo, wena Iseraele, ke hobaneng ha o re,
‘Tsela ya ka e patetswe Jehova
Mme ha ke a fumana toka ho tswa ho Modimo’?+
28 Na ha o tsebe? Na ha o a utlwa?
Jehova, Mmopi wa tsohle tse lefatsheng, ke Modimo ka ho sa feleng.+
Ha ho mohla a kgathalang kapa hona ho tepella.+
Kutlwisiso ya hae e ke ke ya fihlelwa.*+
30 Bashanyana ba tla kgathala mme ba tepelle,
Le bahlankana ba tla kgoptjwa ba we
31 Empa ba tshepileng Jehova ba tla fumana matla hape.
Ba tla fofela hodimo ka mapheo a kang a ntsu.+
Ba tla matha mme ba ke ke ba tepella,
Ba tla tsamaya mme ba ke ke ba kgathala.”+