Kosepele ya Luka
17 Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Dintho tse dihelang batho sebeng di tla dula di le teng empa ho madimabe motho eo di tlang ka yena. 2 Ho ka ba molemo haholo hore lelwala le tlamellwe molaleng wa motho eo ebe o lahlelwa ka lewatleng ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng.+ 3 Ka hoo le itlhokomele. Haeba ngwaneno a etsa sebe o mo kgalemele,+ haeba a baka o mo tshwarele.+ 4 Le ha a ka ba a o sitelwa ka makgetlo a supileng ka letsatsi ebe o kgutlela ho wena ka makgetlo ao a supileng a re o mo tshwarele, o fele o mo tshwarele.”+
5 Baapostola ba re ho Morena: “Re thuse ho ba le tumelo e matla.”+ 6 Morena a re: “Haeba le ne le ena le tumelo e lekanang le peo ya mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotshwai o motsho: ‘Tloha mona o yo mela ka lewatleng’ ebe se a le mamela.+
7 Haeba o ena le lekgoba le lemang kapa le disang, na ha le tswa masimong o ka re ho lona: ‘Phakisa o tlo dula tafoleng o je’? 8 Kapa o tla re: ‘Nketsetse dijo tsa mantsiboya, o apare foreskoto ebe o mpha dintho tseo ke di hlokang ho fihlela ke qetile ho ja le ho nwa. Ka mora moo, o ka ja wa nwa’? 9 O ke ke wa leboha lekgoba leo hobane feela le entse dintho tseo o itseng le di etse. 10 Ka hoo, le lona ha le entse dintho tsohle tseo ho itsweng le di etse, le re: ‘Re makgoba a se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’”+
11 Ha Jesu a le tseleng e yang Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galilea. 12 Yare ha a kena motseng o mong, banna ba leshome ba nang le lepera ba mo bona empa ba emella hole.+ 13 Yaba ba a hweletsa ba re: “Jesu, Mosuwe, re hauhele!” 14 Ha a ba bona a re ho bona: “Tsamayang le ye ho baprista ba le bone.”+ Ha ba sa le tseleng, ba fola.+ 15 Ha e mong wa bona a bona hore o fodile, a kgutla, a hweletsa a rorisa Modimo, 16 a kgumama ka pela Jesu a mo leboha. Monna eo e ne e le Mosamaria.+ 17 Yaba Jesu o re: “Ha ho fodisitswe batho ba leshome, ba robong ba kae? 18 E le hore ke monna eo feela wa moditjhaba ya kgutlileng ho tla tlotlisa Modimo?” 19 Yaba o re ho monna eo: “Ema o tsamaye, tumelo ya hao e o fodisitse.”+
20 Bafarisi ba ile ba botsa Jesu hore na Mmuso wa Modimo o tla neng+ yaba o re ho bona: “Ha Mmuso wa Modimo o tla, ha se batho bohle ba tla hlokomela 21 ebile ha ho na motho ya tla re, ‘Ke ona mona!’ kapa, ‘Ke wane!’ Hobane Mmuso wa Modimo o hara lona.”+
22 Yaba o re ho barutuwa: “Ho na le nako eo le tla batla hore Mora motho a fihle le ntse le phela empa ho ke ke ha etsahala jwalo. 23 Batho ba tla re ho lona, ‘Bonang ke enwa!’ kapa, ‘Bonang ke yane!’ Le se ke la tswa kapa la matha ka mora bona.+ 24 Etswe feela jwalo ka ha lehadima le tsekema ho tloha karolong e nngwe ya lehodimo ho ya ho e nngwe, ha Mora motho+ a eba teng ho tla ba jwalo.+ 25 Empa pele o tla hloriswa hampe le ho lahlwa ke batho ba moloko ona.+ 26 Ho feta moo, ha Mora motho a eba teng,+ ho tla tshwana le mehleng ya Noe.+ 27 Batho ba ne ba ja, ba nwa, banna ba nyala le basadi ba nyadiswa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona+ yaba Morwallo o a fihla o ba bolaya kaofela.+ 28 Hape ho tla tshwana le mehleng ya Lota.+ Batho ba ne ba ja, ba nwa, ba reka, ba rekisa, ba lema ba bile ba haha. 29 Empa letsatsing leo Lota a ileng a tswa Sodoma ka lona, mollo le sebabole di ile tsa theoha lehodimong tsa ba timetsa kaofela.+ 30 Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora motho a iponahatsang ka lona.+
31 Letsatsing leo, motho ya ka hodima ntlo eo thepa ya hae e leng ka tlung a se ke a theoha ho ya e nka le motho ya ileng masimong a se ke a kgutlela morao. 32 Hopolang mosadi wa Lota.+ 33 Mang kapa mang ya lekang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla fellwa ke bona. Empa mang kapa mang ya shwang ka lebaka la ka, o tla phela hape.+ 34 Ke a le jwetsa, bosiung boo batho ba babedi ba tla be ba le betheng e le nngwe, e mong o tla nkuwa, e mong a siuwe.+ 35 Basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng le le leng, e mong o tla nkuwa, e mong a siuwe.” 36 * —— 37 Ka hoo ba re ho yena: “Hokae Morena?” A re ho bona: “Moo ho nang le setopo, dintsu di tla bokana teng.”+