Genese
29 Jakobo a tswela pele ka leeto la hae mme a ya naheng ya batho ba Botjhabela. 2 A bona sediba tshimong le dihlopha tse tharo tsa dinku di bothile pela sona. Badisa ba ne ba tlwaetse ho nwesa diphoofolo sedibeng seo. Ho ne ho ena le lejwe le leholo le neng le kwahetse sediba. 3 Ha diphoofolo tsohle di bokelletswe moo, badisa ba tlosa lejwe le neng le kwahetse sediba yaba ba nwesa diphoofolo, ka mora moo ba le kgutlisetsa hodima sediba.
4 Jakobo a re ho bona: “Bana beso le tswa hokae?” Ba re: “Re tswa Harane.”+ 5 A re ho bona: “Na le tseba Labane+ setloholo sa Nakore?”+ Ba re: “Re a mo tseba.” 6 A re ho bona: “Na o ntse a ya hantle?” Ba re: “O ntse a ikela hantle ebile moradi wa hae Ragele+ ke enwa o tla le dinku.” 7 Jakobo a re: “E ntse e le motshehare. Ha se nako ya ho bokella diphoofolo. Nwesang dinku mme ka mora moo le di fudise.” 8 Ba re: “Ha re a dumellwa ho etsa jwalo ho fihlela diphoofolo tsohle di bokelletswe mme ho tlositswe lejwe le hodima sediba. Ka mora moo re ka nwesa dinku.”
9 Ha a ntse a bua le bona, Ragele a tla le dinku tsa ntate wa hae ka ha e ne e le modisa. 10 Ha Jakobo a bona Ragele moradi wa malome wa hae Labane le dinku tsa Labane, Jakobo a atamela ka potlako mme a tlosa lejwe hodima sediba yaba o nwesa dinku tsa malome wa hae Labane. 11 Jakobo a suna* Ragele yaba o a lla. 12 Jakobo a bolella Ragele hore ke motjhana wa* ntate wa hae le hore ke mora wa Rebeka. Ragele a matha a yo bolella ntate wa hae.
13 Hang ha Labane+ a utlwa hore motjhana wa hae Jakobo o teng, a matha hore a yo kopana le yena. A mo haka a ba a mo suna mme a mo tlisa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane dintho tsohle tse etsahetseng. 14 Labane a re ho yena: “O lesapo la ka le nama ya ka.”* A dula le yena kgwedi kaofela.
15 Labane a re ho Jakobo: “Na o tla ntshebeletsa mahala hobane feela o le motjhana wa ka?*+ Mpolelle, o batla ke o patale ka eng?”+ 16 Labane o ne a ena le baradi ba babedi. Lebitso la e moholo e ne e le Lea mme la e monyenyane e le Ragele.+ 17 Lea o ne a se motle hakaalo* empa Ragele o ne a le motle haholo a bile a kgahleha. 18 Jakobo o ne a rata Ragele, ka hoo a re: “Ke ikemiseditse ho o sebeletsa dilemo tse supileng bakeng sa moradi wa hao e monyenyane Ragele.”+ 19 Labane a re: “Ho molemo hore ke o fe yena ho ena le hore ke mo fe monna e mong. Tswela pele o dula le nna.” 20 Jakobo a sebeletsa Labane ka dilemo tse supileng bakeng sa Ragele+ empa ho yena e ne eka ke matsatsi a seng makae feela hobane o ne a mo rata.
21 Jakobo a re ho Labane: “Mphe mosadi wa ka ke robale le yena hobane ke qetile ho o sebeletsa.” 22 Labane a bitsa banna bohle ba sebaka seo mme a etsa mokete. 23 Ka shwalane a kgetha ho nka moradi wa hae Lea mme a mo tlisa ho Jakobo hore a robale le yena. 24 Labane a ba a fa moradi wa hae Lea mosebeletsi ya bitswang Zilpa.+ 25 Hoseng Jakobo a bona hore e ne e le Lea. A re ho Labane: “Ke hobaneng ha o nkentse tjee? Na ha ke a o sebeletsa bakeng sa Ragele? Ke hobaneng ha o nqhekelletse?”+ 26 Labane a re: “Sebakeng sena ha ho a tlwaeleha hore ho fanwe ka ngwanana e monyenyane pele ho e moholo. 27 Qeta beke ya letjhato le Lea. Ka mora moo, o tla fuwa le Ragele ebe o ntshebeletsa dilemo tse ding tse supileng.”+ 28 Jakobo a etsa jwalo mme a dula le ngwanana eo beke kaofela, ka mora moo a mo fa Ragele moradi wa hae hore e be mosadi wa hae. 29 Ntle ho moo, Labane a fa moradi wa hae Ragele mosebeletsi+ ya bitswang Bilha.+
30 Jakobo a robala le Ragele empa o ne a rata Ragele ho feta Lea yaba o sebeletsa Labane dilemo tse ding tse supileng.+ 31 Ha Jehova a bona hore Lea ha a ratwe,* a mo thusa hore a ime*+ empa Ragele yena o ne a sa kgone ho ba le bana.+ 32 Lea a ima mme a ba le mora yaba o mo reha Rubene*+ hobane o ile a re: “Ke hobane Jehova o bone mesarelo ya ka,+ jwale monna wa ka o tla nthata.” 33 Lea a boela a ima mme a ba le mora yaba o re: “Ke hobane Jehova o utlwile hore ke ne ke sa ratwe mme o mphile le enwa.” A mo reha Simeone.*+ 34 A ima hape mme a ba le mora yaba o re: “Lekgetlong lena monna wa ka o tla nkgomarela hobane ke mo tswaletse bara ba bararo.” A rehwa Levi.*+ 35 A ima hape mme a ba le mora yaba o re: “Lekgetlong lena ke tla rorisa Jehova.” A mo reha Juda.*+ Ka mora moo a kgaotsa ho ba le bana.