Kosepele ya Johanne
11 Monna ya bitswang Lazaro o ne a kula. O ne a dula Bethani le dikgaitsedi tsa hae Maria le Maretha.+ 2 Maria ke yena ya ileng a tlotsa Morena ka oli e nkgang ha monate a ba a mo hlakola maoto ka moriri wa hae.+ Ke yena eo kgaitsedi ya hae Lazaro e neng e kula. 3 Dikgaitsedi tsa Lazaro tsa romella Jesu molaetsa o reng: “Morena, motswalle wa hao eo o mo ratang o a kula.” 4 Ha Jesu a utlwa molaetsa ona a re: “Bokudi bona ha bo felle ka lefu empa bo tla fella ka hore Modimo a roriswe+ e le hore Mora wa Modimo a ka tlotliswa ka bona.”
5 Jesu o ne a rata Maretha, Maria le Lazaro. 6 Ha a utlwa hore Lazaro o a kula, a qeta matsatsi a mang a mabedi a dutse moo a neng a le teng. 7 Ka mora moo, a re ho barutuwa ba hae: “A re kgutleleng Judea.” 8 Barutuwa ba re ho yena: “Rabi,+ haufinyane tjena batho ba Judea ba ne ba batla ho o tlepetsa ka majwe,+ jwale o batla ho kgutlela moo?” 9 Jesu a re: “Ho na le dihora tse 12 tsa motshehare.+ Ha motho a tsamaya motshehare, ha a thule letho hobane o bona lesedi la lefatshe lena. 10 Empa ha motho a tsamaya bosiu, o a kgoptjwa hobane lesedi ha le yo ho yena.”
11 A boela a re: “Motswalle wa rona Lazaro o robetse+ empa ke yo mo tsosa.” 12 Barutuwa ba re: “Morena, haeba o robetse o tla fola.” 13 Empa Jesu o ne a bolela hore Lazaro o shwele. Bona ba ne ba nahana hore o re o mpa a ithobaletse feela. 14 Ka hoo Jesu a ba hlakisetsa a re: “Lazaro o shwele.+ 15 Ke thabile hore ebe ke ne ke le siyo hobane ntho eo ke tlo e etsa e tla matlafatsa tumelo ya lona. A re yeng ho yena.” 16 Thomase ya neng a bitswa Lefahla a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng e le hore re ka shwa le yena.”+
17 Jesu o fihlile Lazaro a se a qetile matsatsi a mane ka lebitleng.* 18 Bethani e ne e le bohole ba dikhilomithara tse ka bang tharo* feela ho tloha Jerusalema. 19 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maria le Maretha ho ba tshedisa ka ha kgaitsedi ya bona e ne e shwele. 20 Ha Maretha a utlwa hore Jesu o tseleng, a mo kgahlanyetsa. Maria+ yena a sala hae. 21 Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa. 22 Empa ke ntse ke dumela hore Modimo o tla o fa dintho tsohle tseo o di kopang.” 23 Jesu a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” 24 Maretha a re: “Ke a tseba hore o tla tsoha mohla tsoho ya bafu+ ka letsatsi la ho qetela.” 25 Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo.+ Ya bontshang hore o dumela ho nna, le ha a ka shwa o tla boela a phele. 26 Batho bohle ba bontshang hore ba dumela ho nna ba ke ke ba shwa.+ Na o dumela taba ee?” 27 A re ho yena: “E, Morena, ke a dumela hore ke wena Kreste Mora wa Modimo, eo ho profetilweng hore o tla tla lefatsheng.” 28 Ha Maretha a qeta ho tjho jwalo, a tsamaya a bitsetsa Maria ngwanabo lekunutung a re: “Mosuwe+ o teng o a o bitsa.” 29 Ha Maria a utlwa ditaba tsena a phakisa a ya ho yena.
30 Jesu o ne a eso kene motseng. O ne a ntse a le sebakeng seo Maretha a ileng a mo kgahlanyetsa ho sona. 31 Bajuda ba neng ba ena le Maria ka tlung ba mo tshedisa, ba mo sala morao ha ba bona a tswa a potlakile. Ba ne ba nka hore o ya lebitleng+ o yo llela teng. 32 Ha Maria a fihla ho Jesu, a kgumama ka pela hae yaba o re: “Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” 33 Ha Jesu a bona Maria le Bajuda ba tlileng le yena ba lla, a utlwa bohloko haholo mme a kgathatseha. 34 A re: “Le mo behile kae?” Ba re: “Morena, tlo bone.” 35 Jesu a ntsha meokgo.+ 36 Ha Bajuda ba bona a lla ba re: “O ne a mo rata hakaakang!” 37 Ba bang ba re: “Monna eo ya butseng mahlo a motho ya foufetseng+ o sitilwe keng ho etsa hore Lazaro a se ke a shwa?”
38 Jesu a ya lebitleng a utlwile bohloko haholo. Lebitla leo e ne e le lehaha mme le ne le kwetswe ka lejwe. 39 A re: “Tlosang lejwe leo.” Maretha kgaitsedi ya mofu a re ho yena: “Morena, e tlameha ebe o se a nkga hobane o se a ena le matsatsi a mane a shwele.” 40 Jesu a re: “Na ha ke a o bolella hore ha o ka dumela o tla bona matla a Modimo?”+ 41 Ba tlosa lejwe leo yaba Jesu o sheba hodimo+ o re: “Ntate, ke a o leboha ka hore ebe o nkutlwile. 42 Ke a tseba hore ka mehla o a nkutlwa empa ke buile ka lebaka la batho bana ba mpotapotileng e le hore ba ka dumela hore o nthomile.”+ 43 Ka mora moo, a hweletsa a re: “Lazaro, tswa!”+ 44 Lazaro a tswa a thatetswe maoto le matsoho ka masela le sefahleho sa hae se ne se thatetswe ka lesela. Jesu a re: “Thatollang masela ao le mo tlohele a tsamaye.”
45 Bajuda ba bangata ba neng ba tlile ho Maria le ba boneng hore na Jesu o entseng ba dumela ho yena.+ 46 Ba bang bona ba ya ho Bafarisi ba ba bolella hore na Jesu o entseng. 47 Yaba baprista ba baholo le Bafarisi ba bokella Lekgotla le Phahameng la Bajuda* mme ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata hakaale?+ 48 Ha re ka mo tlohela a itswella pele ka tsela ena, batho bohle ba tla dumela ho yena ebe Baroma ba a tla ba hapa tempele* le setjhaba sa rona.” 49 Hara bona ho ne ho ena le monna ya bitswang Kaifase+ eo e neng e le moprista ya phahameng selemong seo. A re ho bona: “Lona ha ho na ntho eo le e tsebang. 50 Ha le bone hore ho molemong wa lona hore motho a le mong a shwele setjhaba ho ena le hore setjhaba kaofela se fediswe?” 51 Ha a tjho jwalo o ne a sa iqapele. Ka ha e ne e le moprista ya phahameng selemong seo, o ne a profeta hore Jesu o tshwanetse ho shwela setjhaba. 52 O ne a sa lokela ho shwela setjhaba feela empa o ne a lokela ho bokella le bana ba Modimo ba qhalakaneng hore ba momahane. 53 Ka hona, ho tloha mohlang oo ba rera ho mo bolaya.
54 Ka lebaka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya moo Bajuda ba mo bonang. A tloha moo ho ya sebakeng se haufi le lefeella, motseng o bitswang Efraime+ mme a dula moo le barutuwa. 55 Mokete wa Bajuda wa Paseka+ o ne o le haufi. Batho ba bangata ba tswang mahaeng ba nyolohela Jerusalema pele ho Paseka e le hore ba itlhwekise ho ya ka Molao wa Moshe. 56 Ha ba le tempeleng ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba re: “Le bona jwang? Le nahana hore a ke ke a tla moketeng?” 57 Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore motho ya ka tsebang hore na Jesu o hokae a tlalehe e le hore ba ka mo tshwara.