Kosepele ya Luka
6 Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaya hara masimo a koro* ka sabatha, barutuwa ba hae ba kga koro,+ ba e hohla ka matsoho yaba ba a e ja.+ 2 Bafarisi ba bang ba re: “Ke hobaneng ha le etsa ntho eo le sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?”+ 3 Jesu a re ho bona: “Na ha le a ka la bala hore na Davida o ile a etsang ha yena le banna ba neng ba ena le yena ba lapile?+ 4 Hore o ile a kena ka tlung ya Modimo yaba ba ja bohobe bo halalelang* boo molao o sa dumelleng mang kapa mang ho bo ja haese baprista feela?”+ 5 Yaba o re ho bona: “Mora motho ke Morena wa Sabatha.”+
6 Ka le leng hape ha e le sabatha+ a kena ka tlung ya thapelo* yaba o qala ho ruta. Ho ne ho ena le monna ya omeletseng* letsoho le letona.+ 7 Bangodi le Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla fodisa monna eo ka Sabatha e le hore ba fumane lebaka la ho mo qosa. 8 Ka ha o ne a tseba hore na ba nahanang,+ a re ho monna ya omeletseng* letsoho: “Phahama o eme bohareng mona.” A phahama a ema moo. 9 Jesu a re ho bona: “Mpolelleng, na molao o dumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaya?”+ 10 A ba ya ka mahlo kaofela yaba o re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A etsa jwalo yaba le a fola. 11 Ba halefa yaba ba a buisana hore na ba ka etsang ka Jesu.
12 Ka letsatsi le leng, Jesu a ya thabeng ho ya rapela Modimo,+ a qeta bosiu moo a ntse a rapela.+ 13 Yare ha e eba motshehare, a bitsa barutuwa ba hae yaba o kgetha ba 12 o ba bitsa baapostola. Bona ke:+ 14 Simone eo a ileng a mo bitsa Petrose le Andrease ngwanabo, Jakobo, Johanne, Filipi,+ Bartholome, 15 Matheu, Thomase,+ Jakobo mora wa Alfiase, Simone ya bitswang “ya tjhesehang,” 16 Judase mora wa Jakobo le Judase Iskariota eo qetellong a ileng a mo rekisa.*
17 Yaba o theoha thabeng le bona mme o ema sebakeng se motsitsa. Letshwele le leholo la barutuwa ba hae le ne le le teng ha mmoho le batho ba bangata ba tswang hohle Judea, Jerusalema le sebakeng se lebopong la lewatle sa Tire le Sidone. Ba ne ba tletse ho tla mo mamela le ho fodiswa. 18 Esita le ba kgathatswang ke bademona ba ne ba phekolwa. 19 Ha batho ba ne ba mo tshwara, matla a ne a tswa ho yena+ ebe ba a fola. Ka hoo, batho kaofela ba ne ba batla ho mo tshwara.
20 Yaba o sheba barutuwa ba hae o re:
“Ho thaba lona bafutsana hobane Mmuso wa Modimo ke wa lona.+
21 Ho thaba lona ba lapileng hona jwale hobane le tla kgoriswa.+
Ho thaba lona ba llang hona jwale hobane le tla tsheha.+
22 Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloya,+ ba le kgetholla,+ ba le rohaka ba bile ba re le kgopo ka lebaka la Mora motho. 23 Ka letsatsi leo le thabe, le tlolatlole ke thabo hobane moputso wa lona o moholo mahodimong ka ha ke tsona dintho tseo baholoholo ba bona ba neng ba di etsa ho baprofeta.+
24 Empa ho madimabe lona barui+ hobane le se le amohetse matshediso a lona a feletse.+
25 Ho madimabe lona ba kgotsheng hobane le tla lapa.
Ho madimabe lona ba tshehang hobane le tla utlwa bohloko le lle.+
26 Ho madimabe lona neng kapa neng ha batho ba le bua hantle+ hobane baholoholo ba bona ba entse jwalo ka baprofeta ba bohata.
27 Empa nna ke re ho lona ba mametseng, le nne le rate dira tsa lona, ba le hloileng le ba etse hantle,+ 28 le kope Modimo hore a hlohonolofatse ba le lakaletsang bomadimabe hape le rapelle ba le rohakang.+ 29 Ya o otlang lerameng, o mo nehe le leng hape mme ya o amohang seaparo sa hao o mo tlohele a nke le se seng.+ 30 Ha motho a o kopa ntho o mo fe,+ le ya nkang dintho tsa hao o se ke wa re a di kgutlise.
31 Hape le etse batho dintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.+
32 Thuso ke efe haeba le rata batho ba le ratang feela? Etswe le baetsadibe ba etsa ntho e tshwanang.+ 33 Ho na le molemo ofe haeba le thusa ba le thusang feela? Etswe le baetsadibe ba etsa ntho e tshwanang. 34 Hape ho na le thuso efe haeba le adima* feela bao le nahanang hore ba tla le patala?+ Le baetsadibe ba adima baetsadibe ba bang hobane ba nahana hore ba tla patala sohle seo ba se kolotang. 35 Empa lona le nne le rate dira tsa lona, le etse dintho tse lokileng le be le adime batho le sa lebella hore ba le patale.+ Moputso wa lona o tla ba moholo mme le tla ba bara ba Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba sa lokang.+ 36 Tswelang pele ho ba mohau feela jwalo ka ha Ntate wa lona a le mohau.+
37 Kgaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahlolwa.+ Hape le kgaotse ho tshwaya ba bang diphoso e le hore le lona le se ke la tshwauwa diphoso. Le tshwarele* batho ba bang e le hore le lona le tshwarelwe.*+ 38 Itlwaetseng ho fana mme batho ba tla le fa.+ Ba tla tshela tekanyo e kgolo ka mamenong a diaparo tsa lona, ba e hatelle, ba e hlokohle e be e tsholohe. Batho ba tla le tshwara ka tsela eo le ba tshwarang ka yona.”*
39 A ba etsetsa papiso e nngwe hape a re: “Na batho ba babedi ba sa boneng ba ka tataisana? Haeba ba ka etsa jwalo, ba tla wela ka sekoting ba le babedi.+ 40 Morutuwa ha a phahamela mosuwe wa hae empa e mong le e mong ya rupetsweng hantle o tla ba jwalo ka mosuwe wa hae. 41 Ke hobaneng ha o sheba lehlokwana le ka leihlong la ngwaneno empa wena o sa bone lepolanka* le ka leihlong la hao?+ 42 Ke jwang o ka reng ho ngwaneno: ‘Ngwaneso, ere ke ntshe lehlokwana le ka leihlong la hao’ empa wena o sa bone lepolanka le ka leihlong la hao? Wena moikaketsi, ntsha lepolanka le ka leihlong la hao pele, o tsebe ho bona hantle hore na o ka ntsha lehlokwana le ka leihlong la ngwaneno jwang.
43 Sefate se setle se ke ke sa hlahisa ditholwana tse bodileng, se bodileng se ke ke sa hlahisa ditholwana tse ntle.+ 44 Ka ha sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.+ Batho ha ba bokelle difeie* kapa morara sehlahleng se meutlwa. 45 Motho ya lokileng o bua dintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ya hae e ntle empa motho ya kgopo o bua dintho tse mpe hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ya hae e mpe. Motho o bua dintho tse tletseng ka pelong ya hae.+
46 Ke hobaneng ha le mpitsa Morena empa le sa mmamele?+ 47 Motho e mong le e mong ya tlang ho nna, a utlwa mantswe a ka a bile a a phetha+ 48 o tshwana le monna eo e reng ha a haha ntlo a tjheke ho ya tlase ebe o e haha hodima letlapa. Ha morwallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo empa ha a ka a e sisinya hobane e ne e hahilwe hantle.+ 49 Athe ya utlwang empa a sa phethe,+ o tshwana le motho ya ileng a haha ntlo mobung e se na motheo. Ha morwallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo mme ya wa hanghang, ya senyeha hampe.”